Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tlotlisang Kreste—Morena ea Khanyang!

Tlotlisang Kreste—Morena ea Khanyang!

“Ka bokhabane ba hao u tsoele pele ho atleha.”—PES. 45:4.

1, 2. Ke hobane’ng ha re thahasella Pesaleme ea 45?

MORENA ea khanyang o palama pere ea hae molemong oa ’nete le ho loka ’me o tsoela pele ho hlōla lira tsa hae. Ka mor’a hore a li hlōle, o nyala monyaluoa ea ratehang. Batho ba hlompha morena eo le ho mo rorisa ka ho sa feleng. Ona ke oona moko-taba oa Pesaleme ea 45.

2 Empa Pesaleme ea 45, hase pale feela e monate e qetellang ka tsela e thabisang. Liketsahalo tse boletsoeng moo li bolela ho hong ho rōna. Lia re ama hona joale ebile li ama le bokamoso ba rōna. Kahoo, a re ke re hlahlobeng pesaleme ena ka hloko.

“PELO EA KA EA TLŌLA-TLŌLA KA LEBAKA LA TABA E KHAHLISANG”

3, 4. (a) Ke ‘taba efe e khahlisang’ eo mopesaleme a ileng a ngola ka eona, hona e lokela ho re ama joang? (b) Ke ka tsela efe ‘mesebetsi ea rōna e leng malebana le morena,’ hona maleme a rōna a tšoana le pene joang?

3 Bala Pesaleme ea 45:1. “Taba e khahlisang” e ileng ea ama pelo ea mopesaleme, ’me ea etsa hore e ‘tlōla-tlōle’ e malebana le morena. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “tlōla-tlōla” qalong le ne le bolela “ho tšikhunya” kapa “ho bela.” Taba  ena e ile ea etsa hore mopesaleme a tlale cheseho ’me leleme la hae le be joaloka “pene ea mokopitsi ea nang le tsebo.”

4 Rōna e lokela ho re ama joang? Litaba tse molemo tsa ’Muso oa Bomesia lia re ama. Molaetsa oa ’Muso e bile o “khahlisang” ka ho khetheha ka 1914. Ho tloha ka nako eo, molaetsa oo o ne o se o se mabapi le ’Muso o tlang, empa o le mabapi le puso ea sebele eo hona joale e busang leholimong. Tsena ke tsona ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ tseo re li bolelang “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Mat. 24:14) Na lipelo tsa rōna lia “tlōla-tlōla” ka lebaka la molaetsa oa ’Muso? Na re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho? Joaloka mopesaleme, ‘mesebetsi ea rōna e malebana le Morena Jesu Kreste.’ Re phatlalatsa hore ke Morena oa ’Muso oa Bomesia ea behiloeng teroneng leholimong. Ho feta moo, re mema bohle—marena le bafo—hore ba ikokobeletse bobusi ba hae. (Pes. 2:1, 2, 4-12) ’Me maleme a rōna a ba joaloka “pene ea mokopitsi ea nang le tsebo” kaha re sebelisa Bibele haholo ha re etsa mosebetsi oa boboleli.

Re thabela ho phatlalatsa litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna, e leng Jesu Kreste

‘KHAHLEHO E TSOA MOLOMONG OA MORENA’

5. (a) Jesu o ne a le “motle” ka tsela efe? (b) ‘Khahleho e ile ea tsoa joang molomong oa Morena,’ hona re ka etsisa mohlala oa hae joang?

5 Bala Pesaleme ea 45:2. Mangolo ha a bue hakaalo ka tsela eo Jesu a neng a shebahala ka eona. Kaha o ne a phethahetse, ha ho potang hore o ne a le “motle.” Empa ntho e neng e etsa hore a be motle ka ho khetheha ke hore o ne a tšepahala ho Jehova ka tsela e sa thekeseleng. Ho phaella moo, Jesu o ne a bolela molaetsa oa ’Muso ka tsela e khahlang. (Luka 4:22; Joh. 7:46) Na le rōna re ikitlaelletsa ho mo etsisa ha re bolela le ho leka ho sebelisa mantsoe a tla ama batho lipelo?—Bakol. 4:6.

