Lipesaleme 113:1-9

113  Rorisang Jah!+Fanang ka thoriso, Lōna bahlanka ba Jehova,+Le rorise lebitso la Jehova.+  2  E se eka lebitso la Jehova le ka bokoa+Ho tloha joale ho ea pele le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+  3  Ho tloha ha letsatsi le chaba ho fihlela ha le likela+Lebitso la Jehova le lokela ho rorisoa.+  4  Jehova o phahame ka holim’a lichaba tsohle;+Khanya ea hae e ka holim’a maholimo.+  5  Ke mang ea tšoanang le Jehova Molimo oa rōna,+Ea lulang sebakeng se phahameng?+  6  O itheola boemong hore a talime leholimong le lefatšeng,+  7  O phahamisa ea tlaase lerōleng;+O phahamisa ea futsanehileng sekoting sa molora,+  8  Ho mo lulisa le bahlomphehi,+Le bahlomphehi ba sechaba sa hae.+  9  O etsa hore nyopa e lule ka tlung+E le ’mè ea thabileng oa bara.+Rorisang Jah!+

Linaletsana