Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha Molimo a Tšepisa ho fa Batho Mpho ea Bophelo bo sa Feleng?

Ke Hobane’ng ha Molimo a Tšepisa ho fa Batho Mpho ea Bophelo bo sa Feleng?

Babali ba Batla ho Tseba . . . 

Ke Hobane’ng ha Molimo a Tšepisa ho fa Batho Mpho ea Bophelo bo sa Feleng?

▪ Bibele e re Molimo o re fa monyetla oa ho fumana “bophelo bo sa feleng.” (Johanne 6:40) Ebe ke eng e mo susumetsang hore a re fe monyetla oo? Na ke feela molemong oa ho etsa lintho ka toka?

Toka e akarelletsa ho tšoara batho ba bang ka tsela e nepahetseng le e seng leeme. Na ka sebele re tšoaneloa ke ho phela? Che. Bibele e re: “Ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea tsoelang pele ho etsa se molemo ’me a sa etse sebe.” (Moeklesia 7:20) Sebe se tsamaea le kotlo. Molimo o ile a lemosa motho oa pele, Adama, hore mohlang feela a etsang sebe, ka sebele o tla shoa. (Genese 2:17) Hamorao, Molimo o ile a susumetsa moapostola Pauluse hore a ngole: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Baroma 6:23) Kahoo, haeba ho hlakile hore leloko lohle la Adama le ne le lokela ho shoa, ke hobane’ng ha Molimo a ile a tšepisa ho fana ka bophelo bo sa feleng?

Bophelo bo sa feleng ke “mpho e sa lefelloeng.” Ke kamoo Molimo a re bontšang lerato la hae le leholo le bileng le akaretsang bohle, le mosa oa hae o sa re tšoanelang. Bibele e re: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo, ’me ho joaloka mpho e sa lefelloeng hore ebe ka mosa oa hae o sa tšoanelang ho ntse ho boleloa hore ba lokile ka tokollo e tlisitsoeng ke thekollo e lefiloeng ke Kreste Jesu.”—Baroma 3:23, 24.

Le hoja bohle re tšoaneloa ke lefu, Molimo o khethile ho fa ba mo ratang bophelo bo sa feleng. Na ke ho hloka toka? Bibele e re: “Joale, re tla re’ng? Na ho hloka toka ho teng ho Molimo? Le ka mohla hoo ho se ke ha e-ba joalo! Etsoe o re ho Moshe: ‘Ke tla hauhela mang kapa mang eo ke mo hauhelang, ’me ke tla bontša qenehelo ho mang kapa mang eo ke bontšang qenehelo ho eena.’ . . . Joale, uena motho, ha e le hantle u mang hore ebe u arabisa Molimo?”—Baroma 9:14-20.

Linaheng tse ling, ea boemong bo phahameng haholo ’musong kapa moahloli a ka tšoarela motlōli oa molao ea fuoeng kahlolo e boima. Haeba motlōli eo oa molao a itšoara hantle kahlolong eo a e fuoeng, a bile a fetola mekhoa ea hae le boitšoaro ba hae, moahloli kapa mopresidente a ka ’na a khetha ho mo fokoletsa kahlolo kapa ho mo tšoarela ka ho feletseng. Ka sebele motlōli enoa oa molao o tla be a fuoa mosa o sa mo tšoanelang.

Ka tsela e tšoanang, Jehova a ka ’na a khetha ho se fe baetsalibe bohle kotlo e ba loketseng. Ho e-na le hoo, a susumetsoa ke lerato, a ka fana ka bophelo bo sa feleng ho ba mo ratang, le ba mamelang melao ea hae. Bibele e re: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35.

Ketso e khōlō ka ho fetisisa ea lerato eo Jehova a re etselitseng eona, ke ea ha a romela Mora oa hae ho tla utloa bohloko le ho shoa bakeng sa rōna. Jesu ha a bua ka Ntate oa hae, o ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.

Jehova o amohela bohle ba mo ratang le ba etsang thato ea hae, ho sa tsotellehe semelo sa bona. Kahoo,ha e le hantle tšepo ea bophelo bo sa feleng ke tsela eo Molimo a re bontšang mosa o sa tšoanelang, e leng lerato le leholo ka ho fetisisa.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

Ha e le hantle ke tsela eo re bontšoang mosa o sa tšoanelang, e leng lerato le leholo ka ho fetisisa