Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEO BIBELE E SE RUTANG KA

Ho Leboha

Ho Leboha

Motho e mong le e mong o lokela ho itloaetsa ho leboha kaha ho etsa joalo ho ka mo tsoela molemo bophelong.

Ho leboha ho u thusa hore u phele hantle joang?

SEO LINGAKA LI SE BUANG

Buka e ’ngoe e buang ka bophelo bo botle ba kelello e re “ha motho a leboha o oa thaba. Ho leboha ho thusa motho hore a lule a e-na le maikutlo a nepahetseng, a thabele bophelo, a khone ho sebetsana le mathata ’me a be le kamano e ntle le batho ba bang.”

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e re khothalletsa hore re be batho ba lebohang. Moapostola Pauluse ea re behetseng mohlala o motle oa ho leboha o ile a re: “Le iponahatse le le ba lebohang.” Ho etsa mohlala, o ile a ‘leboha Molimo a sa phetse’ ka lebaka la batho ba neng ba mamela molaetsa oa ’Muso oo a neng a ba bolella oona. (Bakolose 3:15; 1 Bathesalonika 2:13) Motho o thaba e le kannete haeba a sa re feela o oa leboha empa a bontša ka liketso hore o oa leboha. Ho etsa joalo ho re thusa hore re se ke ra ikutloa re phahametse ba bang, ra ba monela kapa ra ba hloea. Ho ba le mekhoa ena ho ka etsa hore batho ba khaotse ho ba metsoalle ea rōna ’me seo sa etsa hore re se ke ra thaba.

’Mōpi oa rōna o re behetse mohlala o motle kaha o bontša batho hore o ananela seo ba mo etsetsang sona! Baheberu 6:10 e re: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.” ’Mōpi oa rōna o nka ho se be le teboho e le ho hloka toka.

“Thabang kamehla. Mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe le lebohe.”1 Bathesalonika 5:16, 18.

Ho leboha ho re thusa joang hore re be le kamano e ntle le batho?

SEO BOPAKI BO SE BONTŠANG

Ha re bontša hore re leboha e le kannete, ebang motho o re file mpho, kapa o buile mantsoe a mosa kapa o re thusitse, re etsa hore a ikutloe e le oa bohlokoa a bile a ananeloa. Esita le batho bao re sa ba tsebeng, baa thaba ha re ba leboha ka ntho eo ba re etselitseng eona, joaloka ho re bulela lemati.

SEO BIBELE E SE BUANG

Jesu Kreste o ile a re: “Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa. Ba tla tšela likotleng tsa liaparo tsa lōna tekanyo e ntle, e hlohliloeng, e hlokohliloeng le e tšolohang.” (Luka 6:38) Nahana ka se ileng sa etsahalla Rose, e leng ngoanana ea sa utloeng litsebeng oa Vanuatu, e leng sehlekehleke sa South Pacific.

Rose o ile a ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova empa a rua molemo o monyenyane hobane ho ne ho se motho ea tsebang puo ea matsoho phuthehong eo. Ha banyalani ba bang ba tsebang puo ea matsoho ba etetse phutheho eo ’me ba hlokomela bothata boo, ba ile ba qala tlelase ea puo ea matsoho. Rose o ne a thabile haholo. O ile a re: “Ke thabile hobane ke na le metsoalle e mengata e nthatang.” Ha banyalani bao ba mo thusitseng ba bona tsela eo a bontšang teboho ka eona le tsela eo a fanang ka likarabo ka eona libokeng, ba utloa ba khotsofetse. Rose o boetse o ananela hore ebe batho ba ithutile puo ea matsoho e le hore ba khone ho bua le eena.Liketso 20:35.

‘Ea fanang ka liteboho e le sehlabelo sa hae ke eena ea tlotlisang Molimo.’Pesaleme ea 50:23.

U ka itloaetsa ho leboha joang?

SEO BIBELE E SE BUANG

Tsela eo re ikutloang ka eona e amana le tsela eo re nahanang ka eona. Mongoli e mong oa Bibele e leng Davida o ile a rapela Molimo a re: “Ke thuisitse ka mosebetsi oohle oa hao; ka ho rata ke ’nile ka nahanisisa ka mosebetsi oa matsoho a hao.” (Pesaleme ea 143:5) Davida e ne e se motho ea ferekaneng, ea sa tsebeng seo a se batlang. O ne a e-na le teboho hobane a tloaetse ho nahanisisa ka litsela tsa Molimo, ’me a etsa sena bophelo bohle ba hae.Pesaleme ea 71:5, 17.

Bibele e re fa keletso ena e molemo: ‘Lintho life kapa life tsa ’nete, tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, tse lokileng, tse hloekileng, tse ratehang, tse buuoang hantlele tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.’ (Bafilipi 4:8) Mantsoe a reng “le tsoele pele ho nahana ka,” a re bontša bohlokoa ba ho itloaetsa ho nahana kaha ho tla re thusa hore re be le teboho.

“Pelo ea ka e tla thuisa ka lintho tsa kutloisiso.”Pesaleme ea 49:3.