Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Bafu ba ka Thusa ba Phelang?

Na Bafu ba ka Thusa ba Phelang?

Na Bafu ba ka Thusa ba Phelang?

TAMBA, e leng mohlankana e mong oa Afrika Bophirimela, o ne a le haufi le ho ngola litlhahlobo tsa hae sekolong. * ’Mè oa hae o ile a tsitlella hore o hloka thuso ea balimo ba habo e le hore a atlehe. Bahahlauli ba etela Palermo, Sicily, ho ea bona mabitla a entsoeng ka tlas’a lefatše a litopo tse makholo tse bolokiloeng hantle moo batho ba ka li bonang. Ba bang ba nahana hore litopo tsena tseo ho entsoeng hore li se ke tsa bola li sireletsa ba phelang. Selemo le selemo, batho ba etela Lily Dale, e leng motse o ka bophirimela ho New York State, U.S.A., oo ho thoeng o na le batho ba bangata ka tsela e sa tloaelehang ba buisanang le bafu. Batho ba etela mona ka tšepo ea hore ba tla buisana le beng ka bona le metsoalle e shoeleng, ba tsebe ho ba thusa.

Lefatšeng ka bophara batho ba ntse ba lumela hore bafu ba ka thusa ba phelang. Uena u nahana joang? Mohlomong u rutiloe seo kapa u tloaelane le batho ba lumelang seo. Ke ntho ea tlhaho ho hloloheloa batho bao re ba ratang ba seng ba hlokahetse. Batho ba buisanang le bafu ba re ba ka u kopanya le bona. Motho e mong ea buisanang le bafu o ile a qotsoa koranteng ea Time ha a ne a re meea ea bafu “e lula e ikemiselitse ho thusa haeba e kōpuoa.” Na seo ke ’nete? Na ka sebele bafu ba ka thusa ba phelang? Karabelo e hlakileng ea Bibele e ka ’na ea u makatsa.

Na ho na le Moo Bafu ba Ntseng ba Phela Teng?

Bibele e hlalosa boemo ba bafu ka tsela e hlakileng le eo ho leng bonolo ho e utloisisa. Hlokomela hore Moeklesia 9:5 e re: “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” Na ho ka etsahala hore bafu ba ikutloe ka tsela e itseng? Temana ea 6 ea araba: “Lerato la bona le lehloeo la bona le poulelo ea bona li se li timetse, ’me ha ba sa hlola ba e-ba le kabelo nthong leha e le efe e lokelang ho etsoa tlas’a letsatsi ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Hlokomela hape hore temana ea 10 ea khaolo eona eo e bontša hore “ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole, e leng sebaka seo u eang ho sona.” “Sheole,” e leng lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng mona le bolela “lebitla le tloaelehileng la batho.” Ntho e thahasellisang ke hore lentsoe le tšoanang le leo la Segerike e leng “Hades,” le sebelisoa ka Mangolong ha ho buuoa ka sebaka seo Jesu Kreste a ileng a ea ho sona ka nakoana ka mor’a hore a shoe.—Liketso 2:31.

Jesu o ile a thusa batho ba bangata ha a ntse a phela, empa o ne a tseba hore o lokela ho shoa. Na o ne a lebeletse hore o tla ’ne a khone ho thusa batho ha a ntse a le ka lebitleng? Che. O ile a tšoantša lefu la hae le neng le atametse le nako ea bosiu, eo mosebetsi o seng o ke ke oa etsoa. (Johanne 9:4) Jesu o ne a tseba hantle hore ha batho ba khaotsa ho phela, “ha ba na matla lefung.”—Esaia 26:14.

Jesu o ile a boela a etsa papiso e neng e bontša maikutlo a tšoanang ka lefu. Ha motsoalle oa hae Lazaro a e-shoa, Jesu o ile a tšoantša lefu le boroko. (Johanne 11:11-13) Ka sebele ha ho mohla re lebellang hore motho ea robetseng a re thuse. Motho ea robetseng ha a tsebe letho, a ke ke a khona ho thusa motho.

Na Moea ha o Shoe?

Batho ba bangata ba rutiloe hore moea ha o shoe. Bibele e ruta se fapaneng le seo. Buka ea pele ea Bibele, Genese, ea re bolella hore na moea ke eng. Genese 2:7 e bolela hore ha motho oa pele a ne a bōptjoa, e ile “ea e-ba moea o phelang.” Motho ka boeena ke moea, liphoofolo le tsona ke meea. (Genese 1:20-25) Kahoo, ha e le hantle ha motho a e-shoa kapa eona phoofolo, moea oa shoa. Bibele e tiisa sena.—Ezekiele 18:4.

Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba botsa: ‘Joale ke hobane’ng ha ho e-na le lipale tse ngata tsa batho ba buisang le bafu, ba utloang mantsoe a bona kapa ba hlileng ba ba bonang?’ Lipale tseo li tloaelehile libakeng tse ngata. Li fa batho ba shoetsoeng ke beng ka bona kapa metsoalle e haufi tšepo, li etsa hore ba bangata ba e’o kōpa thuso ho batho ba reng bona ba khona ho buisana le bafu.

Na lipale tseo ke ’nete? Haeba ho joalo, na seo se tla be se sa hanane le mantsoe a Bibele a boletsoeng holimo? Kreste Jesu o ile a hlalosa hore Lentsoe la Molimo ke ’nete. (Johanne 17:17) ’Nete ha e ikhanyetse. Ha e le hantle ho na le tataiso e fanoang ka Bibeleng e bontšang hore na re lokela ho talima taba ea hore bafu ba ka thusa ba phelang joang. Bibele e re bolella ka motho e mong ea ileng a leka ho batla thuso ho bafu. Ha u bala tlaleho ena ka hloko u tla fumana seo e hlileng e leng ’nete.

Morena o Kōpa Thuso ho Bafu

E ne e le nakong ea ntoa karolong e ka leboea ea Iseraele. Morena Saule le lebotho la hae ba ne ba tjamelane le lebotho le tšosang la Bafilista. Ha Saule a bona kampo ea Bafilista, “pelo ea hae ea qala ho thothomela haholo.” Nakong ena ha Saule e ntse e le morena, o ne a furaletse borapeli ba ’nete. Ka lebaka leo, Jehova ha aa ka a mo arabela ha a mo kōpa thuso. Joale Saule o ne a tla kōpa thuso ho mang? Moprofeta oa Molimo, Samuele, o ne a shoele.—1 Samuele 28:3, 5, 6.

Saule o ile a kōpa thuso ho motho ea buisanang le bafu oa Ene-dore. O ile a kōpa motho eo hore a mo ‘nyollele Samuele’ bafung. Motho eo o ile a mo hlahisetsa pono e kang ea motho. Motho eo e kang ke Samuele o ile a bolella Saule hore Bafilista ba tla hlōla, ’me Saule le bara ba hae ba tla bolaoa ntoeng eo. (1 Samuele 28:7-19) Na e ne ehlile e le Samuele ea nyolohileng bafung?

Ak’u nahane ka taba ena hantle. Bibele e bolela hore motho ha a shoa “o khutlela lerōleng la hae” le hore “menahano ea hae ea timela.” (Pesaleme ea 146:4) Saule le Samuele ba ne ba tseba hantle hore Molimo o nyatsa batho ba ikopanyang le batho ba buisanang le bafu. Etsoe pejana Saule o ne a ile a etella pele ha ho ne ho tlosoa lintho tse sebelisanang le meea naheng eo.—Levitike 19:31.

Ak’u ipotse: Haeba Samuele e ne e le moea o neng o ntse o phela, na o ne a tla tlōla molao oa Molimo ebe o sebelisana le motho ea buisanang le bafu e le hore a kopane le Saule? Jehova o ne a hanne ho bua le Saule. Na ho ne ho ka etsahala hore motho ea buisanang le bafu a qobelle Molimo ea Matla ’Ohle hore a bue le Saule a sebelisa Samuele ea shoeleng? Che. Ka ho hlakileng, motho eo ea neng a shebahala eka ke Samuele, e ne e se moprofeta oa Molimo ea tšepahalang. E ne e le sebōpuoa sa moea, e leng modemona ea khopo ea ileng a iketsa eka ke Samuele.

Bademona ke mangeloi a ileng a fetohela bolaoli ba Molimo nakong eo motho a neng a qala ho phela lefatšeng. (Genese 6:1-4; Juda 6) Bademona bana ba sheba batho ha ba ntse ba phela; baa tseba hore na e mong le e mong o bua joang, o shebahala joang ebile o etsa lintho joang. Ba chesehela hore batho ba be le maikutlo a hore seo Bibele e se buoang ke leshano. Hase feela Bibele e re lemosang hore re se ke ra itsoakanya le makhotla ao a moea! (Deuteronoma 18:10-12) Meea ena e khopo e ntse e le teng le kajeno.

Joale re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha batho ba bangata ba re ba “utloile” kapa ba “bone” batho bao ba ba ratang ba shoeleng. Le hoja ka linako tse ling batho bao ba ka bonahala eka ba molemo, ha e le hantle morero oa meea e khopo ke ho thetsa batho. * (Baefese 6:12) Hape nahana ka taba ena: Jehova ke Molimo ea lerato ea re tsotellang. Haeba ho ne ho e-na le moo bafu ba phelang teng ’me ba ka thusa metsoalle ea bona le ba lelapa, na ’Mōpi oa rōna ea lerato o ne a ka re hanela ha re buisana le bona ebe o re ke ntho e “manyala”? Ka sebele ha ho joalo! (1 Petrose 5:7) Joale na ho na le ntho eo re ka e tšepang e ka re thusang?

