Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Eng se Etsang Hore Bophelo bo be le Morero oa Sebele?

Ke Eng se Etsang Hore Bophelo bo be le Morero oa Sebele?

Ke Eng se Etsang Hore Bophelo bo be le Morero oa Sebele?

HA Jesse, ea lilemo li 17 eo e leng seithuti sekolong se phahameng, a botsoa hore na morero oa bophelo ke ofe, o ile a araba ka ho re, “Ithabise ka hohle kamoo u ka khonang, hafeela u sa phela.” Suzie eena o ne a e-na le pono e fapaneng. O ile a re: “Ka sebele ke lumela hore morero oa bophelo o itšetlehile ka hore na u ikitlaetsa ho etsa hore bo be joang.”

Na u kile ua ipotsa hore na morero oa bophelo ke ofe? Na ebe ho na le morero o le mong bakeng sa batho bohle? Kapa Suzie o nepile—hore ha e le hantle bophelo bo seo e mong le e mong oa rōna a etsang hore bo be sona? Ho sa tsotellehe hore na re le sechaba re hatela pele hakae theknolojing, ho na le ho hong ka hare ho rōna ho bonahalang ho labalabela ho fumana morero oa bophelo. Ka nako e ’ngoe bophelong ba rōna, ba bangata ba rōna re ee re ipotse, ‘Ke hobane’ng ha re le teng?’

Bo-rasaense ba kajeno ba ’nile ba thatafalloa ho araba potso eo. Phello e bile efe? Moprofesa oa thuto ea kelello le ea liphoofolo, David P. Barash, o ile a re: “Bophelo ka bobona ha bo na morero oa letho tšebetsong ea ho iphetola ha lintho.” Ho ea ka litsebi tsa baeloji tse buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho, lintho tse phelang li na le morero o le mong feela: ho tsoela pele li phela le ho ikatisa. Ka hona, Moprofesa Barash o fana ka maikutlo ana: “Bokahohleng bo boholohali bo se nang morero le bo sa ameheng ka batho, ke rōna batho ba nang le boikarabelo ba ho etsa hore bophelo ba rōna bo be le morero ka lintho tseo re li khethang ka bolokolohi, ka hloko, le ka boikemisetso.”

Mohloli oa Morero le Sepheo

Na ebe oo ke oona feela morero oa bophelo—hore e mong le e mong oa rōna a etse seo a se batlang? Ho e-na le ho re tlohela hore re lule re phopholetsa feela bokahohleng re se na sepheo kapa morero, ke khale Bibele e senotse hore ho na le lebaka leo re leng teng ka lona. Ha rea ba teng ka lebaka la kotsi e ileng ea hlaha bokahohleng. Re bolelloa hore ’Mōpi o ile a qeta lilemo tse ngata a lokisa lefatše hore motho a tl’o phela ho lona. Ha ho letho le ileng la tloheloa hore le etsahale feela ka kotsi. O ile a tiisa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le “molemo haholo.” (Genese 1:31; Esaia 45:18) Hobane’ng? Hobane Molimo o ne a e-na le morero ka motho.

Leha ho le joalo, ho thahasellisang ke hore Molimo ha aa ka a rerela motho e mong le e mong bokamoso bo itseng, ebang ke ka hore Molimo a kenelle kapa ka tšebetso e itseng ea tlhaho. Le hoja re angoa ke lefutso, ke rōna haholo-holo ba laolang liketso tsa rōna. Kaofela re na le bolokolohi ba ho ikhethela tsela eo re phelang ka eona.

Le hoja e mong le e mong oa rōna a ka khetha hore na o etsa’ng ka bophelo ba hae, e ne e tla ba phoso ho qhelela ’Mōpi ka thōko mererong ea rōna. Ha e le hantle, ba bangata ba fumane hore morero le sepheo sa sebele bophelong se itšetlehile ka ho ba le kamano le Molimo. Kamano eo ea bohlokoa pakeng tsa Molimo le morero oa rōna bophelong e totobatsoa ke lebitso la Molimo, Jehova, leo ha e le hantle le bolelang, “O Etsa Hore ho be.” (Exoda 6:3; Pesaleme ea 83:18) Ke hore, butle-butle o phethahatsa sohle seo a se tšepisang ’me kamehla o phetha seo a rerileng ho se etsa. (Exoda 3:14; Esaia 55:10, 11) Nahana ka seo. Lebitso la Jehova ke tiiso ho rōna kaofela hore ke eena Mohloli oa pele le o sa feleng oa morero oa sebele.