6. Molimo o ile a hlohonolofatsa Jesu “ho isa nakong e sa lekanyetsoang” joang?

6 Kaha Jesu o ne a inehetse ka pelo eohle, Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ha a ntse a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng, a ba a mo putsa ka mor’a hore a shoe lefu la sehlabelo. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ha [Jesu] a iphumana ka sebōpeho e le motho, o ile a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso. Ka lebaka lona lena Molimo le eena o ile a mo phahamisetsa boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle, e le hore lengole le leng le le leng la ba leholimong le ba lefatšeng le ba ka tlaase ho mobu le ka khumama ka lebitso la Jesu, ’me leleme le leng le le leng le bolele pepenene hore le ela hloko hore Jesu Kreste ke Morena thorisong ea Molimo Ntate.” (Bafil. 2:8-11) Jehova o ile a hlohonolofatsa Jesu “ho isa nakong e sa lekanyetsoang” ka hore a mo tsosetse bophelong ba ho se shoe.—Bar. 6:9.

MORENA O PHAHAMISOA HO FETA “BALEKANE” BA HAE

7. Ke joang Molimo a ileng a tlotsa Jesu ho feta “balekane” ba hae?

7 Bala Pesaleme ea 45:6, 7Kaha Jesu o rata ho loka ka tieo ebile o hloile ntho leha e le efe e ka ’nang ea hlompholla Ntate oa hae, Jehova o ile a mo tlotsa hore e be Morena oa ’Muso oa Bomesia. Jesu o ile a tlotsoa ka “oli ea thabo” ho feta “balekane”  ba hae, ke hore marena a Juda a lesika la Davida. Ka tsela efe? Har’a tse ling, Jesu o ile a tlotsoa ke Jehova ka seqo. Ho feta moo, Jehova o ile a mo tlotsa hore e be Morena le Moprista ea Phahameng. (Pes. 2:2; Baheb. 5:5, 6) Ho phaella moo, Jesu o ile a tlotsoa ka moea o halalelang eseng ka oli, ’me borena ba hae ke ba leholimong hase ba lefatšeng.

8. Ho bolela’ng hore ‘Molimo ke terone ea Jesu,’ hona ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore o tla busa ka ho loka?

8 Jehova o ile a hlomamisa Mora oa hae e le Morena oa Bomesia leholimong ka 1914. ‘Lere la borena ba hae ke lere la borena la ho loka,’ kahoo joang kapa joang o tla busa ka ho loka le ka toka. O na le matla a loketseng a ho laola, kaha ‘Molimo ke terone ea hae.’ Seo se bolela hore Jehova ke mohloli oa matla a hae a borena. Ho feta moo, terone ea Jesu e tla ba teng “ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Na ha u motlotlo ho sebeletsa Jehova tlas’a Morena ea matla joalo ea khethiloeng ke Molimo?

MORENA O ‘TLAMA SABOLE EA HAE’

9, 10. (a) Kreste o ile a tlama sabole ea hae neng, hona o ile a qala ho e sebelisa joang? (b) Kreste o tla boela a sebelise sabole ea hae joang?

9 Bala Pesaleme ea 45:3. Jehova o laela Morena oa hae hore a ‘tlame sabole ea hae seropeng,’ kahoo o fa Jesu matla a hore a loantše bohle ba hanyetsang bobusi ba Molimo le hore a phethahatse likahlolo tsa Hae ho bona. (Pes. 110:2) Kaha Kreste ke Morena oa Mohlabani ea sa hlōloeng, o bitsoa “ea matla.” O ile a tlama sabole ea hae ka 1914, ’me a hlōla Satane le bademona ba hae, bao a ileng a ba leleka leholimong a ba lihela lefatšeng.—Tšen. 12:7-9.

10 Eo e ne e le qalo feela ea ho palama ha Morena ka tlhōlo. Empa ke hona a tla ‘phetha tlhōlo ea hae.’ (Tšen. 6:2) Ke hona likahlolo tsa Jehova li ntseng li tla phethahatsoa likarolong tsohle tsa tsamaiso ea Satane, ’me Satane le bademona ba hae ba lokela ho koalloa. O tla qala ka ho felisa Babylona e Moholo, e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Jehova o rerile ho sebelisa babusi ba lipolotiki ho felisa “seotsoa” sena se khopo. (Tšen. 17:16, 17) Ka mor’a moo, Morena oa Mohlabani o tla nka khato ho felisa tsamaiso ea lipolotiki ea Satane. Joale, Kreste eo hape a bitsoang “lengeloi la mohohlo,” o tla phetha tlhōlo ea hae ka hore a koalle Satane le bademona ba hae ka mohohlong. (Tšen. 9:1, 11; 20:1-3) A re hlahlobeng kamoo Pesaleme ea 45 e profetileng liketsahalo tsena tse hlollang kateng.

