Ho Etsa Jehova Molimo oa Hao
Ho Etsa Jehova Molimo oa Hao
MEHLENG ea boholo-holo, batho ba itseng ba ne ba e-na le kamano e haufi haholo le Jehova hoo ho neng ho boleloa hore ke Molimo oa bona. Ka mohlala, Mangolong, ho hlalosoa hore Jehova ke “Molimo oa Abrahama,” ‘Molimo oa Davida,’ le “Molimo oa Elia.”—Genese 31:42; 2 Marena 2:14; 20:5.
Ebe ho ile ha etsahala joang hore e mong le e mong oa banna baa a be le kamano e haufi le Molimo? Re ka ithuta eng ho bona e le hore le rōna re ka ba le kamano e haufi ea motho ka mong le ’Mōpi oa rōna ra ba ra lula re e-na le eona?
Abrahama o Ile a Beha “Tumelo ho Jehova”
Abrahama ke eena motho oa pele eo Bibele e bolelang hore o ile a beha tumelo ho Jehova. Tšobotsi ea bohlokoa ea Abrahama e ileng ea etsa hore a amoheloe ke Molimo, ke tumelo. Ha e le hantle, Jehova o ne a rata Abrahama hoo hamorao ’Mōpi a ileng a itsebahatsa ho Moshe e le “Molimo oa Abrahama,” oa mora oa hae, Isaka le oa setloholo sa hae, Jakobo.—Genese 15:6; Exoda 3:6.
Ho tlile joang hore Abrahama a be le tumelo ea mofuta oo ho Molimo? Ntlha ea pele, Abrahama o ile a haha tumelo ea hae motheong o tiileng. Mohlomong o ne a rutiloe litsela tsa Jehova ke mora oa Noe, Sema, eo e neng e le paki e boneng ka mahlo liketso tse pholosang tsa Molimo. Sema o ne a bone ka boeena hore Jehova o ile “a sireletsa Noe, ’moleli oa ho loka, hammoho le ba bang ba supileng ha a tlisa moroallo holim’a lefatše la batho ba se nang bomolimo.” (2 Petrose 2:5) Mohlomong Abrahama o ne a ithutile ho Sema hore hang ha Jehova a tšepisa ntho e itseng, joang kapa joang e ne e tla phethahala. Ho sa tsotellehe seo, ha Abrahama ka boeena a fumana tšepiso e tsoang ho Molimo, o ile a thaba eaba o rala bophelo ba hae tsebong e tiileng ea hore tšepiso eo e tla phethahala.
Kaha Abrahama o ne a se a ntse a e-na le tumelo e tiileng, o ile a e matlafatsa ka mesebetsi ea hae. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ka tumelo Abrahama, ha a bitsoa, o ile a mamela ka hore a tsoe ho ea kena sebakeng seo a neng a reretsoe ho se amohela e le lefa; o ile a tsoa, le hoja a ne a sa tsebe moo a neng a e-ea teng.” (Baheberu 11:8) Ketso eo e bontšang ho mamela e ile ea hōlisa tumelo ea Abrahama, eo morutuoa Jakobo a ileng a ngola ka eona, a re: “Ua bona hore tumelo ea hae e ile ea sebetsa hammoho le mesebetsi ea hae ’me ka mesebetsi ea hae tumelo ea hae e ile ea etsoa e phethahetseng.”—Jakobo 2:22.
Ho feta moo, Jehova o ile a lumela hore tumelo ea Abrahama e lekoe, e leng ho ileng ha e Baheberu 11:17; 1 Petrose 1:7.
matlafatsa le ho feta. Pauluse o ile a tsoela pele a re: “Ka tumelo Abrahama, ha a lekoa, ho ile ha tšoana leha a nyehetse Isaka.” Ho lekoa ho hloekisa tumelo ebile hoa e matlafatsa, ho e etsa “ea bohlokoa bo boholo ho feta khauta.”—Le hoja Abrahama a sa ka a phela ho fihlela a bona ha litšepiso tseo tsohle tsa Molimo li phethahala, o ile a thabela ho bona ba bang ba latela mohlala oa hae. Mosali oa hae Sara le litho tse ling tse tharo tsa lelapa la hae—Isaka, Jakobo le Josefa—le bona baa babatsoa ka Bibeleng ka lebaka la tumelo ea bona e hlaheletseng.—Baheberu 11:11, 20-22.
Tumelo e Joaloka ea Abrahama Kajeno
Tumelo ea hlokahala bakeng sa mang kapa mang ea batlang ho etsa hore Jehova e be Molimo oa hae. Pauluse o ile a ngola a re: “Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho . . . khahlisa” Molimo. (Baheberu 11:6) Ebe kajeno mohlanka oa Molimo a ka hlaolela tumelo e matla joaloka ea Abrahama joang?
