Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ke Tsela e Molemo ea ho Ruta!”

“Ke Tsela e Molemo ea ho Ruta!”

SOO-JEONG, e leng moeletsi oa liithuti tsa sekolo se phahameng Korea Boroa o sebelisa livideo tse hlahang ho jw.org ho ruta bana ba tlelase ea hae. O re: “Liithuti li ile tsa thabela video ea Motsoalle oa ’Nete ke ea Joang? haholo! Ka mor’a ho shebella video eo, e mong o ile a re, ‘Ke ne ke sa tsebe hore metsoalle e lokela ho tšoarana tjena. Ke tsela e molemo ea ho ruta!’ Bana ba bang ba re ba tla kena websaeteng eo ha ba hloka keletso.” Soo-jeong o boetse o re: “Ke khothallelitse le matichere a mang ho sebelisa video ena ’me ba thabela ho ruta bana ka eona.”

Liithuti tse ngata li boetse li rata video ea lipopae ea Hlōla Mpoli U sa Loane. Tichere e ’ngoe e sebetsang mokhatlong o thibelang botlokotsebe e ile ea bontša bana ba tlelase ea eona video eo. E re: “Bacha ba bangata ba rata video ena ka lebaka ka litšoantšo tsa eona tse khahlang. Hape, video eo e molemo haholo hobane ha e bontše feela hore na ngoana a ka etsa’ng ha a hlorisoa empa e boetse e mo bolella seo a ka se etsang e le hore a qobe ho hlorisoa ke bana ba bang.” Mokhatlo ona o ile oa kōpa ho sebelisa video ena ha matichere a ruta bana ba sekolo sa mathomo le ba sekondari. Mokhatlo oo o ile oa lumelloa ho etsa joalo. Le mapolesa a sebelisa livideo tsena tse hlahang ho jw.org.

Haeba ha u e-s’o ka u kena websaeteng ena, re u khothalletsa ho etsa joalo. Ho bonolo ho daonlouda likhatiso tse mameloang, livideo, Bibele le lingoliloeng tse ling tse ngata mahala.