Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha Bophelo bo Bonahala Eka ha bo na Morero?

Ke Hobane’ng ha Bophelo bo Bonahala Eka ha bo na Morero?

Ke Hobane’ng ha Bophelo bo Bonahala Eka ha bo na Morero?

NA HO na le lebaka la ho lumela hore bophelo bo ke ke ba lula e le “ba lefeela le bo bokhutšoanyane boo” re fetang ho bona “joalokaha eka ke seriti,” joalokaha Morena Solomone a boletse? (Moeklesia 6:12, The New English Bible) Lentsoe le bululetsoeng la Molimo, Bibele—e leng mohloli o ka tšeptjoang ho ea ho ile oa boitsebiso—le tšepisa hore nakong e tlang bophelo bo tla fela bo be le morero.—2 Timothea 3:16, 17.

Bibele ea re bolella hore na morero oa Molimo oa tšimolohong e ne e le ofe ka lefatše. E boetse e hlalosa hore na ke hobane’ng ha lefatše le tletse ho hloka toka, ho hatella le mahlomola. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re utloisise lintho tsee? Hobane lebaka le ka sehloohong leo batho ba nahanang hore bophelo ha bo na morero ka lona ke hobane ha ba tsebe morero oa Molimo ka lefatše le moloko oa batho, kapa ba khetha ho iphapanyetsa oona.

Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?

Jehova Molimo * o entse lefatše hore e be paradeise e loketseng hore batho ba lule ho eona—sebaka seo ho sona banna le basali ba ka thabelang ho phela ka ho sa feleng ba khotsofetse, ba bile ba phethahetse. ’Nete ena e hohlana le khopolo e atileng e sa thehoang Mangolong, ea hore Molimo o entse lefatše e le ho bona hore na batho ba ka tšoaneleha ho ea phela bophelo bo nang le morero e se e le libōpuoa tsa moea.—Sheba lebokose le re’ng  “Na re Tlameha ho Tloha Lefatšeng e le Hore re Phele ka Tsela e Nang le Morero?” leqepheng la 6.

Molimo o entse monna le mosali ka setšoantšo sa Hae, a ba fa matla a hore ba etsise litšobotsi tsa Hae tse ntle. (Genese 1:26, 27) O ba entse ba phethahetse. Ba ne ba e-na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e hlokang e le hore ba thabele ho phela ka ho sa feleng ka tsela e nang le morero. Seo se ne se tla akarelletsa ho tlatsa lefatše le ho le busa, ho fetola lefatše lohle paradeise e tšoanang le serapa sa Edene.—Genese 1:28-31; 2:8, 9.

Lintho li Senyehile Hokae?

Ho hlakile hore ho na le moo ho hang litaba li sa kang tsa tsamaea hantle. Ka kakaretso, batho ha ba bontše litšobotsi tse babatsehang tsa Molimo. Ha ho pelaelo hore lefatše hase paradeise. Ho senyehile kae? Batsoali ba rōna ba tšimolohong, Adama le Eva, ba ile ba sebelisa bolokolohi ba bona ba ho ikhethela hampe. Ba ile ba batla ho “ba joaloka Molimo,” ba iketsetse qeto ea hore na “botle le bobe” ke eng malebana le boitšoaro. Ka ho etsa joalo, ba ile ba latela borabele ba Satane Diabolose.—Genese 3:1-6.

Ka hona, bokhopo hase ntho e sa utloisisoeng eo Molimo a e rerileng esale pele. Bo bile teng ha Satane a e-ba khahlanong le bobusi ba Molimo ’me hamorao ho latela Adama le Eva. Ka lebaka la borabele ba bona, batsoali ba rōna ba pele ba ile ba lahleheloa ke Paradeise le phetheho, ba itlisetsa boetsalibe le lefu ba ba ba li fetisetsa baneng ba bona, e leng moloko oohle oa batho. (Genese 3:17-19; Baroma 5:12) Sena ke sona se bakileng maemo a etsang hore bophelo bo bonahale eka ha bo na morero.

Ke Hobane’ng ha Bokhopo bo sa ka ba Felisoa Hang-hang?

Ba bang baa ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha Molimo a sa ka a felisa bokhopo hang-hang ka hore a timetse Satane le marabele a mang ebe o qala lintho bocha?’ Na ho etsa joalo e ka be e bile bohlale? U ka ikutloa joang ka ’muso o matla oo ho thoeng hang ha motho a sa lumellane le oona o mo hleka tseleng? Na see se ke ke sa halefisa batho ba seng leeme sa ba sa theola ’muso oo seriti ka tsela eo o sebelisang matla ka eona?

Molimo o ile a khetha ho se timetse marabele ao hang-hang. Ka bohlale o ile a lumella hore ho fete nako e le hore mohla ho rarolloang liqoso tseo a ileng a qosoa ka tsona Edene ka tsela eo a busang ka eona, li ka rarolleloa ruri.

Ho Felisa Bokhopo Bohle

Ntho ea bohlokoa eo re lokelang ho e hopola ke ena: Molimo o lumeletse bokhopo hore bo be teng ka nako e itseng e lekanyelitsoeng feela. O entse joalo hobane a tseba hore hang ha ho rarolotsoe liqoso tsa bohlokoa tseo marabele a ileng a mo qosa ka tsona ka tsela eo a busang ka eona, o tla lokisa tšenyo eohle eo bo e bakileng.

