Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Bibele e Nyatsa ho Becha?

Na Bibele e Nyatsa ho Becha?

Na Bibele e Nyatsa ho Becha?

LIFILIMI tse tummeng le mananeo a thelevishene li atisa ho bontša ho becha—haholo-holo lik’hasinong—e le ntho eo batho ba batle, ba ruileng le ba tsoetseng pele ba itlosang bolutu ka eona. Ke ’nete hore ba shebellang lintho tsena hangata baa lemoha hore e mpa feela e le lintho tsa lipaleng kapa tse iqapetsoeng.

Leha ho le joalo, bophelong ba sebele teng litekete tsa lotto, lipapali tse bechoang le ho becha Inthaneteng ho qothisana lehlokoa le ho becha lik’hasinong. Buka ea Internet Gambling e re ho becha “ke ketso e seng e batla e jele setsi le hona ka potlako e khōlō.” Ka mohlala, hona joale poker (e leng papali ea likarete) e hlahisoa e le papali e tloaelehileng haholo thelevisheneng le Inthaneteng. Ho latela koranta e ’ngoe, litsebi li hakanya hore morao tjena palo ea ba bapalang poker United States e imenne habeli nakong ea likhoeli tse 18.

Ho becha ho ’nile ha hlalosoa e le ho fana ka chelete e le ho leka lehlohonolo. Batho ba bangata ba re hafeela motho a becha ka chelete ea hae le hona a sa ho lemalle, ha ho na phoso ea letho ka ho becha. Ha e le hantle, New Catholic Encyclopedia e re ho becha “ha ho nkoe e le sebe ntle le haeba ho sitisa motho hore a phethe boikarabelo ba hae.” Leha ho le joalo, ha ho na Mangolo a qotsitsoeng a tšehetsang qeto eo. Joale Mokreste o lokela ho nka taba ee joang? Na Bibele e lumella ho becha kapa ea ho nyatsa?

Ke ’nete hore ha ho na moo Mangolo a Halalelang a buang ka ho toba ka ho becha. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore ho hang ha ho na tataiso malebana le taba ena. Ho e-na le ho behela ketso e ’ngoe le e ’ngoe kapa boemo bo bong le bo bong molao, Bibele e re eletsa hore re “tsoele pele ho lemoha seo thato ea Jehova e leng sona.” (Baefese 5:17) Ho latela setsebi sa Bibele, E. W. Bullinger, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ho “lemoha” le bolela ho hlahloba mahlakore ’ohle a taba “ka ho nahanisisa ka eona e le hore motho a be le tsebo.” Ka hona, Mokreste a ka lemoha thato ea Molimo tabeng ena ka ho hlahloba mahlakore ’ohle le ho nahanisisa ka melao-motheo ea Bibele e amanang le taba ea ho becha. Ha u ntse u bala mangolo a qotsitsoeng sehloohong sena, ipotse: ‘Na ho becha ho lumellana le lengolo lee? Lentsoe la Molimo le bontša hore thato ea hae ke efe tabeng ee?’

Leraba la ho Batla ho Thuloa ke Lehlohonolo

Kaha ha motho a becha ha a tsebe hore na ho tla etsahala’ng, ntho e ka sehloohong eo a e lumelang ke hore o tla thuloa ke lehlohonolo—e leng matla a patehileng ao ho thoeng a laola liketsahalo ka tsela e ke keng ea tsejoa—haholo-holo ha ho bechoa ka chelete. Ka mohlala, ho khethoa linomoro tseo ho thoeng ke tsa lehlohonolo ha ho bechoa lotto; ho na le tumela-khoela ea hore ho na le mantsoe a sa lokelang ho buuoa ke batho ba bapalang mah-jongg; ebile ho butsoeloa madaese pele a lahleloa fatše. Hobane’ng? Hangata ba bechang ba lumela hore ba ka ’na ba thuloa ke lehlohonolo.