Joaloka Abrahama, tumelo ea rōna e lokela ho thehoa motheong o tiileng. Tsela e molemo ea ho etsa sena ke hore kamehla re ithute Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Ho bala Bibele le ho thuisa ka seo re se balang ho ka re kholisa hore litšepiso tsa Molimo li tla phethahala. Kahoo, re ka susumeletseha hore re rale bophelo ba rōna tšepong eo e tiileng. Tumelo ea rōna e matlafatsoa hape ka liketso tse bontšang hore rea mamela, tse akarelletsang ho kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa le libokeng tsa Bokreste.—Matheu 24:14; 28:19, 20; Baheberu 10:24, 25.
Ke ’nete hore tumelo ea rōna e tla lekoa, mohlomong ka ho hanyetsoa, ho kula haholo, ho shoeloa ke moratuoa, kapa ka ho hong ho itseng. Ho lula re tšepahala ho Jehova ha re lekoa ho matlafatsa tumelo ea rōna, ho e etsa ea bohlokoa ho feta khauta. Ebang re tla phela ho fihlela re bona litšepiso tsohle tsa Molimo kapa che, tumelo ea rōna e tla re atametsa haufi haholo ho Jehova. Ho phaella moo, mohlala oa rōna o tla khothatsa ba bang hore ba etsise tumelo ea rōna. (Baheberu 13:7) Ke se ileng sa etsahalla Ralph, ea ileng a lemoha tumelo ea batsoali ba hae eaba oa e etsisa. O re:
“Ha ke ntse ke lula lapeng, batsoali ba ka ba ne ba khothalletsa lelapa lohle ho tsoha hoseng haholo e le hore re ka bala Bibele hammoho. Re ile ra bala Bibele eohle ka tsela eo.” Ralph o sa ntse a bala Bibele hoseng ho hong le ho hong, ’me sena se etsa hore a qale letsatsi hantle. Ralph o ne a e-ea le ntat’ae tšebeletsong ea phatlalatsa beke le beke. “Ke moo ke ileng ka ithuta ho etsa maeto a ho boela le ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele.” Hona joale Ralph ke moithaopi ofising e ’ngoe ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Europe. Ka sebele oo ke moputso o motle bakeng sa tumelo ea batsoali ba hae!
Monna ea Ratoang ke Pelo ea Jehova
Davida, ea hlahileng hoo e ka bang lilemo tse 900 ka mor’a Abrahama, ke motho ea hlaheletseng haholo har’a bahlanka ba Jehova bao ho buuoang ka bona ka Mangolong. Tabeng ea hore Jehova a khethe Davida hore e tle e be morena oa nakong e tlang, moprofeta Samuele o ile a re: “Ka sebele Jehova o tla iphumanela monna ea ratoang ke pelo ea hae.” Kamano e neng e le teng pakeng tsa Jehova le Davida e ne e le haufi haholo hoo hamorao moprofeta Esaia a ileng a bua le Morena Ezekiase ka “Jehova Molimo oa moholo-holo oa hao Davida.”—1 Samuele 13:14; 2 Marena 20:5; Esaia 38:5.
Le hoja Davida a ne a ratoa ke pelo ea Jehova, ho na le linako tseo ka tsona a ileng a lumella litakatso tsa hae hore li mo laole. Ka makhetlo a mararo o ile a etsa liphoso tse khōlō: O ile a lumela 2 Samuele 6:2-10; 11:2-27; 24:1-9.
hore areka ea selekane e nkoe ka tsela e sa lokelang ha e isoa Jerusalema; a feba le Bathe-sheba eaba o loha leano la hore monna oa hae, Uria, a bolaoe; a ba a laela hore ho baloe sechaba sa Iseraele le Juda e se ka taelo ea Jehova. Ketsahalong ka ’ngoe, Davida o ile a tlōla Molao oa Molimo.—Leha ho le joalo, eitse ha Davida a tojoa ka libe tsa hae, o ile a lumela hore o molato ’me ha aa ka a jarisa batho ba bang molato. O ile a lumela hore ho nkoa ha Areka ho ne ho sa lokisetsoa ka nepo, a phaella ka ho re, ‘ha rea ka ra batla [Jehova] ho ea ka tloaelo.’ Ha moprofeta Nathane a pepesa bofebe ba Davida, Davida o ile a araba ka ho re: “Ke sitetsoe Jehova.” Eitse hang ha Davida a lemoha booatla ba ho bala sechaba, o ile a lumela: “Ke entse sebe haholo ka seo ke se entseng.” Davida o ile a bakela libe tsa hae eaba o lula haufi le Jehova.—1 Likronike 15:13; 2 Samuele 12:13; 24:10.
