Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

United States

Letsatsi le letsatsi, batho ba fetang 20 bao e kileng ea e-ba masole a United States baa ipolaea. Khoeli le khoeli, batho ba ka bang 950 bao e kileng ea e-ba masole ba hlokomeloang ke Lefapha la Bao e Kileng ea E-ba Masole United States, ba leka ho ipolaea.

Chaena

Koranta ea China Daily e re: “Hoo e ka bang halofo ea basali ba lilemo tse ka tlaase ho 30 ba sebetsang linaheng tsa bojaki, ba ima pele ba nyaloa, e leng se etsang hore palo ea bo-’mè [ba Machaena] ba sa nyaloang e eketsehe haholo ha e bapisoa le lilemong tse fetileng. Koranta eo e boetse e re Machaena “a se a amohela taba ea hore . . . baratani ba lule ’moho ba sa nyalana.”

Greece

Lefu la malaria leo batho ba neng ba nahana hore le felisitsoe ka 1974, Greece, le boile sekoele. Ho belaelloa hore ho oa ha moruo le ho fokotsoa ha chelete e sebelisoang litabeng tsa bophelo bo botle ke tsona tse entseng hore lefu lena le khutle hape.

India

Phuputso e entsoeng naheng ena e bontšitse hore ho sa tsotellehe liphetoho tse ’nileng tsa etsoa, batho ba etsang liphesente tse 74 bao ho builoeng le bona, ba boletse hore ba ntse ba rata ho khetheloa balekane ho e-na le ho nyala batho bao ba ikhethetseng bona. Ba etsang liphesente tse 89 ba khetha ho lula le beng ka bona ho e-na le ho lula le ba malapa a bona feela.

Italy

“Kereke [e K’hatholike] e felloa ke matla libakeng tse ruileng tsa Europe le Amerika. Meetlo ea rōna e siiloe ke nako, likereke tsa rōna li khōlō, matlo a rōna a baitlami ha a na batho, tsamaiso ea Kereke e tletse boikhohomoso, mekete le liaparo tsa rōna tsa baruti ke tsa mponeng. . . . Kereke ea rōna e siiloe ke nako ka tsela e utloisang bohloko.”—Mantsoe a builoeng ke mok’hadinale oa K’hatholike ea bitsoang Carlo Maria Martini, a hatisitsoeng pele ho lefu la hae ke Corriere della Sera.