Ho ela hloko hore ’Mōpi o teng ho ama pono ea motho ka bophelo ka tsela e tebileng. Linet, ea lilemo li 19, o re: “Ho bona lintho tsohle tse babatsehang tseo Jehova a li bōpileng esita le morero oa tsona ho mpontša hore le ’na ho na le lebaka leo ke bōpiloeng ka lona.” Amber oa phaella: “Ha batho ba bua ka ‘se sa tsejoeng,’ kamehla hoo ho nkhopotsa hore ’na ho na le seo ke se tsebang. Bopaki ba hore Jehova o teng bo linthong tseo a li entseng.” (Baroma 1:20) Ho hlakile hore ho hlokomela hore ’Mōpi o teng ho fapane hōle le ho hlaolela kamano ea sebele le eena.

Ho ba le Botsoalle le Molimo

Le ntlheng ena, Bibele e ka thusa. Likhaolo tsa eona tse qalang li fana ka bopaki bo hlakileng ba hore Jehova Molimo ke Ntate ea lerato. Ka mohlala, ha aa ka a bōpa Adama le Eva eaba o ba siea ba sa tsebe hore na ke mang. Ho fapana le hoo, o ne a buisana le bona kamehla. Ha aa ka a ba tlohela kherehloa feela Edene ho se letho le ba tataisang eaba o tsoela pele ka lintho tse ling tseo a amehileng ka tsona. Ho e-na le hoo, o ile a ba fa tataiso e tobileng mabapi le tsela e molemo ea bophelo. O ile a ba abela mosebetsi o khotsofatsang, a ba a ba lokisetsa hore ba tsoele pele ho ithuta. (Genese 1:26-30; 2:7-9) Na see hase sona seo u neng u tla se lebella ho motsoali ea nang le bokhoni, ea lerato? Nahana hore na seo se bolela’ng. Denielle o re: “Ho tseba hore Jehova o bōpile lefatše le hore o re entse re e-na le bokhoni ba ho thabela pōpo ea hae ho mpontša hore o batla hore re thabe.”

Ho feta moo, joaloka ntate e mong le e mong ea lerato, Jehova o batla hore bana bohle ba hae ba be le kamano ea botho le eena. Ntlheng ena, Liketso 17:27 e re tiisetsa sena: ‘Ha a hōle le e mong le e mong oa rōna.’ Hoo ho etsa phapang efe? Amber o re: “Ho tseba Jehova ho entse hore ke kholisehe hore ho hang ha ke pulumo ea se-ema-nosi. Boemong bofe kapa bofe, kamehla ho na le eo nka retelehelang ho eena.” Ho phaella moo, ha u ntse u tseba Jehova haholoanyane, u tla fumana hore o mosa, o lokile ebile o molemo. U ka itšetleha ka eena. Jeff o re: “Ha Jehova e e-ba motsoalle oa ka ea haufi, ke ile ka tseba hore ho ne ho se le ea mong ea neng a ka ntšehetsa ho feta eena ha ke mo hloka.”

Ka bomalimabe, ho builoe lintho tse ngata tse mpe ka Jehova. O ’nile a behoa molato ka boholo ba mathata a bakoang ke boitšoaro bo bobe ba balumeli. Ho ’nile ha boleloa hore ke eena ea bakileng a mang a masetla-pelo a tšabehang ka ho fetisisa historing ea batho. Empa Deuteronoma 32:4, 5 e hlalosa tjena: “Litsela tsohle tsa hae ke toka. . . . Ba entse ka mokhoa o senyang; hase bana ba hae, sekoli ke sa bona.” Ka hona, re tlameha ho hlahloba linnete ka borōna.—Deuteronoma 30:19, 20.

