Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Rua Molemo ka Botlalo ha U Bala Bibele

Rua Molemo ka Botlalo ha U Bala Bibele

“Ka sebele ke thabela molao oa Molimo.”—BAR. 7:22.

1-3. Re fumana melemo efe ha re bala Bibele re bile re sebelisa seo re ithutileng sona?

“HOSENG ho hong le ho hong ke leboha Jehova ka hore ebe o nthusitse hore ke utloisise Bibele.” Morali’abo rōna ea seng a hōlile ea ileng a bua mantsoe ao, o se a balile Bibele kaofela ka makhetlo a fetang 40 ’me o ntse a tsoela pele ho e bala. Morali e mong oabo rōna e mocha lilemong o boletse hore ho bala Bibele ho mo thusitse hore a hlokomele hore Jehova ke motho oa sebele. Ka lebaka leo, o na le kamano e haufi le Ntate oa hae ea leholimong. O ile a re, “Ha ke e-s’o thabe hakana haesale e le ’na!”

2 Moapostola Petrose o ile a khothalletsa bohle hore ba “hlaolele tabatabelo ea lebese le sa tsoakoang la lentsoe.” (1 Pet. 2:2) Batho ba ithutang Bibele le ba sebelisang seo e se rutang ba ba le letsoalo le hloekileng ebile baa tseba hore na ba phelela’ng. Seo se ba thusa hore ba be le setsoalle le batho ba ratang Molimo oa ’nete ba bileng ba mo sebeletsang. Ana ke mabaka a utloahalang a ho “thabela molao oa Molimo.” (Bar. 7:22) Empa ho boetse ho na le melemo e meng e mengata. E meng ea eona ke efe?

3 Ha u ntse u eketsa tsebo ea hao ka Jehova le Mora oa hae, u tla ba rata le ho feta u be u rate le batho ba bang haholo. Ha u e-na le tsebo e nepahetseng ea Mangolo, seo se tla u thusa hore u bone hore na haufinyane Molimo o tla pholosa batho ba mo mamelang joang tsamaisong ena e tl’o timetsoa. U na le molaetsa o monate oa litaba tse molemo oo u ka u bolellang batho ha u etsa mosebetsi oa boboleli. Jehova o tla u hlohonolofatsa ha u ntse u ruta batho ba bang lintho tseo u ithutileng tsona ha u ntse u bala Lentsoe la Molimo.

BALA U BE U NAHANISISE

4. Ho bala Bibele “ka lentsoe le tlaase” ho bolela’ng?

4 Jehova ha a batle hore bahlanka ba hae ba bale Lentsoe la hae ka lepotlapotla. Ha a bua le Joshua oa mehleng ea boholo-holo o ile a re: “Buka ena ea molao ha ea lokela ho tloha molomong oa hao, ’me u e bale ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare.” (Josh. 1:8; Pes. 1:2) Na taelo ee  e bolela hore u tlamehile ho bala mantsoe ’ohle ka lentsoe le tlaase ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo? Che. E bolela hore u lokela ho bala ka tsela e tla u thusa hore u khone ho thuisa ka seo u se balang. Ha u bala Bibele “ka lentsoe le tlaase,” seo se tla u thusa hore u tsepamise kelello litemaneng tseo ka nako eo e leng tsa bohlokoa haholo ho uena tse bileng li u khothatsang. Ha u fumana lipolelo, litemana kapa litlaleho tse joalo, li bale butle, mohlomong u bale mantsoe ao ka lentsoe le tlaase. Ntlha eo u e fumanang ka hare ho Mangolo e ka ’na ea u finyella pelo. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Hobane ha u utloisisa hore na keletso e tsoang ho Molimo e bolela’ng, seo se tla u susumelletsa hore u e sebelise.

5-7. Bontša hore na ho bala Lentsoe la Molimo ka lentsoe le tlaase ho ka ’na ha u thusa joang hore (a) u lule u hloekile boitšoarong; (b) u bontše mamello le mosa ha u sebetsana le batho ba bang; (c) u tšepe Jehova esita le ha u thulana le mathata.

