Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Baholo, le Ikutloa Joang ka ho Koetlisa ba Bang?

Baholo, le Ikutloa Joang ka ho Koetlisa ba Bang?

“Ho na le nako e behiloeng bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”—MOEKLESIA 3:1.

1, 2. Balebeli ba potoloho ba hlokometse’ng liphuthehong tse ngata?

MOLEBELI oa potoloho o ne a le mothating oa ho phethela seboka sa baholo. O ile a sheba bara bana babo rōna ba sebetsang ka thata, a utloa a ba rata, ’me ba bang ba bona ba ne ba se ba hōlile. Empa ho ne ho e-na le taba eo a tšoenyehileng ka eona. O ile a ba botsa a re: “Barab’eso, le entse’ng ho koetlisa barab’abo rōna hore ba jare boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong?” Ba ne ba tseba hore ketelong e fetileng, molebeli oa potoloho o ne a ba khothalelitse hore ba qete nako e eketsehileng ba ba koetlisa. Mor’abo rōna e mong o ile a re, “Ha rea etsa letho le lekaalo.” Baholo ba bang le bona ba ile ba lumellana le eena.

2 Haeba u moholo, mohlomong le uena u ne u tla bua se tšoanang. Balebeli ba potoloho ba hlokometse hore baholo ba bangata ba lokela ho qeta nako e eketsehileng ba koetlisa barab’abo rōna e le hore ba tsebe ho hlokomela phutheho. Empa ho etsa sena ho ka ’na ha e-ba thata. Hobane’ng?

3. (a) Bibele e re’ng ho bontša hore ke habohlokoa ho koetlisa ba bang, hona ke hobane’ng ha kaofela ha rōna re lokela ho thahasella koetliso ee? (Sheba naletsana.) (b) Ke hobane’ng ha baholo ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ho koetlisa barab’abo rōna?

3 Haeba u moholo, u ua tseba hore ke habohlokoa ho qeta nako e eketsehileng u koetlisa ba bang. * (Sheba naletsana.) U ua tseba hore ho hlokahala barab’abo rōna ba eketsehileng ho matlafatsa liphutheho hona joale le ho tšehetsa tse tla thehoa. (Bala Esaia 60:22.) Bibele e re u lokela “ho ruta ba bang.” (Bala 2 Timothea 2:2.) Empa ho ka ’na ha e-ba thata ho ipha nako ea ho etsa joalo. U lokela ho hlokomela ba lelapa la hao ka seo ba se hlokang, ha ka nako e tšoanang u sebetsa. Hape u lokela ho etsa mesebetsi ea phutheho le lintho tse ling tse potlakileng. Kaha re na le mosebetsi o mongata oo re lokelang ho o etsa, a re tšohleng hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho koetlisa barab’abo rōna.

HO HLOKAHALA HORE BA KOETLISOE KA POTLAKO

4. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling baholo ba chechisa taba ea ho koetlisa barab’abo rōna?

4 Ke hobane’ng ha baholo ba ka ’na ba thatafalloa ho koetlisa barab’abo rōna ka phuthehong? Baholo ba bang ba ka ’na ba re: ‘Ho na le lintho tse ling tse potlakileng ka phuthehong, tseo re lokelang ho li etsa hang-hang. Le haeba ke sa koetlise barab’abo rōna hona joale, seo se ke ke sa ama phutheho.’ Na seo ke ’nete? Ho na le lintho tse ling tseo u ka ’nang ua lokela ho li etsa hang-hang. Empa haeba u chechisa taba ea ho koetlisa barab’abo rōna, seo se ka ’na sa bakela phutheho mathata.

5, 6. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa mokhanni le tseleng eo a hlokomelang koloi ka eona? Re ka bapisa see joang le ho koetlisoa ha barab’abo rōna ka phuthehong?

5 Nahana ka mohlala ona. E le hore koloi e lule e le maemong a matle, mokhanni o oa tseba hore ho hlokahala a chenche oli nako le nako. Empa a ka ’na a nka hore ntho e potlakileng ke ho tšela peterole, kaha koloi e tla ema ha e se na peterole. A ka ’na a nahana hore haeba a phathahane haholo, o tla chencha oli ka nako e ’ngoe. Etsoe koloi e tla ’ne e tsamaee. Empa sena se ka ba kotsi. Haeba mokhanni a sa chenche oli ka nako, qetellong koloi e tla senyeha. Kahoo, o tla senyeheloa ke nako le chelete e ngata ho e lokisa. Re ithuta’ng ho see?