Na ho tšepa lehlohonolo ke ntho feela e seng kotsi? Batho ba bang Iseraele ea boholo-holo ba ne ba nahana joalo. Ba ne ba lumela hore lehlohonolo le tla etsa hore ba rue. Jehova Molimo o ile a ikutloa joang ka taba eo? Ka moprofeta Esaia, Molimo o ile a re ho bona: “Ke lōna ba furallang Jehova, ba lebalang thaba ea ka e halalelang, ba lokisang tafole bakeng sa molimo oa Mahlohonolo le ba tlatsang veine e tsoakiloeng bakeng sa molimo oa Qetello e Reriloeng Esale Pele.” (Esaia 65:11) Molimo o nka ho lumela lehlohonolong e le mofuta oa borapeli ba litšoantšo ’me ha ho lumellane le borapeli ba ’nete. Seo se bontša hore motho o tšepa matla a inahaneloang ho e-na le ho tšepa Molimo oa ’nete. Ha ho na lebaka la hore re nahane hore Molimo ha a sa ikutloa joalo.

Tsela ea ho Hapa Moputso

Ebang motho o becha Inthaneteng, o reka tekete ea lotto, o becha papali e itseng kapa o k’hasinong, hangata batho ba bechang ha ba tsotelle hore na chelete eo ba batlang ho e hapa e tsoa hokae. Ho becha ho fapane le mokhoa oa khoebo e itseng e molaong kapa ho reka ntho e itseng kaha motho ea bechang eena o batla ho hapa chelete eo ba bang ba lahleheloang ke eona. * Setsi sa ba Lemaletseng Lintho Tse Itseng le Mafu a Kelello sa Canada, se re “lekhetlo le leng le le leng ha motho a fumana limione ha a bechile lotto, ho na le ba bang ba limilione ba lahlehetsoeng ke chelete ea bona!” Ke melao-motheo efe ea Bibele e ka thusang Mokreste hore a utloisise tsela eo Molimo a ikutloang ka eona tabeng ee?

Molao oa ho qetela Melaong e Leshome e neng e filoe Baiseraele o re: “U se ke ua lakatsa mosali oa oa heno, leha e le lekhoba la hae kapa lekhabunyane la hae kapa poho ea hae kapa esele ea hae kapa ntho leha e le efe ea oa heno.” (Exoda 20:17) Ho lakatsa lintho tsa motho e mong—ebang ke thepa ea hae, maruo a hae le chelete—ho ne ho nkoa e le se seng sa libe tse tebileng, joaloka ho lakatsa mosali oa hae. Lilemo tse makholo hamorao, moapostola Pauluse o ile a pheta taelo eo ho Bakreste, a re: ‘Le se ke la chacheha ka mohono.’ (Baroma 7:7) Na Mokreste ea batlang ho hapa seo motho e mong a lahleheloang ke sona ha a molato oa ho chacheha ka mohono?

Mohlophisi e mong ea bitsoang J. Phillip Vogel o re: “Ebang [boholo ba ba bechang] baa lumela kapa ha ba lumele, ’nete ke hore le pele ba becha, ka pelong ba lakatsa eka chelete eo ba bechang ka eona—le ha ekaba ke lidolara tse seng kae feela—e ka fetoha bokholokhotho.” Batho bao ba bechang ba lakatsa ho ipona e se e le barui ka ho panya ha leihlo feela. Ho hlakile hore sena se khahlanong le keletso ea Bibele ea hore Mokreste o lokela hore “a sebetse ka thata, a etse mosebetsi o molemo ka matsoho a hae, e le hore a ka ba le ho hong hoo a ho abelang ea hlokang.” (Baefese 4:28) Ntlha e ’ngoe ke hore moapostola Pauluse o ile a bua ka ho toba, a re: “Haeba mang kapa mang a sa batle ho sebetsa, le ho ja a se ke a ja.” O ile a phaella ka ho re: “Ba lokela ho ja lijo tseo ba li fumanang ka ho li sebeletsa.” (2 Bathesalonika 3:10, 12) Empa na ho becha ho ka nkoa e le mosebetsi o loketseng?