5 Ho bala ka lentsoe le tlaase ho ka u tsoela molemo ha u bala libuka tsa Bibele tseo u sa li tloaelang. Ho tea mohlala, nahana ka maemo ana a mararo. Ba pele, nahana ka mohlankana oa Mokreste eo ha a ntse a etsa ’malo oa hae oa Bibele a fihlang boprofeteng ba Hosea. Ha a fihla khaolong ea 4, oa ema ha a qeta ho bala temana ea 11 ho ea ho ea 13 ka lentsoe le tlaase. (Bala Hosea 4:11-13.) Hobane’ng? Litemana tseo li hapa kelello ea hae kaha ha a le sekolong o thulana le bothata ba hore lithaka tsa hae li mo susumelletsa ho etsa boitšoaro bo bobe. O nahanisisa ka litemana tseo ebe oa nahana o re: ‘Jehova o bona lintho tse mpe tseo batho ba li etsang, esita le tseo ba li etsang boinotšing. Ha ke batle ho mo utloisa bohloko.’ Mora eo oabo rōna o etsa qeto ea hore o tla lula a hloekile boitšoarong mahlong a Molimo.

6 Boemong ba bobeli, morali’abo rōna o bala boprofeta ba Joele ’me o fihla khaolong ea 2, temaneng ea 13. (Bala Joele 2:13.) Ha a ntse a bala temana eo ka lentsoe le tlaase, o nahana ka hore na a ka etsisa Jehova joang kaha “o mosa ’me o mohau, o lieha ho halefa ’me o tletse mosa o lerato.” O etsa qeto ea hore a khaotse hore ka linako tse ling a phoqe kapa a omane ha a bua le monna oa hae kapa batho ba bang.

7 Boemong ba boraro, ntate oa Mokreste ea feletsoeng ke mosebetsi o tšoenyehile ka hore na o tla hlokomela mosali oa hae le bana joang. Ho Nahume 1:7, o bala ka lentsoe le tlaase moo ho thoeng Jehova “o ela hloko ba batlang setšabelo ho eena” ’me o ba sireletsa joaloka “qhobosheane letsatsing la mahlomola.” Seo sea mo khothatsa. Oa hlokomela hore Jehova oa mo rata ebile oa mo tsotella ’me o khaotsa ho tšoenyeha ho tlōla tekano. Ka mor’a moo o bala temana ea 15 ka lentsoe le tlaase. (Bala Nahume 1:15.) Mor’abo rōna oa hlokomela hore ha a tsoela pele ho bolela litaba tse molemo le nakong eo ho leng boima, o bontša hore ka sebele o nka Jehova e le qhobosheane ea hae. Mor’abo rōna o ntse a tsoela pele ho batla mosebetsi, empa o boetse o ba teng tšebeletsong ea tšimo har’a beke.

8. Ka bokhutšoanyane, pheta hore na ke letlotlo lefe la moea leo u le fumaneng ’malong oa hao oa Bibele.

8 Lintlha tsena tse molemo tseo ho sa tsoa buuoa ka tsona, li tsoa libukeng tsa Bibele tseo batho ba bang ba nkang hore li thata. Ha u ntse u hlahloba buka ea Hosea, ea Joele le ea Nahume ka sepheo sa hore u ithute tsona, u tla batla ho bala le litemana tse ling ho tsona ka lentsoe le tlaase. Nahana feela hore na u tla fumana bohlale le khothatso e kae libukeng tsa baprofeta bao! Ho thoe’ng ka libuka tse ling tsa Bibele? Lentsoe la Molimo le tšoana le morafo oa taemane o nang le taemane e ngata. Le uena rafa morafong oo! Bala Bibele eohle ka sepheo sa hore u fumane letlotlo la tataiso le khothatso e tsoang ho Molimo.

