Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo U ka Bang Moromuoa ea Atlehang

Kamoo U ka Bang Moromuoa ea Atlehang

Kabo ea Mangolo ea Bo126 ea Gileade

Kamoo U ka Bang Moromuoa ea Atlehang

LETŠOELE la batho ba thabileng le ne le tlile ketsahalong e khethehileng Setsing sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York. Moqebelo oa la 14 March, 2009, e ne e le letsatsi la kabo ea mangolo a sehlopha sa bo126 Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Ba neng ba abeloa mangolo ba ne ba tla romeloa linaheng tse 22 ho ea bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.—Matheu 24:14.

Liithuti li ne li sa tsoa qeta thupelo e matla ea thuto ea Bibele e nkileng likhoeli tse hlano e neng e lokiselitsoe ho li thusa hore e be baromuoa ba atlehang ba Bakreste. Letsatsing lena la kabo ea mangolo liithuti tsena li bile le monyetla oa ho qetela oa ho mamela li le hammoho keletso e bohlale ea hore na li ka etsa seo joang.

Molula-setulo oa lenaneo lena, e leng Anthony Morris, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, o ile a bolela hore Sekolo sa Gileade se ile sa qala ho koetlisa baromuoa ka 1943. Ho tloha nakong eo, baromuoa ba koetlisitsoeng ba ’nile ba khatha tema e khōlō mosebetsing oa boboleli.

Le hoja Bangoli le Bafarisi ba ne ba khella baapostola ba Jesu tlaase, ba ba nka e le “batho ba sa rutehang” ebile e le “batho feela,” sebui se ile sa bontša hore bahanyetsi bao ba ile ba hlokomela hore baapostola ba ne ba khona ho bua ka sebete hobane ba ne ba ile ba sebetsa ’moho le Jesu. (Liketso 4:13, King James Version) Koetliso eo liithuti li e fumaneng e tla li thusa hore li bue ka sebete.

Robert Ciranko, eo e leng mothusi oa Komiti ea Bongoli ea Sehlopha se Busang, o ile a fana ka puo e nang le sehlooho se reng “Le se ke la ea ka Tšobotsi.” O ile a bontša hore haufinyane liithuti li tl’o kopana le batho ba litso tse fapaneng le tsa bona le ba etsang lintho ka tsela e fapaneng. Empa li ke ke tsa thatafalloa ho ba bolella litaba tse molemo haeba li e-ba le boikutlo bo tšoanang le ba Jehova. Ha e le hantle, mantsoe a puo ea pele e sebelisitsoeng ha ho ngoloa Liketso 10:34 a fana ka maikutlo a hore “Molimo ha a ee ka tšobotsi.” “Molimo ha a leeme.” (Liketso 10:35) Mor’abo Rōna Ciranko o ile a re: “Haeba le e-ba le boikutlo boo Jehova a nang le bona ’me le nka motho e mong le e mong eo le tla mo fumana kabelong ea lōna e le ea ka amoheloang ke Molimo, ka sebele le tla ba baromuoa ba hae ba atlehang.”

“Le na le Sohle Seo le se Hlokang Hore le Atlehe”

Samuel Herd, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a qala puo ea hae ka ho re, “ba bang ba bona kamele e le phoofolo e mpe, empa e entsoe ka tsela e loketseng hantle bakeng sa ho phela lehoatateng.” Ka ho tšoanang, baromuoa ba bacha ba na le sohle seo ba se hlokang hore ba atlehe libakeng tseo ba abetsoeng ho ea sebetsa ho tsona. Lintho tsena tse hlano li tla ba thusa.

1. Ba rata Jehova. (Matheu 22:37, 38) Baromuoa ba se ba ntse ba bontšitse hore ba ikemiselitse ho sebeletsa Jehova.

2. Ba bokeletse tsebo ea Lentsoe la Molimo. Ha kamele e ntse e ja, e bokella mafura seloteng. Empa, ha e emise ho ja ebe e tšepela mafureng ao e a bokeletseng bakeng sa maemo a tlala. Ka ho tšoanang, baromuoa le bona ha baa lokela ho tšepela feela linthong tseo ba ithutileng tsona ha ba le Sekolong sa Gileade empa ba lokela ho tsoela pele ba iphepa moeeng.