Ha re Fosa
Mohlala oa Davida oa re khothatsa ha re ntse re leka ho etsa hore Jehova e be Molimo oa rōna. Haeba monna ea ratoang ke pelo ea Jehova hakaalo o ne a ka etsa libe tse khōlō joalo, ha rea lokela ho felloa ke tšepo ha re fosa kapa ha re etsa liphoso tse khōlō, ho sa tsotellehe boikitlaetso ba rōna. (Moeklesia 7:20) Re ka khothatsoa ke hore eitse ha Davida a baka, o ile a tšoareloa libe tsa hae. Ho ile ha etsahala joalo ka Uwe * lilemong tse ’maloa tse fetileng.
Uwe e ne e le moholo phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova. Ka lekhetlo le leng, o ile a inehela litakatsong tse fosahetseng eaba o kopanela boitšoarong bo bobe. Qalong Uwe, joaloka Morena Davida, o ile a leka ho pata taba ena, a nahanne hore Jehova o tla hlokomoloha tlōlo ea hae. Qetellong, letsoalo la Uwe le ile la mo khathatsa hoo a ileng a ipolela ho moholo-’moho le eena eaba ho nkoa khato ea ho thusa Uwe hore a hlaphoheloe bothateng ba hae ba moea.
Uwe o ile a bakela libe tsa hae ’me a lula haufi le Jehova le phutheho. O ile a leboha thuso eo a e fumaneng hoo libeke tse seng kae hamorao a ileng a ngolla baholo a ba bolella hore o leboha haholo le ho tloha botebong ba pelo ka thuso eo a e fuoeng. O ile a ngola a re: “Le nthusitse hore ke hlatsoe lebitso la Jehova hore le se ke la rohakoa.” Uwe o ile a atleha ho boloka kamano ea hae le Jehova ’me ka mor’a nako, o ile a khethoa hape hore e be mohlanka phuthehong eona eo.
“Motho ea Nang le Maikutlo a Joaloka a Rōna”
Elia, ea ileng a phela lilemo tse lekholo ka mor’a Davida, e ne e le e mong oa baprofeta ba hlaheletseng ba Iseraele. Elia e ne e le mosireletsi oa borapeli ba ’nete nakong ea ha ho ne ho atile bobolu le boitšoaro bo bobe, ’me ha aa ka a thekesela boinehelong ba hae ho Jehova. Ha ho makatse ha ka nako e ’ngoe Elisha, mohlahlami oa hae, a kile a bitsa Jehova “Molimo oa Elia”!—2 Marena 2:14.
Leha ho le joalo, Elia o ne a tšoana le batho ba bang. Jakobo o ile a ngola a re: “Elia e ne e le motho ea nang le maikutlo a joaloka a rōna.” (Jakobo 5:17) Ka mohlala, ka mor’a ho ripitla barapeli ba Baale ba neng ba le Iseraele, Mofumahali Jezebele o ile a mo sokela hore o tla mo bolaea. Elia o ile a etsa joang? O ile a tšoha eaba o balehela lefeelleng. Ha Elia a ntse a le moo, a lutse tlas’a sefate sa lefielo, o ile a tletleba: “Ho lekane! Joale, Jehova, tlosa moea oa ka, etsoe ha ke molemo ho feta baholo-holo ba ka.” Elia o ne a se a sa batle ho ba moprofeta empa o ne a khetha hore a ka mpa a shoa.—1 Marena 19:4.
Leha ho le joalo, Jehova o ile a bontša hore o utloisisa kamoo Elia a ikutloang kateng. Molimo o ile a matlafatsa Elia, a mo kholisa hore ha a mong, kaha ho ne ho e-na le ba bang ba neng ba tšepahala borapeling ba ’nete. Ho feta moo, Jehova o ne a sa ntse a tšepa Elia ’me a e-na le mosebetsi oo Elia a neng a tla o etsa.—1 Marena 19:5-18.
Ho sithabela ha Elia e ne e se pontšo ea hore Molimo ha a sa mo rata. Hoo e ka bang lilemo tse 1 000 hamorao, ha Kreste Jesu a ne a fetoha sebōpeho ka pel’a Petrose, Jakobo le Johanne, ke bo-mang bao Jehova a ileng a ba khetha hore ba hlahe ponong ba e-na le Jesu? Moshe le Elia. (Matheu 17:1-9) Ho hlakile hore Jehova o ne a nka Elia e le moprofeta ea behang mohlala. Le hoja Elia e ne e le “motho ea nang le maikutlo a joaloka a rōna,” Molimo o ile a ananela mosebetsi oa hae o boima oa ho tsosolosa borapeli bo hloekileng le ho halaletsa lebitso la Hae.