LOANELA HORE U UTLOISISE SEO U SE BALANG

9. Re ka eketsa kutloisiso ea rōna mabapi le thato ea Molimo joang?

9 Le hoja e le habohlokoa hore u bale Bibele letsatsi le leng le le leng, e boetse ke habohlokoa hore u e utloisise. Ka lebaka leo, sebelisa lingoliloeng tseo mokhatlo oa Jehova o fanang ka tsona ka tsela eo li tla u tsoela molemo ka hore u etse lipatlisiso ka batho bao u  balang ka bona hammoho le libaka le liketsahalo tseo u balang ka tsona. Hape, haeba u ipotsa hore na thuto e itseng ea Bibele e ka ’na ea ama bophelo ba hao joang, u ka ’na ua kōpa moholo kapa Mokreste e mong ea hōlileng moeeng hore a u thuse. E le ho bontša hore na ke habohlokoa hakae hore re eketse kutloisiso ea rōna, a re ke re tšohleng mohlala oa Mokreste e mong oa lekholong la pele la lilemo ea ileng a loanela ho etsa seo. Lebitso la hae ke Apolose.

10, 11. (a) Apolose o ile a thusoa joang hore e be ’moleli oa litaba tse molemo ea atlehang? (b) Ke sefe seo re ka ithutang sona tlalehong ea Apolose? (Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Na U Ruta Lintho Tse Nakong?”)

10 Apolose e ne e le Mokreste oa Mojuda ea neng a “rutehile haholo Mangolong” a bile “a cheseha moeeng.” Ha buka ea Liketso e bua ka eena e re: “A qala ho bua le ho ruta ka mokhoa o nepahetseng lintho tse mabapi le Jesu, empa a tloaelane le kolobetso ea Johanne feela.” Apolose o ne a sa hlokomele hore thuto eo a neng a ntse a e ruta mabapi le kolobetso e ne e siiloe ke nako. Ka mor’a hore banyalani ba bang ba Bakreste e leng Prisilla le Akuila ba mo utloe a ruta Efese, ba ile ba mo hlalosetsa “tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane.” (Lik. 18:24-26) See se ile sa tsoela Apolose molemo joang?

11 Ka mor’a hore a bolele Efese, Apolose o ile a ea Akaia. “Ha a fihla moo, a thusa ka tsela e khōlō ba neng ba lumetse ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Molimo; kaha ka matla a maholo o ile a paka ka ho phethahetseng phatlalatsa hore Bajuda ba fositse, ha a ntse a bontša ka Mangolo hore Jesu ke Kreste.” (Lik. 18:27, 28) Ka nako eo, Apolose o ne a khona ho hlalosa ka tsela e nepahetseng hore na kolobetso ea Bokreste e bolela’ng. Kaha kutloisiso ea hae e ne e se e eketsehile, o ile a khona ho “thusa ka tsela e khōlō” batho ba bacha hore ba tsoele pele borapeling ba ’nete. Re ka ithuta’ng tlalehong ee? Joaloka Apolose, re etsa boiteko ba hore re utloisise seo re se balang ka Bibeleng. Leha ho le  joalo, ha molumeli-’moho le rōna ea nang le boiphihlelo a etsa tlhahiso ea hore na re ka atleha joang ha re ruta ba bang, re batla hore re amohele thuso eo ka boikokobetso re be re bontše hore rea e ananela. Ha re etsa joalo, tšebeletso ea rōna e halalelang e tla ntlafala.

SEBELISA SEO U ITHUTANG SONA HO THUSA BA BANG

12, 13. Bontša hore na ho sebelisa Mangolo ka bohlale ho ka ’na ha thusa liithuti tsa Bibele joang hore li tsoele pele moeeng.

12 Joaloka Prisilla, Akuila le Apolose, re ka thusa batho ba bang haholo. Ha khothatso eo u e fang motho ea thahasellang ’nete e mo thusa hore a hlōle bothata bo mo sitisang ho tsoela pele moeeng, u ikutloa joang? Kapa haeba u moholo, u ikutloa joang ha morapeli-’moho le uena a u leboha ka lebaka la keletso e thehiloeng Mangolong eo u ileng ua mo fa eona e mo thusitseng ha a ne a e-na le mathata? Ho hlakile hore ho sebelisa Lentsoe la Molimo ho thusa batho ba bang hore ba ntlafatse bophelo ba bona hoa khotsofatsa ebile hoa thabisa. * Hlokomela hore na u ka finyella seo joang.

