Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka ho le letšehali: Morekisi oa libuka o etsa mosebetsi oa boboleli Korea ka 1931

Ka ho le letona: Ho etsa mosebetsi oa boboleli ka puo ea matsoho Korea kajeno

KAROLO EA BOBELI

Ho Bolela ka ’Muso—Ho Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Lefatšeng Lohle

Ho Bolela ka ’Muso—Ho Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Lefatšeng Lohle

U ITOKISETSA ho ea tšimong ka letsatsi leo u sa eeng mosebetsing ka lona. Ua qeaqea ka motsotsoana hobane u ikutloa u khathetse. Ekare u ka phomola hanyenyane hoseng hona! Empa u rapella taba ena ’me u etsa qeto ea ho tsamaea. U sebetsa le morali’abo rōna ea holileng ’me u angoa ke mamello le mosa oa hae. Ha u ntse u e-ea ka ntlo le ntlo, u bua ka molaetsa oa ’nete, ua hlokomela hore bara le baralib’abo rōna lefatšeng ka bophara ba bolella batho molaetsa o tšoanang, ba sebelisa libuka tse tšoanang, kaofela le koetlisoa ka tsela e tšoanang. Ha u fihla lapeng, u ikutloa u le mafolofolo. U ikutloa u thabile hore ebe ha ua lofa tšimo!

Hona joale, tšebeletso ea Bokreste ke mosebetsi o ka sehloohong o amanang le ’Muso oa Molimo. Jesu o ile a bolela esale pele hore mosebetsi oa boboleli o ne o tla etsoa lefatšeng lohle matsatsing a ho qetela. (Mat. 24:14) Boprofeta boo bo ile ba phethahala joang? Karolong ena, re tla hlahloba batho, mekhoa, le lintho tsa bohlokoa tse ’nileng tsa sebelisoa tšebeletsong ea Bokreste, tse thusang batho ba limilione lefatšeng lohle ho hlokomela hore ’Muso oa Molimo ke oa sebele.

KAROLONG ENA

KHAOLO EA 6

Baboleli—Basebetsi ba Itlhahisa ka ho Rata

Ke hobane’ng ha Jesu a ne a kholisehile hore o tla ba le lebotho la batho ba bolelang ka ho rata matsatsing a ho qetela? U ka bontša joang hore u batla ’Muso pele?

KHAOLO EA 7

Mekhoa ea ho Paka—Ho Sebelisa Mokhoa o Mong le o Mong ho Finyella Batho

Ithute ka mekhoa eo batho ba Molimo ba ileng ba e sebelisa e le hore ba finyelle batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ka litaba tse molemo pele bofelo bo tla.

KHAOLO EA 8

Lintho Tse Sebelisoang Boboleling—Ho Hatisa Lingoliloeng Bakeng sa Batho ba Lefatšeng Lohle

Mosebetsi oa phetolelo o bontša joang hore Jesu o re tšehelitse? Lingoliloeng tsa rōna li bontša joang hore ’Muso ke oa sebele?

KHAOLO EA 9

Litholoana Tsa Mosebetsi Boboleli—“Masimo a Soeufetse . . . Bakeng sa Kotulo”

Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae lintho tse peli ka mosebetsi o moholo oa ho kotula. Lintho tseo li re ama joang kajeno?