Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Litaba Tse Molemo ho ba Futsanehileng

Litaba Tse Molemo ho ba Futsanehileng

Litaba Tse Molemo ho ba Futsanehileng

LENTSOE LA MOLIMO le re tiisetsa tjena: “Hase kamehla mofutsana a tla lebaloa.” (Pesaleme ea 9:18) Bibele e boetse e re ka ’Mōpi oa rōna: “U fuparolla seatla sa hao u khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.” (Pesaleme ea 145:16) Tšepo ena e Lentsoeng la Molimo hase toro feela. Molimo ea Matla ’Ohle a ka fana ka se hlokahalang e le hore bofutsana bo fele. Ba futsanehileng ba hloka’ng?

Setsebi se seng sa moruo sa Afrika se ile sa re, ha e le hantle, linaha tse futsanehileng li hloka “’musi eo ha ho tluoa tabeng ea ho bontša mosa a sa nkeng tjotjo.” Seo setsebi seo se se bolelang ke hore, e le hore ho felisoe bofutsana, ho hlokahala motho ea susumetsoang ke mosa ’me a e-na le matla a ho nka khato. Re ka ’na ra thasiselletsa seo ka ho re ’musi ea ka felisang bofutsana lefatšeng ka bophara e lokela ho ba ’musi oa lefatše lohle, kaha bofutsana bo boholo bo bakoa ke hore maemo a linaha ha a tšoane. Ho feta moo, ’musi ea ka felisang bofutsana o lokela ho ba le matla a ho etsa ho itseng ka ntho e ka sehloohong e bo bakang—e leng mokhoa oa batho oa ho icheba bobona. ’Musi eo ea phethahetseng a ka fumanoa hokae?

Molimo o ile a roma Jesu ho tla bolella ba futsanehileng litaba tse molemo. Ha Jesu a ema hore a bale ka mosebetsi oo Molimo a neng a mo file oona, o ile a re: “Moea oa Jehova o holim’a ka, hobane o ntlotselitse hore ke bolelle mafutsana litaba tse molemo.”—Luka 4:16-18.

Litaba Tse Molemo ke Life?

Molimo o khethile Jesu hore e be eena Morena. Ka sebele tsena ke litaba tse molemo. Ke ’Musi ea phethahetseng ea ka felisang bofutsana hobane (1) o tla busa lefatše lohle ’me o na le matla a ho nka khato; (2) o utloela ba futsanehileng bohloko ebile o ruta balateli ba hae hore ba ba hlokomele; hape (3) a ka felisa se bakang bofutsana, e leng mokhoa oo re o futsitseng oa ho icheba borōna. A re ke re hlahlobe likarolo tsena tse tharo tsa litaba tse molemo.

1. Matla a Jesu a ho busa batho bohle Lentsoe la Molimo le re ka Jesu: “A fuoa bobusi . . . hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse.” (Daniele 7:14) U se u ka inahanela feela hore na ho tla ba le melemo e mekaakang ea ho ba le ’muso o le mong feela lefatšeng! Ha ho sa tla ba le liqhoebeshano le lintoa ka lirafshoa tsa lefatše. Batho bohle ba tla fumana lintho ka ho lekana. Jesu ka boeena o ile a re tiisetsa hore e tla ba ’Musi oa lefatše ea nang le matla a ho nka khato. O ile a re: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng.”—Matheu 28:18.

2. Kutloelo-bohloko eo Jesu a nang le eona ho ba futsanehileng Nakong eohle ea tšebeletso ea hae lefatšeng, Jesu o ne a e-na le kutloelo-bohloko ho ba futsanehileng. Ka mohlala, mosali ea neng a sebelisitse chelete eohle ea hae ho lefella phekolo, o ile a tšoara seaparo sa Jesu a tšepile hore o tla fola. O ne a tšoeroe ke lefu la phallo ea mali ka lilemo tse 12 ’me ha ho pelaelo hore o ne a se a haelloa ke mali haholo. Ho latela Molao, o ne a tla silafatsa motho e mong le e mong ea mo amang. Empa Jesu o ile a ba mosa ho eena. O ile a re: “Morali, tumelo ea hao e u folisitse. Tsamaea ka khotso, ’me u fole boloetseng ba hao bo bohloko.”—Mareka 5:25-34.

Lithuto tsa Jesu li na le matla a ho fetola batho e le hore le bona ba be le kutloelo-bohloko. Ka mohlala, hlokomela karabo eo Jesu a ileng a e fa monna ea neng a batla ho tseba hore na a thabise Molimo joang. Monna eo o ne a tseba hore Molimo o batla hore re rate baahelani ba rōna, empa o ile a re ho Jesu: “Ha e le hantle moahelani oa ka ke mang?”

