Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bacha—Etsang Hore Tsoelo-Pele ea Lōna e Bonahale

Bacha—Etsang Hore Tsoelo-Pele ea Lōna e Bonahale

Bacha​—Etsang Hore Tsoelo-Pele ea Lōna e Bonahale

“Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.”—1 TIM. 4:15.

1. Molimo o batla hore bacha ba etse’ng?

“UENA mocha, u ithabise bocheng ba hao! Pelo ea hao e ke e u thabise matsatsing a bocha ba hao.” (Moek. 11:9, Tanakh—The Holy Scriptures) Morena Solomone ea bohlale oa Iseraele ea boholo-holo ke eena ea ileng a ngola mantsoe ana. Ka sebele, Moqapi oa molaetsa ona, e leng Jehova Molimo, o batla hore lōna bacha le thabe. Ho feta moo, Jehova o batla hore thabo ea lōna e se ke ea fella feela nakong ea bocha ba lōna. Leha ho le joalo, hangata lilemong tseo tsa bocha, bacha ba ka ’na ba etsa liphoso tse tla ama thabo ea bona ea nako e tlang. Esita le Jobo ea tšepahalang o ile a ikoahlaea ka lebaka la “liphello tsa liphoso tsa bocha ba [hae].” (Jobo 13:26) Hangata Mokreste ea ntseng a le mocha lilemong o lokela ho etsa liqeto tse khōlō. Ho etsa liqeto tse fosahetseng ho ka senya maikutlo a hae ha ba ha mo bakela mathata a ka ’nang a ama bophelo bohle ba hae.—Moek. 11:10.

2. Bacha ba ka qoba ho etsa liphoso tse khōlō ka ho sebelisa keletso efe ea Bibele?

2 Bacha ba lokela ho ba hlokolosi ha ba etsa liqeto. Nahana ka keletso eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Bakorinthe. O ile a ngola a re: “Le se ke la ba bana matleng a kutloisiso . . . Le be ba hōlileng ka ho feletseng matleng a kutloisiso.” (1 Bakor. 14:20) Ho mamela keletso e mabapi le ho ba le bokhoni ba ho nahana le ba ho beha mabaka joaloka motho ea hōlileng ka ho feletseng, ho tla thusa bacha hore ba se ke ba etsa liphoso tse khōlō.

3. Ke sefe seo u ka se etsang e le hore u fihlele khōlo ea moea?

3 Haeba u mocha, hopola hore ho hlokahala hore u ikitlaetse e le hore u fihlele khōlo ea moea. Pauluse o ile a bolella Timothea a re: “Ho se ke ha e-ba le motho eo le ka mohla a khellang bocha ba hao tlaase. Ho fapana le hoo, ho ba tšepahalang u be mohlala ho bueng, boitšoarong, leratong, tumelong, tlhoekong. . . . U tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa, ho eletseng, ho ruteng. . . . Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.” (1 Tim. 4:12-15) Bacha ba Bakreste ba lokela ho hatela pele le ho etsa hore tsoelo-pele ea bona e bonahale ho ba bang.

Tsoelo-pele ke Eng?

4. Ho ba Mokreste ea tsoelang pele moeeng ho akarelletsa eng?

4 Ho tsoela pele ke “ho hatela pele, ke ho ntlafatsa.” Pauluse o ne a khothalletsa Timothea hore a ’ne a ikitlaelletse ho hatela pele ho bueng, boitšoarong, leratong, tumelong le tlhoekong esita le tseleng eo a phethang bosebeletsi ba hae ka eona. O ne a lokela ho loanela hore mokhoa oa hae oa bophelo e be o behang mohlala. Kahoo, ho ne ho hlokahala hore Timothea a ’ne a tsoele pele moeeng.

5, 6. (a) Tsoelo-pele ea Timothea e ile ea qala ho bonahala neng? (b) Kajeno, bacha ba ka etsisa Timothea joang tabeng ea ho tsoela pele?