Thuso ea Sebele Bakeng sa ba Phelang Hammoho le Bafu

Ho latela se tšohliloeng ka holimo, rea utloisisa hore bafu ha ba na matla a ho thusa ba phelang. Ho feta moo, ntle le hore ha ho thuse ho batla thuso ho bafu, ho boetse ho kotsi haholo kaha ho khahlanong le molao oa Molimo ebile ho ka etsa hore bademona ba re laole.

Bibele e re bolella hore re batle thuso Mohloling o tšepahalang ka ho fetisisa—e leng ’Mōpi oa rōna, Jehova. A ka re lopolla esita le lefung. (Pesaleme ea 33:19, 20) Le kajeno o ikemiselitse ho re thusa. Kahoo, o re fa tšepo ea sebele, ho fapana le ea bohata e fanoang ke ba sebelisanang le meea.

Tamba ea boletsoeng selelekeleng, o ile a ithuta hantle ka phapang e teng lipakeng tsa litšepiso tsa bohata tse fanoang ke ba buisanang le meea le ’nete eo Jehova a re bolellang eona. Batho ba buisanang le meea ba ile ba re haeba a sa hlabele balimo ba habo a ke ke a atleha litlhahlobong. Tamba o ne a se a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. O ne a se a ithutile hore na ha e le hantle boemo ba bafu ke bofe le hore na mohloli o khopo oa ba iketsang e ka ke bafu ke ofe. Ho sa tsotellehe hore ebe ’mè oa hae o ne a mo qobella hore a batle thuso ho ea buisanang le meea, Tamba o ile a hana, a re ho ’mè oa hae, “Haeba ke sa pase, ke tla leka ho tiisa selemong se tlang.”

Joale ho ile ha etsahala eng? Ha sephetho sa litlhahlobo se tsoa o ne a le kapele-pele! ’Mè oa hae o ile a makala, eaba ha a sa tšepa ba buisanang le bafu, a ba a se ke a hlola a bua ka ho hlabela balimo. Tamba o ile a ithuta hore Jehova o re lemosa hore re se ke ra ‘botsa batho ba shoeleng molemong oa batho ba phelang.’ (Esaia 8:19) Ho ithuta Bibele ho ile ha tiisetsa Tamba hore haeba a thabela molao oa Molimo, o tla atleha.—Pesaleme ea 1:1-3.

Empa ho tla etsahala’ng ka baratuoa ba rōna ba shoeleng? Na ha ho na tšepo bakeng sa bona? Ntle le ho thusa rōna ba ntseng ba phela, Jehova o boetse o tšepisitse ho thusa ba mabitleng. Ka mor’a hore moprofeta Esaia a hlalose hore bafu ba ke ke ba thusa ka letho, hlokomela hore na o re’ng khaolong ea 26 temaneng ea 19: “Bafu ba hao ba tla phela. . . . Tsohang ’me le hoeletse ka thabo, lōna ba ahileng lerōleng!” Moprofeta o boetse o bolela hore “ba se nang matla lefung” ba tla phela hape.

Ak’u nahane feela hore na ho tla ba joang! Ba libilione ba ke keng ba etsa letho, ba robetseng mabitleng, ba tla tsosoa! Ha e le hantle, Bibele ebile e bolela hore Jehova o “hloloheloa” ho etsa hore bafu ba phele. (Jobo 14:14, 15) Na tšepiso eo e utloahala eka e ke ke ea etsahala? Jesu Kreste o ne a kholisehile hore tšepiso eo e tla phethahala hoo a ileng a re bafu ba se ba ntse ba phela mahlong a Jehova.—Luka 20:37, 38.

Na u batla ho ba le tšepo eo? * Tsoela pele u ithuta ’nete e tsoang ka Bibeleng. Ha u ntse u ithuta u tla kholiseha hore Jehova a ka thusa ba phelang hammoho le bafu le hore litšepiso tsa hae lia ‘tšepahala ’me ke tsa ’nete.’—Tšenolo 21:4, 5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Mabitso a fetotsoe.

^ ser. 18 E le ho fumana boitsebiso bo eketsehileng tabeng ena, sheba bukana e reng Meea ea BafuNa e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 26 E le ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka tšepiso ea Bibele ea tsoho ea bafu, sheba khaolo ea 7 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

Ke ntho ea tlhaho ho hloloheloa batho bao re ba ratang ba seng ba hlokahetse

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Na moprofeta Samuele ea neng a shoele o ile a buisana le Morena Saule?