Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ’Muso oa Molimo o ka Lipelong Tsa Batho?

Na ’Muso oa Molimo o ka Lipelong Tsa Batho?

Na ’Muso oa Molimo o ka Lipelong Tsa Batho?

Bukeng ea hae ea Jesus of Nazareth, mopapa Benedict XVI o re: “Haeba motho a bula pelo ea hae hore e mamele, seo ke sona se boleloang ke ho tla ha ’Muso oa Molimo.” Ho ba bang, ’Muso oa Molimo o bolela eona phetoho eo feela, e bang teng ho motho ha a amohela Jesu Kreste ’me a e-ba le tumelo. Na ’Muso oa Molimo e mpa e le phetoho eo u e etsang, ’muso o leng ‘ka pelong ea hao feela?’

JESU o ne a nka ’Muso e le ntho ea bohlokoa haholo. Mopapa Benedict oa lumela hore ’Muso e ne e le “ntho e ka sehloohong eo Jesu a neng a ruta ka eona.” Nakong e khutšoanyane eo Jesu a phetseng lefatšeng ka eona, boholo ba nako o ne a haola le naha, a “bolela litaba tse molemo tsa ’muso.” (Matheu 4:23) Jesu o ile a hlakisa ka seo a neng a se ruta le ka mehlolo eo a neng a e etsa hore ’Muso hase feela taba ea ho amohela Molimo le ho mo mamela. O akarelletsa puso, kahlolo le litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng.

Puso le Kahlolo

Ka lekhetlo le leng matsatsing a ho qetela a bophelo ba Jesu lefatšeng, ’mè oa barutuoa ba neng ba le haufi le Jesu, e leng Jakobo le Johanne, o ile a tla ho Jesu ’me a re: “Laela hore bara bana ba ka ba babeli ba lule, e mong ka letsohong la hao le letona ’me e mong ka ho le letšehali, ’musong oa hao.” (Matheu 20:21) Ho hlakile hore o ne a sa bue ka ntho e itseng e ka lipelong tsa bara ba hae. O ne a utloisisa hore ’Muso o ne o akarelletsa puso ea Jesu ’me o ne a batla hore bara ba hae ba be le seabo ho eona. Ha e le hantle, Jesu o ile a tšepisa baapostola ba hae ba 11 ba tšepahalang hore ba tla ba ’Musong oa hae ’me ba tla “lula literoneng” ba be ba ‘ahlole’ le eena. (Luka 22:30) Ka hona, barutuoa ba Jesu ba ne ba hlile ba nka ’Muso oa hae e le puso ea sebele, e nang le tsamaiso.

Mehleng ea Jesu batho ka kakaretso bona ba ne ba nka ’Muso oo joang? Na ba ne ba nka hore ’Muso ke phetoho e bang teng ho motho feela, kapa ba ne ba nka hore ke ho hong? Nakoana pele ho Paseka ea 33 C.E. ha Jesu a ne a kena Jerusalema a kaletse esele, letšoele le ile la mo amohela ’me ba bang ho lona ba hooa ba re: “Rea rapela, pholosa Mora oa Davida!” (Matheu 21:9) Ke hobane’ng ha ba ile ba hooa joalo? Ha ho pelaelo hore ba ne ba hlokometse hore Jesu e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng le hore Molimo o ne a tla mo fa ’Muso oa ka ho sa feleng, “terone ea ntat’ae Davida.” Ba ne ba labalabela poloko, khotso le toka tseo ’Muso oo o neng o tla li tlisa.—Luka 1:32; Zakaria 9:9.

Litlhohonolofatso Tsa ka ho sa Feleng

Esita le batho ba neng ba bonahala ba se na thahasello e kaalo tšebeletsong ea Jesu ba ne ba tseba ka tse ling tsa lithuto tsa hae. Ha Jesu a ne a bolaoa, senokoane se neng se khokhothetsoe pel’a hae se ile sa mo kōpa, sa re: “Jesu, u nkhopole ha u kena ’musong oa hao.” Karabo ea Jesu e bile efe? O ile a tiisetsa monna eo ea neng a le makhatheng a lefu, a re: “U tla ba le ’na Paradeiseng.”—Luka 23:42, 43.