5 Ha Pauluse a ne a ngola keletso ena neng-neng pakeng tsa 61 le 64 C.E., Timothea e ne e se ntse e le moholo ea nang le boiphihlelo. E ne e se hona a qalang ho bontša tsoelo-pele moeeng. Ka 49 kapa ka 50 C.E. mohlomong ha Timothea a ne a le lilemo tse ka bang 20, o ne a “buuoa hantle ke barab’abo rōna Lystra le Ikoniamo” ba neng ba ’nile ba bona tsoelo-pele ea hae moeeng. (Lik. 16:1-5) Ka mor’a moo, Pauluse o ile a tsamaea le Timothea maetong a hae e le moromuoa. Ka mor’a hore Pauluse a bone tsoelo-pele ea Timothea ka likhoeli tse itseng, o ile a mo roma Thesalonika hore a e’o tšelisa le ho tiisa Bakreste ba motseng oo. (Bala 1 Bathesalonika 3:1-3, 6.) Ha ho pelaelo hore ha Timothea e ne e sa le mocha, o ile a qala ho etsa hore tsoelo-pele ea hae e bonahale ho ba bang.

6 Lōna bacha ba ka phuthehong, sebeletsang hore le be le makhabane a moea a hlokahalang hona joale e le hore tsoelo-pele ea lōna bophelong ba Bokreste le tsebong ea lōna ea ho ruta linnete tsa Bibele, e ka bonoa ka ho hlaka. Jesu o ile a “hatela pele bohlaleng” ho tloha ha a ne a le lilemo li 12. (Luka 2:52) Kahoo, a re ke re hlahlobeng hore na le ka etsa joang hore tsoelo-pele ea lōna e bonahale likarolong tse tharo tsa bophelo ba lōna: (1) ha le thulana le mathata, (2) ha le itokisetsa lenyalo le (3) ha le ntse le loanela ho ba ‘basebeletsi ea khabane.’—1 Tim. 4:6.

Le Loantše Mathata ka “ho Hlaphoheloa Kelellong”

7. Mathata a ka ama bacha joang?

7 Mocha e mong oa Mokreste ea lilemo li 17 ea bitsoang Carol o ile a re, “Ka linako tse ling ke ’nile ka tšoenyeha haholo maikutlong, ka khathala ’meleng le kelellong hoo ke neng ke bile ke sa batle ho tsoha hoseng.” * Ke hobane’ng ha a ne a tšoenyehile hakaale? Ha Carol a ne a le lilemo li leshome, batsoali ba hae ba ile ba hlalana, ’me o ile a qetella a lula le ’mè oa hae ea neng a sa batle ho sebelisa melao ea Bibele ea boitšoaro. Joaloka Carol, e ka ’na eaba le thulana le maemo a tšoenyang haholo ao ho sa bonahaleng a tla ntlafala.

8. Timothea o ile a loana le mathata afe?

8 Ha Timothea a ntse a tsoela pele moeeng le eena o ile a loana le mathata a boima. Ka mohlala, o ne a “kula khafetsa” ka lebaka la boloetse ba mala. (1 Tim. 5:23) Ha Pauluse a ne a mo romela Korinthe hore a e’o rarolla mathata a itseng a neng a bakoa ke batho ba neng ba le khahlanong le bolaoli ba moapostola Pauluse, Pauluse o ile a khothalletsa phutheho hore e sebelisane le eena, e le hore Timothea “a se ke a ba le tšabo” har’a bona. (1 Bakor. 4:17; 16:10, 11) Ho bonahala eka Timothea o ne a le lihlong kapa a le monyemo.