3. Ba rata batho. (Matheu 22:39) Baromuoa ba utloela batho bohloko.

4. Ba na le boikemisetso. (Pesaleme ea 110:3) Ha moromuoa a felloa ke matla, Jehova o mo ekelletsa ’ona.—Esaia 40:29.

5. Ba na le matla a kang a bocha. Joalokaha kamele e jara mokalli oa eona ho haola le lehoatata, moromuoa le eena a ka ’na a tlameha ho “jara” Mokreste oa habo ea hulang ka thata moeeng. Seo se hloka matla a mangata, empa baromuoa ba na le matla a kang a bocha.

Lintlha Tse Ling Tse Ileng Tsa Tšohloa

Michael Burnett, eo e leng morupeli oa Gileade o ile a bontša hore lialmonde li ne li le har’a lihlahisoa tsa boleng bo botle tseo Jakobo a ileng a li romela morena oa Egepeta e le mpho. (Genese 43:11) Seshobana feela sa lialmonde se na le limatlafatsi tse ngata haholo. Liithuti li jele lialmonde tse ngata tsa moea ha li ntse li le sekolong. Har’a lintho tseo li ithutileng tsona tseo li sa lokelang ho li lebala ke hore li khotsofalle lintho tseo Jehova a li fang tsona le ho ithuta ho rata sebaka se secha seo li tla lula ho sona.

Mark Noumair eo le eena e leng morupeli oa Gileade o ile a hlalosa hore Lentsoe la Molimo le tšoana le “mokotla o tletseng bohlale.” (Jobo 28:18) Re lokela ho bula mokotla ona ’me re sebelise lintho tse ka har’a oona. Haeba tšebeletso ea boromuoa e sa be ka tsela eo baromuoa ba e lebeletseng, e ka ba hantle hore ba hopole mohlala oa moapostola Pauluse. Barutuoa ba Jesu ba ile ba mo romela hore a il’o sebeletsa motseng oa habo ka lilemo tse robong. Ho e-na le hore Pauluse a behe lebaka la hore ke “sejana se khethiloeng” kahoo o lokela ho sebeletsa sebakeng se seng, o ile a sebetsa ka thata hohle moo a neng a le teng. (Liketso 9:15, 28-30) Ho amohela seo Jehova a se khethileng ho ka ’na ha se be bonolo hakaalo. E mong ea ileng a ba boemong bo joalo ke Jonathane. Ha a hlokomela hore Jehova ke eena ea neng a khethile Davida hore e be morena, Jonathane o ile a amohela ’me a mo tšehetsa.

Puong eo sehlooho sa eona se neng se re, “Bahlanka ba Molimo ba Bua ka Sebete,” liithuti li ile tsa etsa lipontšo ka liphihlelo tseo li bileng le tsona mosebetsing oa ho bolela ha li ntse li le sekolong. Ba bangata ba ile ba qalisa lithuto tsa Bibele. Puong e latelang, eo sehlooho sa eona se neng se re, “Ho hlomelloa ke Mokhatlo oa Jehova o Hlophisitsoeng,” ho ile ha buisanoa le baromuoa ba bararo ba qetileng nako e telele tšebeletsong. E mong le e mong o ile a hlalosa hore na o ile a koetlisoa joang hore a sebelisane le mokhatlo oa Molimo.

“E-ba Moromuoa ea Thabileng”

Joale Gerrit Lösch, eo le eena e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a fana ka puo ea sehlooho lenaneong leo, e reng, “E-ba Moromuoa ea Thabileng.” O ile a re bongata ba lintho tseo ho thoeng “lia thabisa” ha li etse hore motho a thabe e le kannete. (Liproverbia 14:13; Moeklesia 2:10, 11) Thabo e nkang nako e telele ke e tlisoang ke ho etsa thato ea Molimo, le hoja ka linako tse ling ho se bonolo ho e etsa. Thupelo ea Gileade e ne e se bonolo empa qetellong baromuoa ba ne ba khotsofetse.

Ho na le lintho tse ngata tse etsang hore Bakreste ba ’nete ba thabe. Ba rapela Molimo ea thabileng. (Pesaleme ea 33:12; 1 Timothea 1:11) Ba phela paradeiseng ea moea hape Bibele e tšepisa hore haufinyane lefatše e tla ba paradeise. Baa tseba hore na morero oa bophelo ke ofe—e leng ho sebeletsa Jehova le ho mo rorisa. Ho feta moo, Jehova le Jesu baa ba rata.