13 Mehleng ea Elia, Baiseraele ba bangata ba ne ba sa tsebe moo ba oelang teng mabapi le borapeli ba ’nete le ba bohata. Keletso eo Elia a ileng a e fa batho bao e ka thusa seithuti sa Bibele se sa tsoeleng pele moeeng. (Bala 1 Marena 18:21.) Nahana ka boemo bo bong: Haeba motho ea thahasellang a tšaba hore na metsoalle ea hae kapa ba lelapa labo ba tla re’ng, u ka ’na ua mo thusa hore a matlafatse boikemisetso ba hae ba ho rapela Jehova ka ho mo behela mabaka ka Esaia 51:12, 13.E bale.

14. Ke eng e tla u thusa hore u hopole litemana tsa Bibele ha u li hloka hore u tsebe ho thusa batho ba bang?

14 Ho hlakile hore Bibele e na le mantsoe a mangata a ka khothatsang, a ka laeang le a ka matlafatsang batho ba e balang. Empa u ka ’na ua ipotsa, ‘Nka etsa joang hore ke hopole mangolo nakong eo ke a hlokang?’ Bala Bibele ’me u thuise ka menahano ea Molimo letsatsi le leng le le leng. Ka tsela eo, u tla ba le pokello ea lipolelo tse tsoang ho Molimo tseo moea oa Jehova o ka u thusang hore u li hopole ha u li hloka.—Mar. 13:11; bala Johanne 14:26. *

15. Ke’ng e tla u thusa hore u utloisise Lentsoe la Molimo ka botlalo?

15 Joaloka Morena Solomone, rapela Jehova hore a u fe bohlale ba hore u phethe mesebetsi ea hao ea puso ea Molimo. (2 Likron. 1:7-10) Joaloka baprofeta ba mehleng ea boholo-holo, ‘botsisisa ka ho khothala ’me u batlisise’ tsebo e nepahetseng ea Jehova le thato ea hae Lentsoeng la Molimo. (1 Pet. 1:10-12) Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Timothea hore a iphepe “ka mantsoe a tumelo le a thuto e ntle.” (1 Tim. 4:6) Ha u etsa joalo, u tla khona ho thusa batho ba bang moeeng. Ka nako e tšoanang u tla matlafatsa tumelo ea hao.

TŠIRELETSO EA SEBELE E THEHILOENG LENTSOENG LA MOLIMO

16. (a) Ho “hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng” ho ile ha tsoela Baberea molemo joang? (b) Ke hobane’ng ha kajeno e le habohlokoa hore re bale Bibele letsatsi le leng le le leng?

16 Bajuda ba Berea e leng motse oa Macedonia, ba ne ba tloaetse ho “hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng.” Ha Pauluse a ne a bolela litaba tse molemo ho Bajuda bao, ba ile ba bapisa lintho tseo a neng a li bua le tsebo ea Mangolo eo ba neng ba e-na le eona. Litholoana tsa seo e ile ea e-ba life? Batho ba bangata ba ne ba kholisehile hore seo a neng a se ruta ke ’nete, kahoo e ile “ea e-ba balumeli.” (Lik. 17:10-12) Sena se bontša hore ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng ho etsa hore motho a be le tumelo  e matla ho Jehova. Tumelo e joalo, e leng “tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona,” ea hlokahala e le hore re tsebe ho pholohela lefatšeng le lecha la Molimo.—Baheb. 11:1.

17, 18. (a) Tumelo e matla le lerato li ka sireletsa pelo ea Mokreste ea tšoantšetso joang? (b) Tšepo e re sireletsa kotsing joang?

