Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

“Ba ntlo ea Cesare” ba ileng ba kōpa Pauluse hore a lumelise Bakreste ba Bafilipi e ne e le bo-mang?

Moapostola Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Bafilipi a le Roma hoo e ka bang ka selemo sa 60 ho ea ho 61 C.E., ’me Cesare eo a neng a bua ka eena e ne e le Moemphera Nero. Empa ke mang ka tlung ea Nero ea neng a ka re ho lumelisoe Bakreste ba Filipi?—Bafilipi 4:22.

E ka ba phoso ho nahana hore poleloana e reng “ba ntlo ea Cesare” e ne e bolela beng ka moemphera eo ba haufi-ufi feela. Ha e le hantle, e ne e akarelletsa batho kaofela ho kopanyelletsa le makhoba le batho ba seng ba lokolotsoe ba neng ba le Roma le liprofinseng tse ling ba neng ba sebeletsa moemphera. Ka hona, “ba ntlo ea Cesare” ba ne ba akarelletsa bahlanka ba hae ba likete. E ne e le ba phethang mesebetsi e sa tšoaneng ea bookameli kapa e khelloang tlaase matlong a moemphera le libakeng tse ling tse neng li oela tlas’a hae. Ba bang ba ne ba bile ba sebetsa liofising tsa botsamaisi ’musong.

Ho hlakile hore ba bang ba bahlanka bao ba Roma ba moemphera e ile ea e-ba Bakreste. Ntho e sa tsejoeng ke hore na ebe e bile Bakreste ka lebaka la ho bolela ha Pauluse Roma kapa che. Leha ho le joalo, ho bonahala ba ne ba thahasella phutheho ea Bafilipi ka tsela e ikhethang. Kaha Filipi e ne e le kolone ea Roma eo ho eona ho neng ho lula masole a mangata le bahlanka ba ’muso ba neng ba se ba le pensheneng, ho ka etsahala hore ba bang ba Bakreste bao e ne e le metsoalle ea ba ileng ba romela litumeliso ka Pauluse.

Ha Molao oa Moshe o bua ka ho kenela, ha e le hantle o ne o bua ka eng?

Iseraele ea boholo-holo, haeba monna a ne a ka shoa a se na mora, ho ne ho lebeletsoe hore mor’abo a nyale mohlolohali eo e le hore a mo etsetse ngoana ea tla ntšetsa pele leloko la monna ea hlokahetseng. (Genese 38:8) Tokisetso eo e neng e bitsoa ho kenela, hamorao e ile ea kenyelletsoa Molaong oa Moshe. (Deuteronoma 25:5, 6) Se ileng sa etsoa ke Boaze joalokaha ho hlalositsoe bukeng ea Ruthe, se bontša hore tokisetso ena e ne e ka fetela ho banna ba bang ba leloko la monna ea hlokahetseng haeba a se na baholoane kapa baena.—Ruthe 1:3, 4; 2:19, 20; 4:1-6.

Taba ea hore batho ba ne ba keneloa mehleng ea Jesu e bontšoa ke se tlalehiloeng ho Mareka 12:20-22, moo Basaduse ba buang ka hona. Rahistori oa lekholong la pele la lilemo oa Mojuda, Flavius Josephus, o ile a re mokhoa oo o ne o boloka lebitso la lelapa, o etsa hore lefa le lule ka lapeng o bile o etsa hore mohlolohali a hlokomeloe. Mehleng eo ea khale, mosali o ne a ke ke a ja lefa la monna oa hae. Leha ho le joalo, ngoana ea hlahileng ha a keneloa o ne a ka ja lefa la monna ea shoeleng.

Molao o ne o lumella beng ka monna ea shoeleng hore ba hane ho mo kenela haeba ba sa batle. Leha ho le joalo, e ne e le sekhobo hore monna a hane ho ‘haha ntlo ea mor’abo.’—Deuteronoma 25:7-10; Ruthe 4:7, 8.