9. Ho hlaphoheloa kelellong ke eng, hona ho fapane joang le moea oa bokoala?

9 E le hore a thuse Timothea, hamorao Pauluse o ile a mo hopotsa a re: “Molimo ha aa re fa moea oa bokoala, empa o re file moea oa matla le oa lerato le oa ho hlaphoheloa kelellong.” (2 Tim. 1:7) “Ho hlaphoheloa kelellong” ho akarelletsa ho tseba ho nahana le ho beha mabaka ka tsela e utloahalang. Ho akarelletsa bokhoni ba ho tobana le maemo kamoo a leng kateng—eseng kamoo u neng u ka lakatsa hore a be kateng. Bacha ba bang ba sa hōlang moeeng ba bontša moea oa bokoala ’me ba leka ho iphapanyetsa ho tšoenyeha kelellong ka ho robala kapa ho shebella TV ho tlōla, ho sebelisa joala kapa lithethefatsi hampe, ho lula ba le meketjaneng ea boithabiso kapa ho kopanela boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate. Bakreste ba eletsoa hore ba ‘hane ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše le ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo har’a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho.’—Tite 2:12.

10, 11. Ho hlaphoheloa kelellong ho re thusa hore re be matla moeeng joang?

10 Bibele e eletsa “banna ba bacha hore ba hlaphoheloe kelellong.” (Tite 2:6) Ha le mamela keletso ena, ho bolela hore le tla rapela ha le tobana le mathata ebile le tla tšepa matla ao Molimo a fanang ka ’ona. (Bala 1 Petrose 4:7.) Kahoo, ho tloha botebong ba pelo, le tla tšepa “matla ao Molimo a fanang ka ’ona.”—1 Pet. 4:11.

11 Carol o ile a thusoa ke ho hlaphoheloa kelellong le thapelo. O ile a re: “Ntho e thata ka ho fetisisa eo ke neng ke lokela ho e etsa ke ho qoba lintho leha e le life tse neng li amana le bophelo bo hlephileng ba ’mè oa ka. Empa thapelo e ile ea nthusa haholo. Kea tseba hore Jehova o na le ’na, kahoo, ha ke sa tšoha letho.” Hopola hore mathata a ka u etsa motho ea molemo a ba a u matlafatsa. (Pes. 105:17-19; Lillo. 3:27) Ho sa tsotellehe hore na u tobane le eng, le ka mohla Molimo a ke ke a u soetsa. “Ka sebele [o] tla u thusa.”—Esa. 41:10.

Ho Itokisetsa Lenyalo le Tla Atleha

12. Ke hobane’ng ha Mokreste ea nahanang ka ho kena lenyalong a lokela ho sebelisa molao-motheo o ho Liproverbia 20:25?

12 Batho ba bang ba sa ntseng ba le bacha lilemong, ba ile ba potlakela ho kena lenyalong ba e-na le tumelo ea hore le felisa ho hloka thabo, bolutu, ho teneha le mathata a hlahang lapeng. Leha ho le joalo, ho nka likano tsa lenyalo hase papali. Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, batho ba bang ba ne ba potlakela ho etsa likano tse halalelang ba sa seka-seka ka hloko hore na ho hlokahala eng. (Bala Liproverbia 20:25.) Ka linako tse ling, batho ba bang ba sa ntseng ba le bacha lilemong, ha ba nahane ka ho teba ka hore na ke eng e hlokahalang lenyalong. Hamorao, ba hlokomela hore ho ameha lintho tse ngata ho feta kamoo ba neng ba nahanne kateng.

13. Batho ba nahanang ka ho ratana ba lokela ho ipotsa lipotso life, hona ba ka fumana keletso e molemo hokae?

13 Kahoo, pele u qala ho ratana le motho, ipotse: ‘Ke hobane’ng ha ke batla ho kena lenyalong? Ke lebeletse eng lenyalong? Na ebe motho eo o ntoketse? Na ka sebele ke ikemiselitse ho jara boikarabelo ba ka lenyalong?’ E le hore “lekhoba le tšepahalang le le masene” le u thuse ho itlhahlobisisa, le hatisitse lihlooho tse ngata tse tobang taba. * (Mat. 24:45-47) Nka lihlooho tseo e le keletso eo Jehova a u fang eona. Hlahloba se boletsoeng moo ka hloko u be u se sebelise. Le ka mohla u se ke ua lumela hore u be “joaloka pere kapa ’moulo o se nang kutloisiso.” (Pes. 32:8, 9) E-ba ea hōlileng ka ho feletseng kutloisisong ea hao ea hore na ho hlokahala eng lenyalong. Haeba u ikutloa hore u se u loketse ho ratana, kamehla u hopole hore u lokela ho ba “mohlala . . . tlhoekong.”—1 Tim. 4:12.

