Lipesaleme 39:1-13
Ho motsamaisi oa Jeduthune.+ Pina ea thoriso ea Davida.
39 Ke ile ka re: “Ke tla lebela litsela tsa ka+E le hore ke pheme ho etsa sebe ka leleme la ka.+Ke tla beha ntho e tlamang molomo e le molebeli molomong oa ka,+Hafeela ea khopo a le ka pel’a ka.”+
2 Ke ile ka fetoha ea sa khoneng ho bua, ka khutsa;+Ka khutsa ho se molemo,+Ho utloa ha ka bohloko ho ne ho khetholloa.
3 Pelo ea ka e ile ea chesa ka hare ho ’na;+Nakong ea ho feheloa ha ka mollo oa ’na oa tuka.Ke ile ka bua ka leleme la ka:
4 “Jehova, u etse hore ke tsebe bofelo ba ka,+Le tekanyo ea matsatsi a ka—hore na ke eng,+E le hore nka tseba kamoo ke phelang nako e khutšoanyane kateng.+
5 Bona! U entse hore matsatsi a ka e be a seng makae feela;+Nako ea bophelo ba ka e joaloka lefeela ka pel’a hao.+Ka sebele motho e mong le e mong oa lefatše, le hoja a eme a tiile, hase letho haese pululo.+ Selah.
6 Ruri motho o tsamaea joaloka seriti.+Ka sebele ke ha lefeela ba leng morusu.+Motho o bokella lintho ’me ha a tsebe hore na ke mang ea tla li phutha.+
7 Joale ke lebeletse eng, Jehova?Tebello ea ka e ho uena.+
8 Ntopolle litlōlong tsohle tsa ka.+U se ke ua mpeha joaloka nyeliso ea ea se nang kelello.+
9 Ke ile ka lula ke sa khone ho bua;+ ke ne ke sa ahlamise molomo,+Etsoe u ile ua nka bohato.+
10 Tlosa kotlo ea hao ho ’na.+Ka lebaka la bora ba letsoho la hao ke felile.+
11 U khalemetse motho ka likhalemelo khahlanong le phoso,+U felisa lintho tsa hae tse lakatsehang feela joalokaha tšoèlè+ e etsa.Ka sebele motho e mong le e mong oa lefatše ke pululo.+ Selah.
12 U utloe thapelo ea ka, Jehova,U mamele mohoo oa ka o kōpang thuso.+U se ke ua khutsetsa meokho ea ka.+Etsoe ha ke letho haese mojaki ho uena,+Mojaki joaloka baholo-holo bohle ba ka.+
13 Talima thōko le ’na, e le hore nka hlasimoloha+Pele ke tsamaea ’me ke e-ba sieo.”+