Le hoja ho becha e ka ’na ea e-ba papali e hlokang boiteko bo itseng, chelete leha e le efe eo motho a e fumanang ke eo a e hapileng, ha aa e sebeletsa kapa hona ho e fuoa hobane ho e-na le ntho e itseng eo a e entseng. Ha batho ba becha, motho o hapa chelete ka lehlohonolo, ’me batho ba lula ba tšepile hore neng-neng ba tla oeloa ke lehlohonolo leo. Ka bokhutšoanyane feela, motho ea bechang o batla ho fumana ntho mahala. Ka lehlakoreng le leng, Bakreste ba ’nete ba khothalletsoa hore ba sebetse e le hore ba fumane chelete. Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola tjena: “Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a je ’me ka sebele a noe le ho etsa hore moea oa hae o bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.” Eaba o phaella ka ho re: “Sena se tsoa letsohong la Molimo oa ’nete.” (Moeklesia 2:24) Bahlanka ba Molimo ha ba itšetlehe ka lintho tseo ba ka ratang hore ba li fumane kapa hona ho batla ho khaoletsa lintho e le hore ba fumane chelete, ho e-na le hoo, ba itšetleha ka Molimo hore ba be le thabo le litlhohonolofatso.

“Leraba” Leo re Lokelang ho le Qoba

Esita le haeba motho ea bechang a ka ba lehlohonolo eaba o hapa chelete, e ka ba hantle hore a se ke a nahana feela ka thabo ea nakoana ea ha a qeta ho fumana chelete, empa a nahane le ka liphello tse tla nka nako e telele tsa ho becha. Liproverbia 20:21 e re: “Lefa le fumanoa ka meharo qalong, empa bokamoso ba lona bo ke ke ba hlohonolofatsoa.” Batho ba bangata ba ileng ba tšoara lotto le ba bang ba bechang ba ile ba ikoahlaea ba ba ba sareloa ha ba ithuta hore maruo ao ba a fumaneng ha aa ba tlisetsa thabo. Ho molemo hakaakang ho mamela keletso ea Bibele ea ho se behe tšepo ‘maruong a sa tsitsang, empa re e behe ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele.’—1 Timothea 6:17.

Ho na le kotsi e ’ngoe ka ho becha ntle le taba ea ho hapa chelete kapa ho lahleheloa ke eona. Lentsoe la Molimo le re: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong.” (1 Timothea 6:9) Leraba le etselitsoe hore le tšoase phofu. Batho ba se nang palo ba neng ba ipoleletse hore ba batla chelete e fokolang feela ha ba becha kapa ba leka letsoho makhetlo a ’maloa feela, ba qeteletse ba tšoasehile ’me ba sitoa ho itokolla ho lemalleng ho becha. Ho becha ho ’nile ha senyetsa batho mesebetsi, ha utloisa ba ba ratang bohloko ha ba ha qhala malapa.

Ka mor’a ho hlahloba mangolo a mangata a amanang le ho becha, na u lemoha thato ea Molimo tabeng ee? Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste-’moho le eena, a re: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Baroma 12:2) Mokreste ha aa lokela ho tataisoa ke maikutlo a batho ba bangata, ho e-na le hoo, o lokela ho tataisoa ke thato ea Molimo. Kaha Jehova ke “Molimo ea thabileng,” o batla hore re thabele bophelo bo se nang litholoana tse babang tsa ho becha.—1 Timothea 1:11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 10 Tsoha! ea October 8, 2000, leqepheng la 25 ho ea ho la 27, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, e hlalosa hore na ho etsa letsete ’marakeng oa matsete ho fapane kae le ho becha.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

Bahlanka ba Molimo ba fumana chelete ka ho e sebeletsa ka botšepehi

[Lebokose le leqepheng la 13]

Ho Hlasimolloa ke ho Hapa Chelete

Na ho becha ho ka fetoha tloaelo, motho a qetella a se a ho lemaletse habonolo feela? Ka mor’a hore ho etsoe lipatlisiso tsa kamoo batho ba bechang ba itšoarang kateng ha ba hapile chelete kapa ba lahlehetsoe ke eona, Dr. Hans Breiter o ile a hlokomela hore “ha motho a hapa chelete ha a becha, boko ba hae bo ameha ka tsela e tšoanang le ea motho ea lemaletseng k’hok’heine ha a qeta ho e sebelisa.”

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ba bechang ba tšepile ho hapa chelete ea mang?