Molimo ha aa tlohela morero oa hae ka lefatše le ka moloko oa batho. Ka moprofeta Esaia, Jehova o re tiisetsa hore ke eena Moetsi oa lefatše, “ea sa kang a le bōpela lefeela, ea le etselitseng hore le be le baahi.” (Esaia 45:18) Haufinyane o tla qala ho khutlisetsa lefatše boemong bo phethahetseng boo a neng a bo rerile tšimolohong. Ka mor’a hore a bontše ka ho hlaka hore tsela eo a busang ka eona e nepahetse, o tla be a loketse ho sebelisa matla a hae a maholohali ho tiisa hore thato ea hae ea phethoa hammoho le ho felisa bokhopo bohle ka ho feletseng. (Esaia 55:10, 11) Thapelong ea mohlala, Jesu Kreste o ile a akarelletsa kōpo ea hore Molimo a nke khato. Jesu o re rutile hore re re ha re rapela: “Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:9, 10) Seo se akarelletsa eng?

Thato ea Molimo ka Lefatše

Har’a tse ling, “ba bonolo ba tla rua lefatše.” (Pesaleme ea 37:9-11, 29; Liproverbia 2:21, 22) Jesu Kreste “o tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng.” O tla ba pholosa “khatellong le pefong.” (Pesaleme ea 72:12-14) Ntoa e ke ke ea hlola e e-ba teng; haesita le lona lefu, lillo, bohloko kapa mahlomola li ke ke tsa hlola li e-ba teng. (Pesaleme ea 46:9; Tšenolo 21:1-4) Batho ba se nang palo ba shoeleng nakong eo Molimo a ntseng a mameletse bokhopo ba tla tsosoa bafung hona mona lefatšeng, ’me ba tla fuoa monyetla oa hore ba thabele litlhohonolofatso tsena hammoho le tse ling.—Johanne 5:28, 29.

Ha e le hantle, Jehova o tla lokisa tšenyo eohle e bakiloeng ke borabele ba Satane. O tla etsa sena ka tsela e phethahetseng hoo ‘mahlomola a pele [lintho tsohle tse re utloisang bohloko le tse re hlokofatsang kajeno] a tla lebaloa.’ (Esaia 65:16-19) Joang kapa joang lintho tseo li tla phethahala. Molimo ha a bue leshano. Litšepiso tsohle tsa hae lia phethahala. Bophelo e ke ke ea hlola e e-ba “lefeela le ho lelekisa moea.” (Moeklesia 2:17) Ho e-na le hoo, bophelo bo tla ba le morero ka hohle-hohle.

Empa hona joale teng? Na ho tseba seo Bibele e se rutang le ho utloisisa morero oa Molimo ka lefatše ho ka etsa hore bophelo ba hao bo be le morero hona joale? Sehlooho sa ho qetela letotong lena se tla tšohla potso ena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Lebitso la Molimo ke Jehova ka Bibeleng.

[Lebokose le leqepheng la 6]

 Na re Tlameha ho Tloha Lefatšeng e le Hore re Phele ka Tsela e Nang le Morero?

Ka lilemo tse makholo, batho ba sa tsebeng morero oa Molimo ka lefatše ba ’nile ba ruta hore re lokela ho tloha lefatšeng pele re ka thabela bophelo bo nang le morero.

Ba bang ba re moea o mong le o mong “o ne o phela boemong bo phahameng pele o kena ’meleng oa motho.” (New Dictionary of Theology) Ba bang ba re moea o ile oa “kenngoa ’meleng oa motho e le kotlo ea libe tseo o li entseng ha o le leholimong.”—Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature.

Bo-rafilosofi ba Bagerike, ba kang Socrates le Plato, ba ile ba ruta khopolo ena: Ke feela ha moea o tsoa litlamong tsa ’mele oa motho moo “o tla khaotsa ho lelera, ho etsa lintho ka booatla, ho tšaba, ho ba le litakatso tse mpe le ho kopana le mathata ’ohle a hlahelang batho” ebe o lula “le melimo ka ho sa feleng.”—Plato’s Phaedo, 81, A.

Hamorao ba ipitsang baeta-pele ba Bokreste ba ile ba kenyelletsa lithutong tsa bona “khopolo ea hore moea ha o shoe” ea bo-rafilosofi ba Bagerike.—Christianity—A Global History.

Bapisa likhopolo tseo le lintlha tsena tse tharo tseo e leng ’nete ea motheo e fumanoang ka Bibeleng:

1. Morero oa Molimo ka lefatše ke hore e be lehae la ka ho sa feleng la batho, eseng sebaka sa nakoana seo batho ba hlahlojoang ho sona ho bona hore na baa tšoaneleha ho ea phela le eena leholimong kapa che. Haeba Adama le Eva ba ne ba mametse melao ea Molimo, le kajeno ba ka be ba ntse ba phela lefatšeng la paradeise.—Genese 1:27, 28; Pesaleme ea 115:16.

2. Le hoja malumeli a mangata a ruta hore motho ka hare ho eena o na le moea—ntho e sa bonahaleng e lulang ka har’a ’mele—Bibele eona e ruta ntho e bonolo haholo tabeng ena. Motho ke “moea o phelang” o ileng oa etsoa “ka lerōle la lefatše.” (Genese 2:7) Le ka mohla Bibele ha e e-s’o ka e hlalosa hore motho o na le moea o sa shoeng. E re moea o ka bolaoa kapa oa senngoa, o ka timela. (Pesaleme ea 146:4; Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4, 20) Moea oa pele, e leng Adama, o ile oa fela oa shoa ’me oa khutlela lerōleng moo o neng o tsoa teng. O ile a khutlela boemong ba ho se phele.—Genese 2:17; 3:19.

3. Bokamoso ba batho ha boa itšetleha ka ho ba le moea o sa shoeng o eang sebakeng se itseng sa moea, empa bo itšetlehile ka tšepiso ea Molimo ea hore bafu ba tla tsosoa ’me ba phele paradeiseng lefatšeng.—Daniele 12:13; Johanne 11:24-26; Liketso 24:15.