Lipesaleme 2:1-12

2  Ke hobane’ng ha lichaba li bile morusu+’Me lihlopha tsa lichaba li ’nile tsa honotha ka ntho ea lefeela?+  2  Marena a lefatše aa ema+Balaoli ba phahameng ba khobokane hammoho e le ntho e le ’ngoe+Khahlanong le Jehova+ le khahlanong le motlotsuoa+ oa hae,  3  Ba re: “A re khaoleng marapo a bona+Re lahlele lithapo tsa bona hōle le rōna!”+  4  Ea lutseng maholimong+ o tla tšeha;Jehova o tla ba fetola litšeho.+  5  Ka nako eo o tla bua le bona ka bohale+ ba haeO tla ba khathatsa khalefong ea hae e tukang,+  6  A re: “Ke hlomamisitse morena+ oa kaHolim’a Sione,+ thaba ea ka e halalelang.”+  7  A nke ke bue ka molao-taelo oa Jehova;O itse ho ’na: “U mora oa ka;+’Na, kajeno, ke u tsoetse.+  8  Nkōpe,+ e le hore nka fana ka lichaba e le lefa la hao+Le lipheletso tsa lefatše e le leruo la hao.+  9  U tla li thumakanya ka lere la borena la tšepe,+U tla li pshatla+ joalokaha eka ke sejana sa sebōpi.” 10  Joale, Lōna marena, le sebelise temohisiso;Itlohelleng hore le khalemeloe, Lōna baahloli ba lefatše.+ 11  Sebeletsang Jehova ka tšabo+Le thabe ka ho thothomela.+ 12  Akang mora,+ hore A tle a se ke a tuka ke bohaleLe tle le se ke la timela tseleng,+Etsoe bohale ba hae bo tuka habonolo.+Ho thaba bohle ba tšabelang ho eena.+

Linaletsana