Sebui se ile sa phaella ka ho re, “le tla ba baromuoa ba thabileng haeba le ithuta ho ba batho ba khotsofalang.” Ntho e ’ngoe e tla etsa hore le thabe ke ha le rata batho ba bang ’me le bona ba le rata. Kahoo leballang ba bang liphoso tsa bona ho e-na le ho li pepesa. Etsang ba bang hantle, tšehetsang ba fokolang le be le phete liphihlelo tse thabisang tseo le bileng le tsona. (Pesaleme ea 41:1, 2; Liketso 20:35) Ho ikitlaetsa ka matla mosebetsing oa boboleli ho etsa hore motho a thabe.—Luka 11:28.

Mor’abo rōna Lösch, o ile a qetella puo ka ho re, “ka hona, tsamaeang ’me le be baromuoa ba thabileng, ba ithabisang ka tsela e itekanetseng empa ntho eo le amehileng haholo ka eona e le ho rorisa Molimo ea thabileng, Jehova, le ho etsa hore batho ba bang le bona ba thabe.”

Ka mor’a hore ho fetisoe litumeliso tse tsoang linaheng tse ngata, Anthony Morris o ile a abela liithuti mangolo a diploma. Ka mor’a moo, seithuti se neng se emetse sehlopha sa bo126 se ile sa bala lengolo le neng le lebisitsoe ho Sehlopha se Busang. Lengolong leo liithuti li ile tsa bontša kamoo li neng li ananetse kateng ho tla Sekolong sena sa Gileade.

Ha molula-setulo a phetha, o ile a bontša hore ‘manonyello le mesifa’ e kopantseng litho tsa ’mele e tšoantšetsa litsela le litokisetso tseo “lekhoba le tšepahalang le le masene” le li sebelisang ho fepa batho ba Jehova le ho ba tataisa. (Bakolose 2:18, 19; Matheu 24:45) Haeba baromuoa ba sebelisana ka hohle le batho bao Molimo a ba khethileng hore e be baemeli ba hae, ba tla atleha hore ba phethe bosebeletsi ba bona ka botlalo.—2 Timothea 4:5.

[Lebokose le leqepheng la 30]

LIPALO-PALO TSA SEHLOPHA

Palo ea linaha tse emetsoeng: 6

Palo ea linaha tseo ba abetsoeng ho tsona: 22

Palo ea liithuti: 56

Palo ea malapa: 28

Karolelano ea lilemo: 32,8

Karolelano ea lilemo ba le ’neteng: 17,9

Karolelano ea lilemo ba le tšebeletsong ea nako e tletseng: 13,5

LINAHA TSEO BA ABETSOENG HO TSONA

Baromuoa ba ile ba abeloa ho ea Afrika Boroa, Benin, Bolivia, Bulgaria, Burkina Faso, Cameroon, Costa Rica, Ghana, Guatemala, Honduras, Kenya, Liberia, Madagascar, Mozambique, Nicaragua, Panama, Paraguay, Peru, Romania, Sierra Leone, Togo le Uganda.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Sehlopha sa Bo126 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abetsoeng Mangolo

Mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ho le letona moleng ka mong.

(1) Kirchhoff, K.; Nichols, C.; Guzmán, Y.; Coil, H.; Becker, O.; De Simone, A. (2) Manzanares, A.; Bouvier, E.; Peddle, J.; Mason, H.; Braz, J. (3) Lee, J.; Forte, A.; Boucher, T.; Marsh, A.; Leighton, S.; Glover, M. (4) Kambach, H.; Jones, T.; Ferreira, A.; Morales, J.; Chicas, S.; Davis, B.; Dormanen, E. (5) Dormanen, B.; Nichols, J.; Pacho, T.; Titmas, L.; Bouvier, E.; Kirchhoff, A. (6) Leighton, G.; Pacho, A.; Van Campen, B.; Manzanares, A.; Rivard, A.; Lee, Y.; Titmas, L. (7) Boucher, M.; Coil, K.; Marsh, C.; Guzmán, J.; Jones, W.; Kambach, J. (8) Glover, A.; Ferreira, G.; Mason, E.; Forte, D.; Davis, N.; Chicas, O.; Rivard, Y. (9) Braz, D.; Van Campen, D.; Morales, A.; De Simone, M.; Becker, M.; Peddle, D.