Morero oa Molimo oa Phethahala

Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na re khetha eng, ha ho letho le tla thibela Molimo ho phetha morero oa hae ka lefatše le moloko oa batho ka botlalo. Etsoe ke eena ’Mōpi. Joale, morero oo ke ofe? Jesu Kreste o ile a bua ka oona Thutong ea hae ea Thabeng ha a re: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” Hamorao moapostola Johanne o ile a bontša hore Molimo o ikemiselitse “ho felisa ba senyang lefatše.” (Matheu 5:5; Tšenolo 11:18) Kahobane Jesu o ne a e-na le Molimo nakong ea pōpo, oa tseba hore ho tloha tšimolohong morero oa Molimo e ne e le hore lelapa le phethahetseng la batho le phele paradeiseng lefatšeng ka ho sa feleng. (Genese 1:26, 27; Johanne 1:1-3) Hape Molimo ha a fetohe. (Malakia 3:6) Molimo o re tšepisa sena: “Ka sebele feela joalokaha ke rerile, ho tla etsahala; ’me feela joalokaha ke rerile, ke sona se tla phethahala.”—Esaia 14:24.

Mehleng ea rōna, Jehova o se a qalile ho rala motheo oa sechaba se kopaneng se thehiloeng ho rateng Molimo le moahelani, eseng meharong le boithating joaloka karolo e khōlō ea lefatše la rōna kajeno. (Johanne 13:35; Baefese 4:15, 16; Bafilipi 2:1-4) Ke mokhatlo oa baithaopi ba thahasellang tsoelo-pele bao tumelo ea bona e ba susumelletsang ho finyella sepheo sa bona—e leng sa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o tlang, pele tsamaiso ena ea lintho e fela. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Linaheng tse fetang 230, Bakreste ba fetang limilione tse tšeletseng ba se ba ntse ba rapela hammoho e le bara ba motho ba lerato, ba kopaneng ba tsoang lichabeng tsohle.

Etsa Hore Bophelo ba Hao bo be le Morero

Haeba u batla ho etsa hore bophelo ba hao bo be le morero o moholoanyane, u lokela ho tseba hore Jehova Molimo o u memela hore u ikopanye le batho ba hae—‘sechaba sa hae se lokileng’—hona joale. (Esaia 26:2) Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ua ipotsa, ‘Ho joang ho phela ka har’a mokhatlo oo oa Bakreste? Na ke hlile ke batla ho ikamahanya le oona?’ Mamela seo bacha ba bang ba se buang:

Quentin: “Phutheho ke setšabelo sa ka lefatšeng. Ho hlokomela hore Jehova o na le seabo bophelong ba ka ho nthusa ho bona hore o teng le hore o batla hore ke thabe.”

Jeff: “Phutheho ke sona sebaka se molemo ka ho fetisisa seo nka fumanang khothatso ho sona. Bara le barali beso ba teng moo, baa ntšehetsa le ho mpabatsa. Ka sebele ke lelapa leso le leholo.”

Linet: “Ha ho letho le thabisang joaloka ho bona motho a amohela ’nete ea Bibele ’me a etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova. Sena se tlisa khotsofalo e khōlō bophelong ba ka.”

Cody: “Bophelo ba ka bo ka be bo se na morero ha e ne e se ka Jehova. Joaloka ba bang ba bangata ke ne ke tla hlahlathela ho tloha nthong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ke leka ho fumana thabo empa ke sa e fumane. Ho e-na le hoo, Jehova o mphile tokelo e babatsehang ea ho ba le kamano le eena, ’me seo se etsa hore bophelo ba ka bo be le morero.”

Ke hobane’ng ha u sa batlisise e le hore u inoese ka nkho? U tla fumana hore ha u atamela haufi le ’Mōpi oa hao, Jehova Molimo, u tla ba le morero oa sebele bophelong.

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Ho ba le kamano le Molimo ho etsa hore bophelo ba rōna bo be le morero

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 29]

NASA photo