Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Litaba Tse Molemo ke Eng?

Litaba Tse Molemo ke Eng?

Litaba Tse Molemo ke Eng?

“Litaba tsena tse molemo . . .”—MATHEU 24:14.

BAKRESTE ba lokela ho bolella ba bang “litaba tse molemo tsa ’muso,” ba ba hlalosetse hore ’Muso oo ke puso e tla ba teng lefatšeng nakong e tlang, e tla busa lefatše ka toka. Empa poleloana “litaba tse molemo” e boetse e sebelisoa ka litsela tse ling ka Bibeleng. Ka mohlala, ho na le moo ho buuoang ka “litaba tse molemo tsa poloko” (Pesaleme ea 96:2); “litaba tse molemo tsa Molimo” (Baroma 15:16); le “litaba tse molemo mabapi le Jesu Kreste.”—Mareka 1:1.

Ka mantsoe a bonolo feela, litaba tse molemo li akarelletsa ’nete eohle eo Jesu a ileng a bua ka eona le eo barutuoa ba hae ba ileng ba ngola ka eona. Pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a bolella balateli ba hae: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Ka hona, mosebetsi oa Bakreste ba ’nete hase feela ho bolella ba bang ka ’Muso; ba boetse ba lokela ho leka ho etsa barutuoa.

Likereke li etsa joang tabeng ee? Tse sa utloisiseng hore na ’Muso ke eng—etsoe li ngata—li sitoa ho ruta ba bang se nepahetseng ka oona. Ho e-na le hoo, li ruta lintho tse kang ho tšoareloa libe le ho ba le tumelo ho Jesu, tseo li tsebang hore li thabisa bamameli. Hape li hohela batho ka ho etsa mesebetsi e thusang sechaba kapa ho haha lipetlele, likolo le mahae a mafutsana. Le hoja liketso tse joalo li ka bitsa batho ba bangata hore e be litho tsa kereke, ha li etse hore batho e be Bakreste ba ’nete bao ka tieo ba batlang ho phela tumellanong le seo Jesu a se rutileng.

Setsebi se seng sa thuto ea bolumeli se re: “Litsebi le baeta-pele ba bangata ba likereke tsa Bokreste baa lumela hore re lokela ho etsa batho barutuoa kapa liithuti tsa Jesu le ho ba ruta lintho tsohle tseo Jesu a li rutileng. . . . Taelo ea Jesu tabeng ena e hlakile. Re mpa re sa etse seo a re laetseng sona. Ha re iteke ho le hokaalo. Hape ho bonahala re sa tsebe hore na re lokela ho etsa seo joang.”

Ka tsela e tšoanang, phuputso e entsoeng ho Mak’hatholike a United States e bontšitse hore batho ba etsang karolo ea 95 lekholong baa lumela hore ho ruta litaba tse molemo ke ntho eo ba lokelang ho e etsa tumelong ea bona. Leha ho le joalo, hoo e ka bang kaofela ha bona ba nka hore tsela e molemo ea ho etsa seo hase ka ho bua ka tsona, empa ke ka ho phela ka tsela e tla behela ba bang mohlala. E mong oa bao ho ileng ha etsoa phuputso ho bona, o itse: “Ho bolela evangeli ho fapane le ho bua mantsoe feela a mangata. Rōna ka borōna re lokela ho ba Litaba Tse Molemo.” Makasine ea U.S. Catholic, eo e neng e le eona e neng e etsa liphuputso tseo, e re ba bangata ba leqe ho bolella ba bang ka tumelo ea bona ka lebaka la “botumo bo bobe boo kereke ea bona e nang le bona morao tjena ba mahlabisa-lihlong a ho hlekefetsa ka thobalano le lithuto tse ling tsa kereke tse fanang ka mathata.”

Sebakeng se seng, mobishopo oa Methodiste o ile a tletleba ka hore litho tsa kereke ea hae li arohile likoto li bile li na le lintho tse li ferekantseng, ka hona ha li na sebete sa ho phetha thomo ea tsona, etsoe li iphelela feela joaloka batho ba bang ba sa keneng kereke. A utloahala a tsielehile, o ile a botsa: “Joale ke bo-mang ba phethang boikarabelo ba ho bolela kosepele ea ’Muso?”

Mobishopo ha aa ka a araba potso eo ea hae. Empa karabo eona e teng. U tla e fumana sehloohong se latelang.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Litaba tse molemo li mabapi le ’Muso oa Molimo le poloko ka ho lumela ho Jesu Kreste