Ho Ferekana Maikutlong
Kajeno bahlanka ba Jehova ba ka ’na ba ikutloa ba nyahame kapa ba tšohile. Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore Elia o ile a ba le maikutlo a tšoanang! Hona ho khothatsa hakaakang hore ebe joalokaha Jehova a ne a utloisisa maikutlo a Elia, o boetse o utloisisa ho ferekana ha rōna maikutlong.—Pesaleme ea 103:14.
Re rata Molimo le batho ba bang ebile re rata ho etsa mosebetsi oa Jehova oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Empa re ka ’na ra khathala matla haeba batho ba sa nke bohato ka seo re ba bolellang sona kapa ra tšoenngoa ke litšokelo tsa lira tsa borapeli ba ’nete. Leha ho le joalo, feela joalokaha Jehova a ile a hlomella Elia hore a tsoele pele, O boetse o hlomella bahlanka ba hae kajeno. Ka mohlala, nahana ka taba ea Herbert le Gertrud.
Ka 1952 Herbert le Gertrud ba ile ba kolobetsoa ea e-ba Lipaki Tsa Jehova Leipzig, moo pele e neng e le Democratic Republic ea Jeremane. Nakong eo, bophelo bo ne bo le thata bakeng sa bahlanka ba Molimo, kahobane tšebeletso ea bona ea phatlalatsa e ne e thibetsoe. Herbert o ne a ikutloa joang ka ho bolela ka ntlo le ntlo?
“Ka linako tse ling re ne re tšoenyeha haholo. Ha re ne re e-ea ka ntlo le ntlo, re ne re sa tsebe hore na ba boholong ba tla hlaha ka tšohanyetso ebe baa re tšoara.” Ke eng e ileng ea tlosa tšabo ho Herbert le ba bang? “Re ne re ikitlaetsa thutong ea motho ka mong ea Bibele. Hape, Jehova o ne a re fa matla a ho tsoela pele ka mosebetsi oa rōna oa boboleli.” Tšebeletsong ea hae ea phatlalatsa, Herbert o ne a e-ba le liphihlelo tse ngata tse mo matlafatsang, esita le tse mo tšehisang.
Herbert o ile a fumana mosali e mong ea ileng a bontša hore o rata Bibele. Ha Herbert a boela ho eena matsatsi a seng makae hamorao, ho ne ho e-na le mohlankana e mong ’me o ile a mamela puisano. Ka mor’a metsotso e itseng Herbert o ile a bona ntho e ileng ea mo tšosa. Setulong se k’honeng ea kamore eo ba neng ba le ka ho eona ho ne ho e-na le katiba ea lepolesa. E ne e le ea mohlankana eo, eo ho neng ho hlakile hore ke lepolesa le neng le ikemiselitse ho tšoara Herbert.
Mohlankana eo o ile a re: “U e mong oa Lipaki Tsa Jehova! E-re ke bone ID [karete ea boitsebahatso] ea hao.” Herbert o ile a mo neha karete ea hae ea boitsebahatso. Ka mor’a moo ho ile ha etsahala ntho e neng e sa lebelloa. Mosali eo o ile a sheba lepolesa leo eaba oa le hlokomelisa: “Haeba monna enoa oa Molimo a ka hlaheloa ke ho hong, u se ke be ua hlola u le beha ntlong ena.”
Mohlankana enoa o ile a ema ka nakoana, a neha Herbert ID eo, eaba o mo tlohela hore a tsamaee. Hamorao Herbert o ile a tseba hore lepolesa lena le ne le ratana le morali oa mosali enoa. Ho totobetse hore le ile la nahana hore ho ka ba molemo hore le tsoele pele le ratana le ngoanana eo ho e-na le hore le tšoare Herbert.
A re Etseng Jehova Molimo oa Rōna
Re ka ithuta eng liketsahalong tsee? Joaloka Abrahama, re lokela ho ba le tumelo e matla litšepisong tsa Jehova. Joaloka Davida, re lokela ho khutlela ho Jehova ka pako ea sebele neng le neng ha re fositse. Joaloka Elia, ho hlokahala hore re tšepe matla a tsoang ho Jehova linakong tsa matšoenyeho. Ha re etsa joalo, re ka etsa hore Jehova e be Molimo oa rōna hona joale le ka ho sa feleng, kaha ke “Molimo ea phelang, eo e leng Mopholosi oa batho ba mefuta eohle, haholo-holo oa ba tšepahalang.”—1 Timothea 4:10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 20 Lebitso le fetotsoe.
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Liketso tse bontšang ho mamela li ile tsa hōlisa tumelo ea Abrahama
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Joaloka Davida, re lokela ho baka ha re entse sebe
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Joalokaha Jehova a ne a utloisisa maikutlo a Elia, o utloisisa a rōna ka tsela eona eo