14. Tsoelo-pele ea moea e ka u thusa joang ha u kena lenyalong?

14 Khōlo ea moea e boetse e etsa hore lenyalo le atlehe ka mor’a lechato. Mokreste ea hōlileng ka ho feletseng o loanela ho finyella ‘tekanyo ea boholo ba botlalo ba Kreste.’ (Baef. 4:11-14) O sebetsa ka thata hore a be le botho bo kang ba Kreste. Kaha ke eena ea re behelang mohlala, “Kreste ha aa ka a ikhahlisa.” (Bar. 15:3) Ha molekane e mong le e mong a batla se khahlisang molekane oa hae eseng se khahlisang eena, lelapeng la bona ho tla rena khotso ’me ba tla lula hamonate. (1 Bakor. 10:24) Monna o tla itella mosali oa hae ka lerato ’me le mosali o tla ikemisetsa ho ikokobelletsa monna oa hae joalokaha Jesu a ikokobelletsa Hlooho ea hae.—1 Bakor. 11:3; Baef. 5:25.

“U Phethe Bosebeletsi ba Hao ka Botlalo”

15, 16. U ka etsa hore tsoelo-pele ea hao e bonahale joang tšebeletsong?

15 Ha Pauluse a ne a bua ka mosebetsi oa bohlokoa oa Timothea, o ile a ngola a re: “Ke u laela ka tieo ka pel’a Molimo le Kreste Jesu, . . . u bolele lentsoe, u be ho lona ka ho phehella.” O ile a eketsa ka ho re: “U etse mosebetsi oa moevangeli, u phethe bosebeletsi ba hao ka botlalo.” (2 Tim. 4:1, 2, 5) E le hore Timothea a phethe taelo ena, o ne a lokela hore e be “ea fepiloeng ka mantsoe a tumelo.”—Bala 1 Timothea 4:6.

16 U ka ba “ea fepiloeng ka mantsoe a tumelo” joang? Pauluse o ile a ngola a re: “U tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa, ho eletseng, ho ruteng. Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona.” (1 Tim. 4:13, 15) E le hore motho a hatele pele, ho hlokahala hore a khothalle ho ithuta. Poleloana e reng “ikakhele ka setotsoana” e fana ka moelelo oa ho ithukhubetsa. Mekhoa ea hao ea ho ithuta e joang? Na u ikakhela ka setotsoana ‘linthong tse tebileng tsa Molimo’? (1 Bakor. 2:10) Kapa u etsa boiteko bo fokolang feela? Ha u nahanisisa ka seo u ithutang sona, seo se tla u susumelletsa hore u hatele pele moeeng.—Bala Liproverbia 2:1-5.

17, 18. (a) U lokela ho leka ka matla ho ba le tsebo ea eng? (b) Ho ba le boikutlo bo kang ba Timothea ho tla u thusa joang tšebeletsong?

17 Pula-maliboho e mong e monyenyane ea bitsoang Michelle o re: “E le hore ke atlehe e le kannete tšebeletsong, ke na le kemiso e ntle ea thuto ea botho ebile ke ea libokeng kamehla. Ka lebaka la sena, ke lula ke hōla moeeng.” Ka sebele ho ba pula-maliboho ho tla u thusa hore u ntlafatse tsebo ea hao ea ho sebelisa Bibele ha u le tšimong, ho be ho u thuse ho tsoela pele moeeng. Leka ka matla ho ntlafatsa tsebo ea hao ea ho bala le ho fana ka litlhaloso tse utloahalang ha u le libokeng tsa Bokreste. Kaha u mocha ea hōlileng moeeng, u tla bontša tsoelo-pele ka hore u lokisetse lipuo tse rutang tsa liithuti Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, u sebelisa feela sehlooho le boitsebiso boo u bo filoeng.