MORENA O PALAMA “MOLEMONG OA ’NETE”

11. Kreste o palama “molemong oa ’nete” joang?

11 Bala Pesaleme ea 45:4. Morena oa Mohlabani ha a loane hobane a batla ho hapa libaka le batho. O loanela toka ’me e le ka mabaka a utloahalang. O palama “molemong oa ’nete le boikokobetso le ho loka.” ’Nete e ka sehloohong eo a lokelang ho e sireletsa ke e mabapi le bobusi ba Jehova ba bokahohleng. Ha Satane a fetohela Jehova, o ile a pheha khang ea hore Jehova ha a na tokelo ea ho busa. Ho tloha ka nako eo, ’nete eo ea motheo e ’nile ea hanyetsoa ke batho le bademona. Hona joale ke nako ea hore Morena eo Jehova a mo khethileng a palame e le hore a hlakise ka ho feletseng seo e leng ’nete ka bobusi ba Jehova.

12. Morena o palama ‘molemong oa boikokobetso’ joang?

12 Morena o boetse o palama ‘molemong oa boikokobetso.’ Kaha ke Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši, o re behetse mohlala o babatsehang oa ho ikokobelletsa ka botšepehi bobusi ba Ntate oa hae. (Esa. 50:4, 5; Joh. 5:19) Bafo bohle ba  tšepahalang ba Morena ba lokela ho latela mohlala oa hae ’me ba ikokobeletse bobusi ba Jehova linthong tsohle. Ke batho ba etsang seo feela ba tla lumelloa ho phela lefatšeng le lecha leo Molimo a le tšepisitseng.—Zak. 14:16, 17.

13. Kreste o palama ‘molemong oa ho loka’ joang?

13 Kreste o boetse o palama ‘molemong oa ho loka.’ Ho loka hoo Morena a ho sireletsang ke “ho loka ha Molimo”—e leng melao ea Jehova ea se nepahetseng le se fosahetseng. (Bar. 3:21; Deut. 32:4) Esaia o ile a profeta ka Morena Jesu Kreste, a re: “Morena o tla busa ka ho loka.” (Esa. 32:1) Puso ea Jesu e tla tlisa “maholimo a macha” a tšepisitsoeng le “lefatše le lecha,” tseo “ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Pet. 3:13) Moahi e mong le e mong lefatšeng leo le lecha o tla lokela ho ikokobelletsa melao ea Jehova.—Esa. 11:1-5.

MORENA O ETSA “LINTHO TSE TŠABEHANG”

14. Letsoho le letona la Kreste le tla etsa “lintho tse tšabehang” joang? (Sheba setšoantšo se qalong.)

14 Morena o palama a tlamme sabole seropeng. (Pes. 45:3) Empa nako e tla fihla ea hore a ntše sabole eo ’me a e tsoke ka letsoho la hae le letona. Mopesaleme o ile a profeta a re: “Letsoho la hao le letona le tla u rupela ka lintho tse tšabehang.” (Pes. 45:4) Ha Jesu Kreste a kalla ho phethahatsa likahlolo tsa Jehova ka Armagedone, o tla etsa “lintho tse tšabehang” khahlanong le lira tsa hae. Empa ha re tsebe hore na o tla sebelisa eng ho timetsa tsamaiso ea Satane. Feela seo a tla se etsa se tla tšosa baahi ba lefatše ba sa kang ba mamela ha Molimo a ba lemosa hore ba ikokobeletse puso ea Morena. (Bala Pesaleme ea 2:11, 12.) Boprofeteng ba hae bo mabapi le nako ea bofelo, Jesu o ile a re batho ba ne ba tla “ilibana ke tšabo le tebello ea lintho tse tlang holim’a lefatše leo ho ahiloeng ho lona; etsoe matla a maholimo a tla sisinyeha.” O ile a phaella ka ho re: “Joale ba tla bona Mor’a motho a tla ka leru ka matla le khanya e khōlō.”—Luka 21:26, 27.

15, 16. Ke bo-mang ba tla ba ‘mabothong’ a tla latela Kreste ntoeng?

15 Ha buka ea Tšenolo e phatlalatsa ho tla ha Morena “ka matla le khanya e khōlō” ho tla phethahatsa kahlolo, e re: “Ka bona leholimo le buleha, ’me, bonang! pere e tšoeu. Ea e palameng o bitsoa ea Tšepahalang le oa ’Nete, ’me o ahlola le ho loana ka ho loka. Hape, mabotho a neng a le leholimong a ne a mo latela ka lipere tse tšoeu, ’me a ne a apere line ea boleng bo botle, e tšoeu, e hloekileng. Molomong oa hae ho tsoa sabole e telele e bohale, e le hore a ka hlatha lichaba ka eona, ’me o tla li lisa ka molamu oa tšepe. Hape o hatakela sehatelo sa veine sa bohale ba khalefo ea Molimo ea Matla ’Ohle.”—Tšen. 19:11, 14, 15.

