Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Letlotlo la Bibele Lea Fumanoa

Letlotlo la Bibele Lea Fumanoa

Letlotlo la Bibele Lea Fumanoa

MEHLENG ea boholo-holo, ho ne ho se bonolo ho fumana lintho tseo ho ka ngolloang ho tsona joaloka mehleng ea kajeno. Maqephe a letlalo a ne a sebelisoa hape ka hore ho hlakoloe kapa ho hlatsuoe mongolo o neng o se o sa hlokahale. Esita le mangolo a Bibele a ne a hlakoloa maqepheng a letlalo e le hore ho ngoloe boitsebiso bo bong maqepheng ao.

Bibele e ’ngoe ea bohlokoa eo litaba tsa eona li ileng tsa hlakoloa ke Codex Ephraemi Syri rescriptus ’me lentsoe rescriptus le bolela “ntho e ngotsoeng holim’a e ’ngoe.” Codex ena ke ea bohlokoa ka ho fetisisa hobane ke e ’ngoe ea libuka tsa khale haholo tse nang le karolo ea Mangolo a Segerike a Bakreste tse ntseng li le teng. Ka hona, ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoahali tse tiisang hore karolo ena ea Lentsoe la Molimo e nepahetse.

Mangolo ao qalong a neng a ngotsoe ho codex ena ea lekholong la bohlano la lilemo a ile a hlakoloa lekholong la bo12 la lilemo C.E., ’me holim’a ’ona ha ngoloa mangolo a fetoletsoeng ka Segerike a lithuto tse 38 tsa setsebi sa Moasyria, Ephraem. Mafelong a lekholo la bo17 la lilemo, litsebi li ile tsa lemoha ka lekhetlo la pele hore ho na le mangolo a Bibele a neng a ngotsoe ka tlaase. Lilemo tse ’maloa tse latelang, ho ne ho se ho entsoe khatelo-pele e itseng ho fumaneng hore na pele ho ne ho ngotsoe eng bukeng eo e ngotsoeng ka letsoho. Leha ho le joalo, ho ne ho le thata haholo ho e bala kaofela hobane mongolo oa eona o ne o sa hlaka ka lebaka la hore enke e ne e ile ea hlakoloa, hape maqephe a eona a mangata a ne a tabohile ebile mengolo ea eona e hatane holimo. Ho ile ha sebelisoa lik’hemik’hale e le ha ho lekoa ho totobatsa mongolo o ka tlaase oa mangolo a Bibele e le hore o balehe, empa seo ha sea ka sa atleha hakaalo. Kahoo, litsebi tse ngata li ile tsa etsa qeto ea hore ha ho na mokhoa oa hore mongolo oo o neng o hlakotsoe o balehe.

Lilemong tse qalang tsa bo-1840, Konstantin von Tischendorf, Mojeremane eo e neng e le setsebi se hloahloa sa lipuo, o ile a sebetsa ka thata hore a khone ho bala buka ena. Tischendorf o ile a qeta lilemo tse peli a ntse a leka ho bala mongolo o neng o ngotsoe pele bukeng ena ea boholo-holo e ngotsoeng ka letsoho. Ke eng e ileng ea etsa hore a atlehe ha ba bang bona ba ne ba hlōlehile?

Tischendorf o ne a utloisisa ka botlalo tsela eo mongolo oa uncial oa Segerike o neng o ngoloa ka eona—o neng o ngoloa ka litlhaku tse khōlō tse sephara, li bile li qaqolohane. * Kaha mahlo a hae a ne a bona hantle, o ile a fumana hore o khona ho bala mongolo oo ka hore feela a phahamisetse buka eo khanyeng. E le hore ho etsoe mosebetsi o tšoanang le oo mehleng ena, litsebi li sebelisa lintho tse thusang ho bona lintho tseo ho seng bonolo ho li bona, joaloka mefuta e sa tšoaneng ea khanya e kang ea infrared, ultraviolet le polarized light.

Tischendorf o ile a hatisa seo a se sibolotseng kapa seo a khonneng ho se bala bukeng eo ea Codex Ephraemi ka 1843 le ka 1845. Sena se ile sa etsa hore a tsebahale e le eena setsebi se ka sehloohong sa mongolo oa boholo-holo oa Segerike.

Codex Ephraemi e ka ba bophara ba lisenthimithara tse 31 le bolelele ba lisenthimithara tse 23, ’me ke mohlala oa khale ka ho fetisisa oa libuka tse ngotsoeng ka letsoho tseo litaba tsa tsona li hlahang li ngotsoe k’holomong e le ’ngoe feela leqepheng ka leng. Maqepheng a 209 ao mongolo o neng o ngotsoe pele o ileng oa khona ho baloa ho ’ona, a 145 ke karolo ea libuka tsohle tsa Mangolo a Segerike a Bakreste, ntle feela ho 2 Bathesalonika le 2 Johanne. Maqephe a mang ’ona a na le likarolo tsa Mangolo a Seheberu a fetoletsoeng ka Segerike.

Kajeno codex ena e bolokiloe Laebraring ea Sechaba e Paris, Fora. Ha ho tsejoe hore na ha e le hantle buka ena ea boholo-holo e simoloha hokae, le hoja Tischendorf eena a ne a nahana hore e tsoa Egepeta. Litsebi li balella Codex Ephraemi e le e ’ngoe ea libuka tsa bohlokoa tse ’nè tsa boholo-holo tsa Bibele ea Segerike tse ngotsoeng ka letsoho ka mongolo oa uncial. Tse ling tsa libuka tsena ke Sinaitic, Alexandrine le Vatican 1209, tseo kaofela ha tsona li ngotsoeng lekholong la bone le la bohlano la lilemo C.E.

Molaetsa oa Mangolo a Halalelang o ’nile oa bolokeha ka litsela tse ngata tse babatsehang e le hore re ka o fumana, ’me tse ling tsa litsela tsena ke libuka tseo ho tsona ho ileng ha hlakoloa mongolo oa pele eaba ho ngoloa o mong ka holimo. Le hoja tabeng ea buka ena motho ea neng a sa ananele litemana tsa Bibele a ile a leka ho li hlakola, molaetsa oa tsona o ile oa bolokeha. Sena se etsa hore re bone hore ruri mantsoe a moapostola Petrose ke ’nete ha a re: “Lentsoe la Jehova le lula le le teng ka ho sa feleng.”—1 Petrose 1:25.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Tischendorf o ne a tsebahala haholo ka lebaka la buka ea Mangolo a Seheberu a fetoletsoeng ka Segerike, eo a ileng a e fumana Ntlong ea Baitlami ea St. Catherine, e mosikong oa Thaba ea Sinai, e leng e ’ngoe ea libuka tsa khale ka ho fetisisa ho tse seng li fumanoe. Buka eo ea boholo-holo e ngotsoeng ka letsoho e tsejoa e le Codex Sinaiticus.

[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 16]

Codex Ephraemi Syri rescriptus, buka ea bohlokoa eo Tischendorf (1815-1874) a ileng a khona ho bala mongolo oa eona o neng o ile oa hlakoloa

MONGOLO OA BIBELE O NENG O NGOTSOE PELE

MONGOLO OA SEGERIKE O ILENG OA NGOLOA KA HOLIMO

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Bibliothèque nationale de France

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Codex Sinaiticus, e ileng ea fumanoa Ntlong ea Baitlami ea St. Catherine

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Tischendorf