18 ‘Ho etsa mosebetsi oa moevangeli’ ho bolela ho etsa hore tšebeletso ea hao e atlehe haholo le hore u thuse ba bang hore ba bolokehe. Sena se hloka hore u ntlafatse “tsebo ea ho ruta.” (2 Tim. 4:2) Ka ho etsa litlhophiso tsa hore u sebetse tšimong le batho ba nang le boiphihlelo mosebetsing ona, u tla ithuta tsela eo ba rutang ka eona joalokaha Timothea a ile a ithuta ka ho sebetsa le Pauluse. (1 Bakor. 4:17) Ha Pauluse a bua ka bao a ba thusitseng, o ile a re ha aa ka a ba bolella litaba tse molemo feela empa o ile a boela a ba tella ‘moea oa hae,’ kapa o ile a sebelisa le bophelo ba hae ho ba thusa, kaha o ne a ba rata. (1 Bathes. 2:8) E le hore u latele mohlala oa Pauluse tšebeletsong, u lokela ho ba le boikutlo bo kang ba Timothea, eo kannete a neng a hlokomela ba bang le eo e ileng ‘ea ba lekhoba ho ntšetseng pele litaba tse molemo.’ (Bala Bafilipi 2:19-23.) Na u bontša moea oo oa boitelo tšebeletsong?

Tsoelo-pele e Khotsofatsa e le Kannete

19, 20. Ke hobane’ng ha ho tsoela pele moeeng ho thabisa?

19 Ho tsoela pele moeeng ho hloka hore motho a etse boiteko. Empa haeba ka mamello u ntlafatsa tsebo ea hao ea ho ruta, ha nako e ntse e feta u tla ba le tokelo ea ho “ruisa ba bangata” moeeng, ’me batho bao e tla ba “thabo [ea hao] kapa moqhaka oa thabo e khaphatsehang.” (2 Bakor. 6:10; 1 Bathes. 2:19) Fred, eo e leng mosebeletsi oa nako e tletseng o re: “Ke qeta nako e ngata ho feta pele ke thusa batho ba bang. Ke ’nete hore ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”

20 Ha a bua ka thabo le khotsofalo tseo a bileng le tsona ka lebaka la ho hōla moeeng, pula-maliboho e mong e monyenyane ea bitsoang Daphne o ile a re: “Ke ile ka ba le kamano e haufi le Jehova ha ke ntse ke ithuta haholo ka eena. Ha u khahlisa Jehova kahohle kamoo u ka khonang, u ikutloa u thabile haholo—u khotsofetse e le kannete!” Le hoja e se kamehla batho ba ka ’nang ba hlokomela ha motho a tsoela pele moeeng, kamehla Jehova eena oa bona ebile oa ho ananela. (Baheb. 4:13) Ha ho pelaelo hore lōna bacha ba Bakreste le ka tlotlisa la ba la rorisa Ntate oa rōna ea leholimong. Le tsoele pele ho thabisa pelo ea hae ha kannete le ntse le etsa hore tsoelo-pele ea lōna e bonahale.—Liprov. 27:11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Mabitso a mang a fetotsoe.

^ ser. 13 “Na Motho eo o Ntoketse?” bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2; “Tataiso Ea Molimo Ho Khetheng Molekane Oa Lenyalo,” Molula-Qhooeng oa May 15, 2001; le “Na ho Bohlale hore Bacha ba Nyale?” Tsoheng! ea March 8, 1984.

U Ithutile Eng?

• Ho tsoela pele moeeng ho akarelletsa eng?

• U ka etsa joang hore tsoelo-pele ea hao e bonahale . . .

ha u thulana le mathata?

ha u itokisetsa ho kena lenyalong?

ha u le tšimong?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Thapelo e ka u thusa ho hlōla mathata

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Bahoeletsi ba bacha lilemong ba ka etsa joang hore ba be le mekhoa ea ho ruta e atlehang?