17 Ke ka lebaka le utloahalang Pauluse a ileng a ngola a re: “Empa ha e le rōna ba motšehare, a re luleng re hlaphohetsoe likelellong ’me re apare tšireletso ea sefuba ea tumelo le lerato ’me re roale tšepo ea poloko e le helmete.” (1 Bathes. 5:8) Ho hlokahala hore pelo ea lesole e sireletsoe ho ba lireng. Ka tsela e tšoanang, ho hlokahala hore pelo ea Mokreste ea tšoantšetso e sireletsoe sebeng. Ha Mokreste a e-na le tumelo e matla litšepisong tsa Molimo, a Mo rata haholo a bile a rata le batho ba bang, o sireletsa pelo ea hae ea tšoantšetso. Motho ea joalo o tla etsa sohle seo a ka se khonang hore a lule a amoheleha ho Molimo.

18 Pauluse o ile a boela a bua ka helmete, e leng “tšepo ea poloko.” Haeba lesole la mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele le ne le sa sireletse hlooho ea lona, le ne le ka ’na la bolaoa habonolo ntoeng. Empa haeba le ne le roetse helmete e thata, le ne le ke ke la tsoa likotsi tse mpe le haeba le ne le ka otloa hloohong. Re ba le tšepo ea hore Jehova a ka re pholosa haeba re ithuta Lentsoe la hae. Ho ba le tšepo e matla ho re thusa hore re se ke ra mamela bakoenehi hammoho le “lipuo [tsa bona] tsa lefeela” tse atang joaloka ho petla ha seso. (2 Tim. 2:16-19) Tšepo ea rōna e tla boela e re matlafatse hore re se ke ra mamela batho ba ka re susumelletsang hore re etse boitšoaro boo Jehova a bo nyatsang.

NTHO E KA RE THUSANG HO PHOLOHA

19, 20. Ke hobane’ng ha re nka Lentsoe la Molimo e le la bohlokoa haholo, hona re bontša joang hore rea le ananela? (Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Jehova o Mpha Seo ke Hlileng ke se Hlokang.”)

19 Ha re ntse re atamela haufi haholo le bofelo, ho hlokahala hore re itšetlehe ka Lentsoe la Jehova le ho feta. Keletso eo re e fumanang ho lona e re thusa hore re lokise mekhoa e mebe re be re laole takatso ea ho etsa sebe. Ka lebaka la khothatso le matšeliso ao re a fumanang ho lona, re tla khona ho hlōla liteko tseo re li tlisetsoang ke Satane le lefatše la hae. Tataiso eo Jehova a re fang eona ka Lentsoe la hae e tla re thusa hore re lule re le tseleng e isang bophelong.

20 Hopola hore thato ea Molimo ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe.” Bahlanka ba Jehova ba har’a “batho ba mefuta eohle.” Batho bao re ka ’nang ra ba thusa ka mosebetsi oa rōna oa boboleli le oa ho ruta le bona ba har’a batho ba mefuta eohle. Leha ho le joalo, batho bohle ba batlang ho pholoha ba lokela ho fumana ‘tsebo e nepahetseng ea ’nete.’ (1 Tim. 2:4) Kahoo, e le hore batho ba pholohe matsatsing a ho qetela, ba lokela ho bala Bibele le ho mamela litaelo tsa eona tse bululetsoeng. Ka sebele, ha re bala Bibele letsatsi le leng le le leng re bontša hore re nka Lentsoe la Jehova la ’nete e le la bohlokoa haholo.—Joh. 17:17.

^ ser. 12 ’Nete ke hore ha rea lokela ho sebelisa keletso ea Bibele ho qobella batho ba bang ho etsa lintho kapa ho ba nyatsa. Re lokela ho mamella batho bao re ithutang Bibele le bona re be re be mosa ho bona joalokaha Jehova a re mamella a bile a le mosa ho rōna.—Pes. 103:8.

^ ser. 14 U ka etsa’ng haeba u hopola mantsoe a sehlooho a temana empa u sa hopole hore na a hlaha bukeng efe, khaolong kapa temaneng efe? U ka ’na ua fumana temana eo ka ho sheba mantsoe ao litšupisong tse karolong e ka morao ea Bibele, ho Watchtower Library kapa tlhahlamanong ea mantsoe a sehlooho Phetolelong ea Lefatše le Lecha.