Lipesaleme 49:1-20
Ho motsamaisi. Ea bara ba Kora.+ Pina ea thoriso.
49 Utloang sena, lōna lichaba tsohle.Mamelang, lōna baahi bohle ba tsamaiso ea lintho,+
2 Lōna bara ba moloko oa batho hammoho le lōna bara ba batho,Uena ea ruileng hammoho le uena ea futsanehileng.+
3 Molomo oa ka o tla bua lintho tsa bohlale,+Pelo ea ka e tla thuisa ka lintho tsa kutloisiso.+
4 Ke tla sekehela puo ea maele tsebe;+Ke tla hlalosa selotho sa ka harepeng.+
5 Ke hobane’ng ha ke lokela ho tšoha matsatsing a bobe,+Ha liphoso tsa ba nkang sebaka sa ka li mpota-potile?+
6 Ba tšepileng seo ba iphelisang ka sona,+Le ba ntseng ba ithorisa ka maruo a bona a mangata,+
7 Ha ho le ea mong oa bona eo ka mokhoa leha e le ofe a ka lopollang esita le mor’abo,+Kapa a fa Molimo thekollo bakeng sa hae;
8 (Tefo ea topollo ea moea oa bona ke ea bohlokoa haholo+Hoo e leng sieo ho isa nakong e sa lekanyetsoang)
9 E le hore a ka ’na a phela ka ho sa feleng ’me a se ke a bona sekoti.+
10 Etsoe oa bona hore esita le ba bohlale baa shoa,+Ea hlokang kelello le ea sa nahaneng ba timela hammoho,+Ba tla siela ba bang seo ba iphelisang ka sona.+
11 Takatso ea bona e ka hare ke hore matlo a bona a be teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+Litabernakele tsa bona li be teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+Ba reheletse masimo a bona ka mabitso a bona.+
12 Leha ho le joalo motho oa lefatše, le hoja a hlompheha, a ke ke a lula a le teng;+Ka sebele a ka bapisoa le liphoofolo tse timelitsoeng.+
13 Ena ke tsela ea ba hlokang kelello,+Le ea ba ba setseng morao ba khahlisoang ke lipuo tsa bona. Selah.
14 Joaloka linku ba behetsoe ho ea Sheole;+Lefu le tla ba lisa;+Hoseng ba lokileng ba tla ba laola,+Libōpeho tsa bona li loketse ho senyeha;+Sheole ke ea e mong le e mong ho e-na le sebaka sa bolulo se phahameng.+
15 Leha ho le joalo, Molimo o tla lopolla moea oa ka letsohong la Sheole,+Etsoe o tla nkamohela. Selah.
16 U se ke ua tšoha kahobane monna e mong a fumana maruo,+Kahobane khanya ea ntlo ea hae e eketseha,+
17 Etsoe lefung la hae ho hang a ke ke a nka letho;+Khanya ea hae e ke ke ea theoha le eena.+
18 Kaha ha a sa ntse a phela o ile a ’na a hlohonolofatsa moea oa hae;+(Batho ba tla u roka kahobane ua ipabola)+
19 Moea oa hae qetellong o fihla feela molokong oa baholo-holo ba hae.+Ha ba sa tla hlola ba bona leseli.+
20 Motho oa lefatše ea sa utloisiseng, le hoja a hlompheha,+Ka sebele a ka bapisoa le liphoofolo tse timelitsoeng.+

