Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Talimana le Bohloko ba ho Shoeloa ke Molekane

Ho Talimana le Bohloko ba ho Shoeloa ke Molekane

BIBELE e bolela ka ho hlaka hore monna o lokela ‘ho rata mosali oa hae joalokaha a ithata.’ Mosali le eena o lokela “ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.” Ka bobeli ba lokela ho etsa seo e le “nama e le ’ngoe.” (Baef. 5:33; Gen. 2:23, 24) Ha nako e ntse e ea, banyalani ba atamelana le ho feta, ’me lerato la bona lea tiea. U ka ’na ua bapisa seo le lifate tse peli tse metseng li bapile. Monna le mosali ba phelang hamonate lenyalong baa momahana.

Empa ho etsahala’ng ha monna kapa mosali a e-shoa? Maqhama ao ba neng ba e-na le ’ona aa khaoha. Hangata molekane ea setseng o sala a utloile bohloko bo otlang pelo, a jeoa ke bolutu mohlomong a halefile kapa a ikutloa a le molato. Ka lilemo tse 58 tseo a bileng lenyalong ka tsona, Daniella o tsebile batho ba bangata ba ileng ba shoeloa ke balekane. * Empa ka mor’a hore monna oa hae a hlokahale o ile a re: “Pele ke ne ke sa utloisise hantle hore na ho joang ho shoeloa ke molekane. Motho a ke ke a utloisisa seo ho fihlela a tobana le boemo boo.”

BOHLOKO BO SA EENG MORITING

Bafuputsi ba bang ba re ha ho bohloko bo tebileng ho feta ba ho shoeloa ke molekane eo u mo ratang. Ba bangata ba shoetsoeng ke balekane ba lumellana le seo. Ho se ho fetile lilemo tse ngata monna oa Millie a hlokahetse. Ha a bua ka bophelo ba hae e le mohlolohali o re: “Ke utloa eka ke holofetse.” O ne  a hlalosa tsela eo a ikutloang ka eona, ka mor’a hore a shoeloe ke molekane eo ba qetileng lilemo tse 25 ba nyalane.

Susan o ne a atisa ho nahana hore bahlolohali ba qetang lilemo ba ntse ba llela banna ba bona ba fetelletsa litaba. Empa o ile a hlokahalloa ke monna ka mor’a hore ba qete lilemo tse 38 ba nyalane. Ho se ho fetile lilemo tse fetang 20 a hlokahetse, empa o re, “Ke nahana ka eena letsatsi le leng le le leng.” O ntse a atisa ho lla, hobane o mo hloloheloa haholo.

Bibele e bontša hore bohloko ba ho shoeloa ke molekane bo tebile ebile bo lieha ho fela. Ha Sara a hlokahala, monna oa hae Abrahama, o ile ‘a mo bokollela le ho mo llela.’ (Gen. 23:1, 2) Le hoja Abrahama a ne a lumela hore bafu ba tla tsosoa, o ile a utloa bohloko bo tebileng ha a shoeloa ke eo a mo ratang. (Baheb. 11:17-19) Jakobo o ile a lieha ho lebala, ka mor’a hore a shoeloe ke mosali oa hae eo a mo ratang, Ragele. O ile a bua hantle ka eena ho bara ba hae.—Gen. 44:27; 48:7.

Ke’ng seo re ka ithutang sona mehlaleng ee e tlalehiloeng ka Mangolong? Hangata batho ba shoetsoeng ke balekane ba qeta lilemo ba ntse ba utloa bohloko ba seo. Ha rea lokela ho nka hore ha ba lla le ha ba utloile bohloko ke pontšo ea hore baa fokola, empa re lokela ho utloisisa hore ke ka lebaka la bohloko bo tebileng boo ba bo utloang. Ba ka ’na ba hloka hore re ba bontše kutloelo-bohloko le ho ba tšehetsa ka nako e telele.

NKA LETSATSI LE LE LENG KA NAKO

Ho shoeloa ke molekane, hase taba feela ea hore joale motho o khutlela bosoheng. Ka mor’a ho ba lenyalong ka nako e telele, hangata monna o se a tseba tsela ea ho tšelisa mosali oa hae le ho mo hlasimolla ha a sithabetse kapa a nyahame. Ha a hlokahala, mosali o sala a se na motho ea mo bontšang lerato le ho mo tšelisa. Ka ho tšoanang, ha nako e ntse e ea, mosali o ithuta ho etsa hore monna oa hae a ikutloe a sireletsehile a bile a thabile. Ha ho letho le ka bapisoang le tsela e mosa eo a etsang lintho ka eona le mantsoe a hae a thobang, esita le tsela eo a thahasellang ka eona lintho tseo monna oa hae a li thahasellang le tseo a li hlokang. Ha a hlokahala, monna a ka ’na a ikutloa a setse lepalapaleng. Kahoo, ba bang ba shoetsoeng ke balekane baa tšoenyeha esita le ho tšoha se ka ’nang sa etsahala nakong e tlang. Ke molao-motheo ofe oa Bibele o ka ba thusang hore ba be le khotso ba be ba ikutloe ba sireletsehile?

