Buka ea Pele ea Samuele 18:1-30

  • Setsoalle sa Davida le Jonathane (1-4)

  • Saule o monela Davida (5-9)

  • Saule o batla ho bolaea Davida (10-19)

  • Davida o nyala morali oa Saule Mikale (20-30)

18  Hang ha Davida a qetile ho bua le Saule, Jonathane+ le Davida ea e-ba metsoalle e haufi-ufi* ’me Jonathane a mo rata joalokaha a ithata.+ 2  Ho tloha letsatsing leo, Saule a nka Davida hore a mo sebeletse ’me ha aa ka a mo lumella hore a khutlele ntlong ea ntate oa hae.+ 3  Jonathane le Davida ba etsa tumellano*+ ea ho ba metsoalle hobane o ne a mo rata joalokaha a ithata.+ 4  Jonathane a hlobola seaparo se se nang matsoho seo a neng a se apere ’me a se fa Davida hammoho le liaparo tsa hae tsa ntoa, sabole ea hae, seqha sa hae le lebanta la hae. 5  Davida a qala ho ea lintoeng ’me hohle moo Saule a neng a mo romela teng, o ne a atleha.*+ Kahoo, Saule a mo beha hore a okamele banna ba ntoa+ ’me taba ena ea thabisa batho bohle hammoho le bahlanka ba Saule. 6  Ha Davida le ba bang ba khutla ba tsoa bolaea Bafilista, basali ba ne ba tsoa metseng eohle ea Iseraele ba bina+ ’me ba tantša, ba khahlanyetsa morena Saule ka meropa e menyenyane+ le ka lilute, ba thabile. 7  Basali ba neng ba keteka ba ne ba bina ba re: “Saule o bolaile ba likete,Davida o bolaile ba likete tse mashome.”+ 8  Saule a halefa haholo.+ O ne a sa rate pina ena. O ile a re: “Ba re Davida o bolaile ba likete tse mashome empa ’na ba re ke bolaile ba likete. Ho setse feela hore ba mo etse morena.”+ 9  Ho tloha letsatsing leo, Saule o ne a lula a shebile Davida ka ho mo belaella. 10  Letsatsing le hlahlamang moea o mobe o tsoang ho Molimo oa tla ho Saule+ ’me a qala ho etsa lintho tse sa tloaelehang* ka tlung ea hae. Davida eena o ne a ntse a letsa ’mino ka harepa+ joalokaha a ne a tloaetse. Saule o ne a tšoere lerumo.+ 11  Saule a betsa Davida ka lerumo+ habeli, a re ka pelong: ‘Ke tla hlabella Davida leboteng.’ Empa Davida a mo baleha. 12  Eaba Saule o tšaba Davida hobane Jehova o ne a e-na le eena+ empa a tlohile ho Saule.+ 13  Kahoo, Saule a tlosa Davida hore a se ke a hlola a sebeletsa ka pel’a hae. A mo etsa molaoli oa ba sekete ’me Davida a etella lebotho la sesole pele ho ea ntoeng.+ 14  Davida a ’na a atleha*+ linthong tseo a neng a li etsa. Jehova o ne a e-na le eena.+ 15  Ha Saule a bona hore Davida oa atleha, a mo tšaba le ho feta. 16  Empa Baiseraele bohle le Bajuda ba ne ba rata Davida hobane o ne a ba etella pele lintoeng tsa bona. 17  Hamorao Saule a re ho Davida: “Morali oa ka e moholo Merabe+ ke enoa. Ke tla u fa eena hore e be mosali oa hao.+ Leha ho le joalo, u ’ne u ntšebeletse ka sebete ’me u ’ne u loane lintoa tsa Jehova.”+ Saule o ne a ntse a re ka pelong: ‘Ha se ’na ea tla bolaea Davida. Bafilista ke bona ba tla mo bolaea.’+ 18  Eaba Davida o re ho Saule: “ ’Na ke mang ’me ba lelapa la Ntate ke bo-mang Iseraele hore nka ba mokhoenyana oa morena?”+ 19  Leha ho le joalo, ha nako e fihla ea hore Saule a fane ka morali oa hae Merabe ho Davida, o ne a se a nyetsoe ke Adriele+ oa Momehola. 20  Mikale+ morali oa Saule o ne a rata Davida. Saule a bolelloa taba eo ’me ea mo thabisa. 21  Kahoo, Saule a re: “Ke tla mo fa Mikale hore e be leraba ho eena e le hore Bafilista ba mo bolaee.”+ Eaba Saule o re ho Davida ka lekhetlo la bobeli: “Kajeno u tla ba mokhoenyana oa ka.”* 22  Ho ekelletsa moo, Saule a laela bahlanka ba hae a re: “Buang le Davida sephiring le re ho eena, ‘Morena o khahliloe ke uena le bahlanka bohle ba hae baa u rata. Joale e-ba mokhoenyana oa morena.’” 23  Ha bahlanka ba Saule ba bolella Davida lintho tsena Davida a re: “Na le nahana hore ke ntho e bonolo hore ke be mokhoenyana oa morena empa ke le mofutsana ebile ke khelloa fatše?”+ 24  Eaba bahlanka ba Saule ba re ho eena: “Davida o buile mantsoe ana.” 25  Saule a re: “E-reng ho Davida, ‘Morena ha a batle chelete ea mahali,+ o batla feela lintlha tse 100 tsa matlalo a litho tsa botona+ a Bafilista hore morena a iphetetse ho lira tsa hae.’” Empa Saule o ne a rerile hore Davida a bolaoe ke Bafilista. 26  Kahoo, bahlanka ba Saule ba bolella Davida mantsoe ana ’me Davida a utloa a thabela ho ba mokhoenyana oa morena.+ Pele nako e behiloeng e fihla, 27  Davida a tsamaea le banna ba hae ’me ba bolaea banna ba Bafilista ba 200 eaba Davida o tlisa lintlha tse 200 tsa matlalo a litho tsa bona tsa botona, a li fa morena hore e tle e be mokhoenyana oa morena. Kahoo, Saule a mo fa morali oa hae Mikale hore e be mosali oa hae.+ 28  Saule a hlokomela hore Jehova o na le Davida+ le hore morali oa hae Mikale oa mo rata.+ 29  Ntho ena e ile ea etsa hore Saule a tšabe Davida le ho feta ’me Saule ea e-ba sera sa Davida bophelo bohle ba hae.+ 30  Likhosana tsa Bafilista li ne li hlasela Baiseraele empa leha li ne li ba hlasela ka makhetlo a mangata, Davida o ne a li hlola* ho feta bahlanka bohle ba Saule+ ’me o ile a hlomphuoa haholo.+

Linaletsana

^ Kapa: “Jonathane le Davida ba khomarelana.”
^ Kapa: “selekane.”
^ Kapa: “etsa lintho ka bohlale.”
^ Kapa: “a itšoara joaloka moprofeta.”
^ Kapa: “etsa lintho ka bohlale.”
^ Kapa: “u tla etsa tumellano ea lenyalo le ’na.”
^ Kapa: “a etsa lintho ka bohlale.”