16 Ke bo-mang ba tla thusa Kreste leholimong e le “mabotho” a mo latelang ntoeng? Jesu o ne a e-na le “mangeloi a hae” ha a tlama sabole ea hae ka lekhetlo la pele, ’me a leleka Satane le bademona ba hae leholimong. (Tšen. 12:7-9) Ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore ntoeng ea Armagedone, mabotho a Kreste a tla akarelletsa mangeloi a halalelang. Na ho na le ba bang ba tla kenella mabothong ao? Jesu o ile a tšepisa barab’abo ba tlotsitsoeng se latelang: “Ea hlōlang le ea bolokang liketso tsa ka ho fihlela bofelong ke tla mo fa matla holim’a lichaba, ’me o tla lisa batho ka molamu oa tšepe e le hore ba tle ba pshatloe likoto joaloka lijana tsa letsopa, joalokaha ke amohetse ho Ntate.” (Tšen. 2:26, 27) Kahoo mabotho a Kreste a leholimo a tla akarelletsa barab’abo ba tlotsitsoeng, ba tla beng ba se ba  amohetse moputso oa bona leholimong. O tla be a e-na le babusi-’moho le eena ha a etsa “lintho tse tšabehang,” a lisa lichaba ka molamu oa tšepe.

MORENA O PHETHA TLHŌLO EA HAE

17. (a) Pere e tšoeu eo Kreste a e palameng e emela’ng? (b) Sabole le seqha li emela’ng?

17 Bala Pesaleme ea 45:5. Morena o palame pere e tšoeu, e emelang ntoa e lokileng e amohelehang mahlong a Jehova. (Tšen. 6:2; 19:11) Ha aa tšoara sabole feela, empa o nkile le seqha. Re bala se latelang: “Ka talima, ’me, bonang! pere e tšoeu; ea e palameng o ne a e-na le seqha; a fuoa moqhaka, ’me a tloha e le ea hlōlang le hore a phethe tlhōlo ea hae.” Sabole le seqha li emela mokhoa oo Kreste a tla o sebelisa ho phethahatsa kahlolo ho lira tsa hae.

Linonyana li tla bitsoa hore li tl’o hloekisa lefatše (Sheba serapa sa 18)

18. “Metsu” ea Kreste e tla ba “bohale” ka tsela efe?

18 A bua ka tsela ea thothokiso, mopesaleme o ile a profeta hore ‘metsu ea Morena e bohale, e hlaba lipelo tsa lira tsa hae’ ’me e etsa hore ‘lichaba li oele tlas’a hae.’ Ho tla timetsoa batho ba bangata lefatšeng. Boprofeta ba Jeremia bo re: “Letsatsing leo ba bolailoeng ke Jehova ba tla ba teng ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho fihlela pheletsong e ’ngoe ea lefatše.” (Jer. 25:33) Boprofeta bo bong bo tšoanang le boo bona bo re: “Ka boela ka bona lengeloi le eme letsatsing, ’me la hoeletsa ka lentsoe le phahameng la re ho linonyana kaofela tse fofang sebakeng: ‘Tloong mona, le bokane lijong tse khōlō tsa shoalane tsa Molimo, e le hore le ka ja linama tsa marena le linama tsa balaoli ba sesole le linama tsa banna ba matla le linama tsa lipere le tsa ba li palameng, le linama tsa bohle, tsa batho ba lokolohileng hammoho le tsa makhoba le tsa ba banyenyane le ba baholo.’”—Tšen. 19:17, 18.

19. Kreste o tla ‘tsoela pele ho atleha’ le ho phetha tlhōlo ea hae joang?

19 Ka mor’a hore Kreste a timetse tsamaiso ea Satane e khopo ea lintho lefatšeng, ‘ka bokhabane ba hae o tla tsoela pele ho atleha.’ (Pes. 45:4) O tla phetha tlhōlo ea hae ka ho koalla Satane le bademona ba hae mohohlong nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete. (Tšen. 20:2, 3) Kaha Diabolose le mangeloi a hae ba tla be ba koaletsoe ’me ba se na matla, Satane ha a na ho susumetsa baahi ba lefatše, ’me ba tla ikokobelletsa ka ho feletseng Morena oa bona ea hlōtseng le ea khanyang. Empa pele lefatše le etsoa paradeise butle-butle, ba tla ba le lebaka le leng la ho thaba le Morena oa bona hammoho le babusi-’moho le eena. Re tla tšohla ketsahalo eo e thabisang sehloohong se latelang.