Molimo a ka u thusa hore u nke letsatsi le le leng ka nako e le hore u mamelle bohloko ba ho shoeloa

“Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona. Letsatsi ka leng le lekanoa ke bobe ba lona.” (Mat. 6:34) Moo Jesu o ne a bua ka ho khetheha ka lintho tse bonahalang, empa mantsoe ao a hae a thusitse ba bangata hore ba mamelle bohloko ba ho shoeloa. Likhoeli ka mor’a hore mosali oa hae a hlokahale, monna ea bitsoang Charles o ile a ngola a re: “Ke hloloheloa Monique haholo, ’me ka linako tse ling ke mo hloloheloa hoo ke sa tsebeng hore na ke etse’ng. Leha ho le joalo, kea hlokomela hore ho ikutloa ka tsela eo ho tloaelehile le hore ha nako e ntse e feta, bohloko bo tla qetella bo kokobetse.”

Ka sebele, Charles o ile a lokela ho emela ‘nako hore e fete.’ O ile a khona ho etsa seo joang? O re,  “Ka thuso ea Jehova, ke ile ka nka letsatsi le le leng ka nako.” Charles ha aa ka a sithabetsoa ke ho sareloa. Bohloko boo ha boa ka ba fela ka ho panya ha leihlo, empa le teng ha boa ka ba mo nyotobetsa. Haeba le uena u shoetsoe ke molekane, leka ho nka letsatsi le le leng ka nako. Mohlomong ka le hlahlamang ho tla ba le se u khothatsang.

Jehova o ne a sa rerela batho hore ba shoe. Empa lefu ke o mong oa “mesebetsi ea Diabolose.” (1 Joh. 3:8; Bar. 6:23) Satane o sebelisa lefu le tšabo e ka tlisoang ke lona hore a etse batho ba bangata makhoba le ho ba hlokisa tšepo. (Baheb. 2:14, 15) Satane o oa thaba ha motho a felloa ke tšepo ea hore o tla fumana thabo le khotsofalo ea sebele, esita le lefatšeng le lecha la Molimo. Kahoo, bohloko boo molekane ea setseng a bo utloang bo bakiloe ke sebe sa Adama le maqiti a Satane. (Bar. 5:12) Jehova o tla etsolla tšenyo e bakiloeng ke Satane, ’me a felise sebetsa sena sa hae se sehlōhō, e leng lefu. Ho na le batho ba bangata ba shoetsoeng ke balekane, mohlomong joaloka uena, ba lokolotsoeng litlamong kapa tšabong e bakoang ke Satane.

Ho ba tla tsosetsoa ho tla phela lefatšeng, ho hlakile hore ho tla ba le liphetoho tse ngata. Batsoali, bo-nkhono le bo-ntate-moholo hammoho le ba bang ba tla tsosoa, ’me ba busetsoe phethehong le bana le litloholo tsa bona. Ba tsofetseng ba tla ba bacha hape. Ba tlang ka morao ba ka ’na ba tlameha ho ithuta ho talima baholo-holo ba bona ka tsela e fapaneng le eo ba ba talimang ka eona hona joale. Na hase ’nete hore liphetoho tsee li tla ntlafatsa bophelo ba batho?

 Re ka ’na ra ipotsa lipotso tse ngata ka batho ba tla tsosoa bafung, tse kang hore na ho tla etsahala’ng ka ba shoetsoeng ke balekane ba babeli kapa ho feta. Basaduse ba ile ba botsa Jesu hore na ho tla etsahala’ng ka mosali ea ileng a shoeloa ke monna oa pele, oa bobeli le ba bang ba ’maloa. (Luka 20:27-33) Ha ba se ba tsositsoe bafung, ho tla ba le kamano efe pakeng tsa bona? Ha re tsebe, ’me ho ke ke ha re thusa ka letho ho ingamola hlooho ka lintho tseo re sa li tsebeng. Boemong bona, re lokela ho tšepa Molimo. Sohle seo re se tsebang ke hore ntho leha e le efe eo Jehova a tla e etsa e tla re tsoela molemo, ’me re lokela ho e lebella ka tjantjello, ho e-na le ho tšoha.

