Lipesaleme 21:1-13
Ho motsamaisi. Pina ea thoriso ea Davida.
21 Jehova, morena o thabela matla a hao;+O batla ho thabela poloko ea hao haholo hakaakang!+
2 U mo file se lakatsoang ke pelo ea hae,+Ha ua mo hanela ka se labalabeloang ke molomo oa hae.+ Selah.
3 Etsoe u ile ua mo khahlanyetsa ka litlhohonolofatso tsa se molemo,+Ua mo roesa moqhaka oa khauta e hloekisitsoeng hloohong.+
4 O ile a kōpa bophelo ho uena. U ile ua mo fa bona,+Bolelele ba matsatsi ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.+
5 Khanya ea hae e khōlō polokong ea hao.+U ile ua beha ho hlompheha le bokhabane holim’a hae.+
6 Etsoe u mo etsa ea hlohonolofetseng haholo ka ho sa feleng;+U etsa hore a ikutloe a nyakaletse ka ho thaba sefahlehong sa hao.+
7 Etsoe morena o tšepa Jehova,+Esita le mosa o lerato oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa. A ke ke a therekelisoa.+
8 Letsoho la hao le tla fumana lira tsohle tsa hao;+Letsoho la hao le letona le tla fumana ba u hloileng.
9 U tla ba etsa joaloka sebōpi sa mollo ka nako e behiloeng ea hore u ba ele hloko.+Jehova o tla ba metsa bohaleng ba hae, ’me mollo o tla ba timetsa.+
10 U tla timetsa litholoana tsa bona lefatšeng,+Le bana ba bona u tla ba timetsa ho bara ba batho.+
11 Etsoe ba u reretse se sebe;+Ba nahanne likhopolo tseo ba sa khoneng ho li phetha.+
12 Etsoe u tla etsa hore ba balehe+Ka likhoele tsa hao tsa seqha tseo u li lokisang khahlanong le lifahleho tsa bona.+
13 U phahamisoe matleng a hao, Jehova.+Re tla bina ’me re tsanyaolele bonatla ba hao lipina tsa thoriso.+