Ha Jesu a araba o ile a mo etsetsa papiso e tloaelehileng ea monna ea neng a nkile leeto ho tloha Jerusalema a lebile Jeriko, ea ileng a khaoletsoa ke masholu eaba a mo siea a le “makhatheng a ho shoa.” Moprista ea neng a tsamaea tseleng eo o ile a mo pota ka thōko. Molevi le eena o ile a etsa se tšoanang. “Empa Mosamaria ea itseng ea neng a tsamaea ka tsela eo a fihla ho eena ’me, ha a mo bona, a susumetsoa ke khauho.” O ile a hlatsoa maqeba a monna eo, a mo isa ntlong ea baeti eaba o lefa mohlokomeli oa ntlo hore a mo hlokomele. Joale Jesu o ile a botsa: ‘Ke mang ea ikentseng moahelani oa monna eo ea ileng a oela har’a masholu?’ Karabo e ile ea e-ba ho re: “Ea ileng a mo etsa ka mohau.” Eaba Jesu o re: “Tsamaea ’me u ’ne u etse ho tšoanang.”—Luka 10:25-37.

Batho bao e bang Lipaki Tsa Jehova ba ithuta lithuto tsa Jesu tse kang ena ebe ba fetola boikutlo ba bona ka ho thusa ba hlokang. Ka mohlala, bukeng ea hae ea Women in Soviet Prisons, mongoli e mong oa Molatvia o ile a ngola ka bokuli ba hae ha a ntse a sebetsa kampong ea mahloriso ea Potma mahareng a lilemo tsa bo-1960. “Ha ke ntse ke kula [Lipaki] e ne e le tsona tse neng li nkoka ka pelo eohle. Li ile tsa ntlhokomela ka tsela e molemo ka ho fetisisa.” O ile a phaella ka ho re: “Lipaki Tsa Jehova li nka hore ke boikarabelo ba tsona ho thusa motho e mong le e mong, ho sa tsotellehe hore ke oa bolumeli bofe kapa oa morabe ofe.”

Ha moruo o putlama Ancón, Ecuador, ’me o etsa hore Lipaki Tsa Jehova tse ngata li hloke mesebetsi le chelete ea ho iphelisa, Lipaki tse ling li ile tsa batla mokhoa oa ho li thusa ka lichelete; li ile tsa pheha lijo hore li li rekisetse batšoasi ba litlhapi ha ba tsoa tšoasa litlhapi bosiu (setšoantšong se ka letsohong le letona). Batho bohle ba phutheho ba ile ba kenya letsoho, ho akarelletsa le bana. Kamehla ba ne ba qala mosebetsi ka hora ea pele ka meso e le hore ka hora ea bone ha likepe li fihla, lijo li be li lokile. Chelete eo Lipaki li ileng tsa e etsa e ile ea aroleloa batho ho latela litlhoko tsa bona.

Liketsahalo tse joalo li bontša hore mohlala oo Jesu a ileng a o beha le lithuto tsa hae ka sebele li na le matla a ho fetola boikutlo ba batho tabeng ea ho thusa ba hlokang.

3. Matla a Jesu a ho fetola tsela eo batho ba etsang lintho ka eona Taba ea hore ka tlhaho batho ke baithati ke ’nete eo re sitoang ho e qoba. Bibele e hlalosa sena e le boetsalibe. Moapostola Pauluse le eena o ile a ngola: “Ke fumana molao ona tabeng ea ka: hore ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na.” Eaba o eketsa ka ho re: “Ke mang ea tla mpholosa ’meleng ona o fetang lefung lee? Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste.” (Baroma 7:21-25) Mona Pauluse o bua ka tsela eo Molimo, ka Jesu, a tla lokolla barapeli ba ’nete mekhoeng eo re e futsitseng ea boetsalibe, eo o mong oa eona e leng oa ho icheba borōna, e leng ntho e ka sehloohong e bakang bofutsana. See se tla etsahala joang?

Nakoana ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, Johanne Mokolobetsi o ile a re ka Jesu: “Bonang, Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše!” (Johanne 1:29) Haufinyane lefatše le tla tlala batho ba tla beng ba lokolotsoe sebeng seo re se futsitseng, se akarelletsang ho icheba borōna. (Esaia 11:9) Jesu o tla be a felisitse ntho e bakang bofutsana.

Ke ntho e thabisang hakaakang ho nahana ka nako eo batho bohle ba tla beng ba e-na le seo ba se hlokang! Lentsoe la Molimo le re: “Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.” (Mikea 4:4) Mantsoe ao a hlalosa ka mokhoa oa thothokiso nako eo bohle ba tla beng ba e-na le mosebetsi o khotsofatsang, tšireletseho le monyetla oa ho phela lefatšeng le se nang bofutsana, e leng se tla tlisa thoriso ho Jehova.