TŠEPO EA TSOHO—MOHLOLI OA MATŠELISO

Ntho e ’ngoe eo Lentsoe la Molimo le e rutang ka ho hlaka ke hore baratuoa ba rōna ba shoeleng ba tla tsosoa bafung. Litlaleho tsa Bibele tsa batho ba ileng ba tsosoa bafung nakong e fetileng, li tiisa hore “bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Jesu] ’me ba tsoe.” (Joh. 5:28, 29) Batho ba tla beng ba phela ka nako eo, ba tla thabela ho kopana le ba lokolotsoeng litlamong tsa lefu. Ka lehlakoreng le leng, re sitoa ho lekanyetsa thabo eo ba tla beng ba tsositsoe bafung ba tla e thaba.

Ha bafu ba ntse ba tsosoa, ho tla ba le thabo e khaphatsehang lefatšeng. Batho ba libilione ba shoeleng ba tla boela ba phele. (Mar. 5:39-42; Tšen. 20:13) Bohle ba lahlehetsoeng ke baratuoa ba bona ka lefu, ba ka tšeliseha ha ba thuisa ka mohlolo ona o tla etsahala nakong e tlang.

Na ho na le motho leha e le ofe ea tla ba le lebaka la ho hlonama ha bafu ba tsosoa? Bibele e araba potso eo ka che. Ho latela Esaia 25:8, Jehova “o tla metsa lefu ka ho sa feleng.” Sena se bolela hore o tla tlosa liphello tsohle tse bohloko tse bakoang ke lefu, kaha boprofeta boo bo tsoela pele ho re: “Ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.” Haeba hona joale u utloa bohloko ka lebaka la ho shoeloa ke molekane, ka sebele tšepo ea tsoho e tla u fa lebaka la ho thaba.

Ha ho motho ea utloisisang ka botlalo sohle seo Molimo a tla se etsa lefatšeng le lecha. Jehova o re: “Joalokaha maholimo a phahametse lefatše, le litsela tsa ka li phahametse litsela tsa lōna, le menahano  ea ka e phahametse menahano ea lōna.” (Esa. 55:9) Tsoho ea bafu eo Jesu a e tšepisitseng e re fa monyetla oa ho tšepa Jehova joaloka Abrahama. Habohlokoa ke hore Mokreste ka mong a etse seo Molimo a re laetseng sona, ’me kahoo ‘a nkoe a tšoaneloa ke ho rua tsamaiso eo ea lintho’ hammoho le ba tsositsoeng bafung.—Luka 20:35.

LEBAKA LA HO BA LE TŠEPO

Ho e-na le ho tšoha, e-ba le tšepo. Bokamoso bo ka ’na ba bonahala bo le lerootho ho ea ka pono ea batho. Empa Jehova o re tšepisa bokamoso bo molemo. Le hoja re sa tsebe hantle hore na Jehova o tla khotsofatsa litlhoko le litakatso tsohle tsa rōna joang, ha rea lokela ho belaela hore o tla etsa joalo. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Tšepo e bonoang hase tšepo, etsoe ha motho a bona ntho, na o ba le tšepo bakeng sa eona? Empa haeba re e-ba le tšepo bakeng sa seo re sa se boneng, re tsoela pele ho se letela ka mamello.” (Bar. 8:24, 25) Ho ba le tumelo e matla litšepisong tsa Molimo ho tla re thusa hore re mamelle. Haeba u mamella, u tla thabela ho phela nakong e babatsehang ha Jehova a tla “u fa tseo pelo ea hao e li kōpang.” O tla khotsofatsa “takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.”—Pes. 37:4; 145:16; Luka 21:19.

E-ba le tumelo tšepisong ea Jehova ea ho tlisa bokamoso bo thabileng

Nakoana pele Jesu a bolaoa, barutuoa ba hae ba ile ba ferekana. Jesu o ile a ba tšelisa ka mantsoe ana: “Le se ke la lumella lipelo tsa lōna hore li khathatsehe. Bontšang tumelo ho Molimo, le bontše tumelo le ho ’na.” O ile a re ho bona: “Nke ke ka le siea le lahlehetsoe. Ke tla ho lōna.” (Joh. 14:1-4, 18, 27) Mantsoe ao a hae a ne a tla fa balateli ba hae ba tlotsitsoeng motheo oa tšepo le mamello ho theosa le lilemo tse makholo. Batho ba labalabelang ho bona baratuoa ba bona tsohong, le bona ha ba na lebaka la ho nyahama. Jehova le Mora oa hae ba tla ba tšelisa. U ka kholiseha ka seo!

^ ser. 3 Mabitso a fetotsoe.