Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PONO EA BIBELE

Joala

Joala

Na ke phoso ho noa lino tse tahang?

“Veine e re thabisang, oli ea mohloaare e re nyakallisang le bohobe bo re matlafatsang.”Pesaleme ea 104:15, “Good News Translation.”

SEO BATHO BA SE BUANG

Malapeng a mangata, e batla e le ntho e tloaelehileng hore ha batho ba e-ja, ba theosetse ka joala. Athe malapeng a mang, ho hang joala ho boa lumelloa. Ke hobane’ng ha batho ba e-na le maikutlo a fapaneng joalo? Batho ba susumetsoa ke maemo a fapa-fapaneng, a kang moetlo, bophelo bo botle le bolumeli.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e nyatsa botahoa le tšebeliso e fetelletseng ea joala, empa ha e nyatse ho noa joala ka tsela e lekaneng. (1 Bakorinthe 6:9, 10) Ka sebele, ho tloha mehleng ea boholo-holo banna le basali ba neng ba rapela Molimo ba ne ba noa veine, e leng seno seo ho buuoang ka sona ka makhetlo a fetang makholo a mabeli ka Bibeleng. (Genese 27:25) Moeklesia 9:7 e re: “U je lijo tsa hao ka thabo ’me u noe veine ea hao ka pelo e ntle.” Kaha veine e ea tlatsetsa tabeng ea ho thabisa motho, ho ne ho tloaelehile hore e fanoe meketeng e kang ea manyalo. Jesu Kreste o ile a etsa mohlolo oa hae oa pele oa ho fetola metsi “veine e monate,” moketeng oa lenyalo. (Johanne 2:1-11, Bibele ea Sesotho) Veine e ne e boetse e sebelisetsoa ho phekola.Luka 10:34; 1 Timothea 5:23.

 Na Bibele e beha moeli oa hore na u noe hakae?

‘U se ke ua ba lekhoba la veine e ngata.’Tite 2:3.

KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO AMEHA KA SEE?

Selemo ka seng, malapa a mangata a hula ka thata hobane motsoali e mong kapa ka bobeli ba sebelisa joala hampe. Ho noa haholo ho etsa hore batho ba bangata ba oe ’me ho hlahe likotsi tse ling tse ngata, tse akhang likotsi tsa mebileng. Ka mor’a nako e telele, ho sebelisa joala hampe ho ka baka tšenyo bokong, pelong, sebeteng le ka maleng.

SEO BIBELE E SE BUANG

Molimo o lebeletse hore batho ba se ke ba noa le ho ja ka ho feteletseng. (Liproverbia 23:20; 1 Timothea 3:2, 3, 8) Ha a amohele motho ea hlōlehang ho itšoara. Bibele e re: “Veine ke mosomi, joala bo tahang bo morusu, ’me e mong le e mong ea khelosoang ke bona ha a bohlale.”Liproverbia 20:1.

Tsela e ’ngoe eo ka eona joala bo ka khelosang batho ba seng bohlale ke hore bo felise boikemisetso ba bona ba ho etsa se nepahetseng. Hosea 4:11 e re: “Veine le veine e monate li tlosa tšusumetso e ntle.” Monna e mong ea bitsoang John o ile a ithuta sena habohloko. * Ka mor’a hore a qoaketsane le mosali oa hae, o ile a ea hoteleng, a itlopa joala, eaba o etsa bofebe—e leng liketso tseo hamorao a ileng a ikoahlaela tsona haholo ’me a etsa qeto ea hore a ke ke a li pheta. Ho sebelisa joala hampe ho ka re lematsa ’meleng, boitšoarong le moeeng, ebile Bibele e bolela hore matahoa a ke ke a fumana bophelo bo sa feleng.1 Bakorinthe 6:9, 10.

Ke neng moo ho noa ho sa lokelang?

“Batho ba bohlale ba tla bona ha bothata bo tla ’me ba bo qobe, empa motho ea sa nahaneng o tla kena ho bona ka ho toba ebe hamorao oa ikoahlaea.”Liproverbia 22:3, “Good News Translation.”

KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO AMEHA KA SEE?

Buka ea World Book Encyclopedia e re: “Joala ke sethethefatsi se matla.” Kahoo, ho ka ’na ha e-ba le maemo kapa linako tseo ka tsona e ke keng ea e-ba bohlale ho noa le hanyenyane feela.

SEO BIBELE E SE BUANG

Hangata batho ba ‘kena bothateng’ hobane ba noa ka nako e fosahetseng. Bibele e re: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe,” ho akarelletsa le nako ea ho se noe joala. (Moeklesia 3:1) Ka mohlala, mohlomong motho o sa le tlaase haholo lilemong hore a ka noa joala ho ea ka molao, o ntse a loantša bothata ba tahi, kapa o noa meriana e sa lumellaneng le joala. Athe ho batho ba bangata, nako “e behiloeng” ea ho qoba joala ke pele ba ea mosebetsing le ha ba le mosebetsing, haholo-holo haeba ba sebelisa mechine e ka bang kotsi. Ha e le hantle, batho ba bohlale ba talima bophelo e le mpho ea bohlokoa e tsoang ho Molimo. (Pesaleme ea 36:9) Re bontša hore re hlompha mpho eo ha re lumella melao-motheo ea Bibele ho tataisa tsela eo re talimang joala ka eona.

^ ser. 11 Lebitso le fetotsoe.