Ha ho pelaelo hore senokoane seo se ne se lumela hore ha Jesu a se a tsositsoe bafung, o ne a tla fumana ’Muso kapa a kene ho oona. Ha a se a le moo, hase hore Jesu o ne a tla ba le matla a ho tsosa monna eo feela le ho mo fetola—eena hammoho le ba bang ba limilione—empa o ne a tla hle a batle ho etsa joalo. Ka sebele, ha Jesu a se a filoe matla a ho ba ’Musi leholimong, o ne a tla tlisa litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng ho batho lefatšeng ka bophara ka ’Muso oa hae.—Johanne 5:28, 29.

’Muso o Har’a Bona

Na Jesu ha aa ka a re: “’Muso oa Molimo o har’a lōna?” Mantsoe ao a Jesu a fumanoa ho Luka 17:21. Ha e le hantle, Libibele tse ling li re “’muso oa Molimo o se o le ka hare ho lona.” (Ka mohlala, sheba Bibele ea Sesotho.) Jesu o ne a bolela’ng ka polelo eo?

Litemana tse potolohileng ena li bontša hore Jesu o ne a bua mantsoe ao ho sehlopha sa bolumeli sa Bajuda ba neng ba sa mo rate se neng se bitsoa Bafarisi. Se ne se lebeletse hore Mesia le ’Muso oa hae o tla tla ka tsela eo bona ba e nahanang. Ba ne ba nahana hore Mesia o tla tla “ka maru a maholimo” e le Morena ea khanyang, ho tla lopolla Bajuda ho Baroma le ho khutlisa ’muso oa Iseraele. (Daniele 7:13, 14) Leha ho le joalo, Jesu o ile a bontša hore ba fositse, ha a re: “’Muso oa Molimo ha o tle ka ho hlokomeleha ho totobetseng.” Eaba o phaella ka ho re: “Bonang! ’muso oa Molimo o har’a lōna.”—Luka 17:20, 21.

Ha Jesu a ntse a ruta le ho etsa mehlolo e neng e bontša ka ho hlaka hore ke eena Morena ea tšepisitsoeng oa ’Muso oo, Bafarisi ba neng ba e-na le morero o mobe ba bile ba hloka tumelo ba ile ba mo hanyetsa le ho feta. Ba ne ba sa lumele hore Jesu ke Mesia. Ka hona, o ile a ba bolella ka ho toba hore ’Muso, o neng o emetsoe ke Morena oa oona ea khethiloeng, o ne o le ‘har’a bona.’ Ha aa ka a re ba shebe ka har’a lipelo tsa bona. * Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba eme ka pel’a bona. O ile a re: “’Muso oa Molimo o na le lōna mona.”—Luka 17:21, Contemporary English Version.

’Muso oa Bohlokoa ho Uena

Le hoja ’Muso oa Molimo o se ka lipelong tsa batho ba baetsalibe, e lokela ho ba ntho ea bohlokoa ho rōna. Ka seo a neng a se ruta le ka liketso tsa hae tse matla, Jesu o ile a etsa sohle se matleng a hae ho thusa bamameli ba hae hore ba be le tumelo e matla pusong e lokileng e tla tlisa khotso ea ’nete le tšireletseho. O ne a batla hore ba be le tumelo e tla ama bophelo ba bona ka tsela e molemo. Ha e le hantle, o ile a ba ruta hore ba rapele ba re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:9, 10) Ba bangata ba bamameli ba Jesu ba ile ba angoa ke mantsoe a hae ’me ba e-ba le tumelo e ileng ea etsa hore ba latele Jesu e le hore ba fumane litlhonolofatso tsa ’Muso oa Molimo.

Na u ka rata ho ba le tumelo ea mofuta oo? Joale u lokela ho etsa’ng e le hore u be le eona? Hopola mantsoe a qalang a Thuto ea Thabeng e tummeng ea Jesu: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, kaha ’muso oa maholimo ke oa bona.” (Matheu 5:3) U ka etsa hantle haeba u ka lumela ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova tseo u fumaneng makasine ena ho tsona. Ntle le hore u tla ba le tšepo ea ho etsa liphetoho tse itseng, u tla boela u be le tšepo ea puso e nang le toka le khotso—e leng ’Muso o tla tlisa khotso le tšireletseho ho bohle.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 13 Mona lentsoe “lōna” le hlalosa Bafarisi bao Jesu a neng a bua le bona. Ho hlakile hore Jesu o ne a sa bue ka phetoho eo Bafarisi ba e entseng kapa ka boemo bo botle ba lipelo tsa bona.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

Na ’Muso oa Molimo o ne o le ka lipelong tsa bahanyetsi ba Jesu ba neng ba thatafalitse melala ba bile ba batla ho mo bolaea?