6 Baholo ba lokela ho potlakela ho etsa lintho tsa bohlokoa. Ho seng joalo, phutheho e tla hula ka thata. Feela joalokaha mokhanni a lokela ho tšela peterole, baholo ba lokela ho “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.” (Bafilipi 1:10) Empa baholo ba bang ba ka ’na ba phathahana ka lintho tsa bohlokoa hoo ba se nang nako ea ho koetlisa barab’abo rōna. Sena se ka ’na sa tšoana le ha mokhanni a iphapanyetsa ho chencha oli. Haeba baholo ba sa koetlise barab’abo rōna ka phuthehong, ho ke ke ha e-ba le banna ba koetliselitsoeng mesebetsi e lokelang ho etsoa.

7. Re lokela ho nka baholo ba iphang nako ea ho koetlisa barab’abo rōna joang?

7 Kahoo le ka mohla u se ke ua nahana hore ho ba koetlisa hase taba ea bohlokoa. Baholo ba nahanang ka bokamoso ba phutheho ’me ba ipha nako ea ho koetlisa barab’abo rōna ba bontša bohlale, ebile ke ba bohlokoa ho bara le barali babo rōna. (Bala 1 Petrose 4:10.) Phutheho e rua molemo joang?

SEBELISANG NAKO HAMOLEMO

8. (a) Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho koetlisa barab’abo rōna? (b) Baholo ba sebeletsang moo ho nang le tlhokahalo ba lokela ho etsa mosebetsi ofe o potlakileng? (Sheba lebokose le reng “ Thōmo e Potlakileng.”)

8 Baholo ba nang le phihlelo ba lokela ho ikokobetsa ’me ba hopole hore ha ba ntse ba hōla ba tla sitoa ho etsa lintho tse ngata tseo hona joale ba khonang ho li etsa. (Mikea 6:8) Baholo ba boetse ba lokela ho hopola hore ba ka ’na ba hlaheloa ke “nako le ketsahalo e sa lebelloang,” e leng se ka ba thatafalletsang ho phetha boikarabelo ba bona. (Moeklesia 9:11, 12; Jakobo 4:13, 14) Kaha baholo ba rata batho ba Jehova ebile ba amehile ka bona, ba sebetsa ka thata ho ruta barab’abo rōna ba bacha seo ba ithutileng sona ho theosa le lilemo.—Bala Pesaleme ea 71:17, 18.

9. Ke eng e tla etsahala nakong e tlang e etsang hore ho koetlisa barab’abo rōna e be habohlokoa?

9 Baholo ba koetlisang barab’abo rōna ba etsa mosebetsi oa bohlokoa, kaha ka ho etsa joalo ba tla matlafatsa phutheho. Ha ba ba koetlisa, ba etsa hore barab’abo rōna ba eketsehileng ba lokele ho thusa phutheho hore e lule e momahane ebile e tšepahala ho Molimo. Sena ke sa bohlokoa matsatsing ana a ho qetela, ’me se tla thusa le nakong ea matšoenyeho a maholo a tlang. (Ezekiele 38:10-12; Mikea 5:5, 6) Kahoo, lōna baholo ba ratehang, ikemisetseng ho lula le koetlisa barab’abo rōna ho tloha kajeno.

10. Moholo o lokela ho etsa’ng e le hore a koetlise barab’abo rōna ka phuthehong?

10 Rea utloisisa hore u phathahane, kaha u na le lintho tsa bohlokoa tseo u li etsang ka phuthehong. Kahoo, ho ka ’na ha hlokahala hore u sebelise karolo e ’ngoe ea nako eo ho koetlisa ba bang ka phuthehong. (Moeklesia 3:1) Ha u etsa joalo u tla be u sebelisa nako ea hao hamolemo ’me seo se tla ruisa phutheho molemo.

ETSA HORE MAEMO E BE A LOKETSENG

11. (a) Ke’ng se thahasellisang ka litlhahiso tse fanoeng ke baholo ba tsoang linaheng tse fapaneng mabapi le ho koetlisa ba bang? (b) Ho latela Liproverbia 15:22, ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re tšohle litlhahiso tsa baholo baa?

11 Haufinyane tjena, re ile ra botsa baholo ba atlehileng ho koetlisa barab’abo rōna ka phuthehong ho jara boikarabelo bo eketsehileng hore na ba entse seo joang. * (Sheba naletsana.) Baholo bana kaofela ba fane ka keletso e tšoanang le hoja maemo a bona a sa tšoane. See se bontša’ng? Hore koetliso e thehiloeng Bibeleng e molemo “hohle phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe.” (1 Bakorinthe 4:17) Kahoo, sehloohong sena le se latelang, re tla tšohla litlhahiso tse ling tsa baholo bana.—Liproverbia 15:22.

12. Mokoetlisi o lokela ho etsa’ng, hona hobane’ng?

12 Ntlha ea pele, mokoetlisi o lokela ho etsa hore maemo e be a loketseng koetliso. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Feela joalokaha molemi a lokela ho lokisa mobu pele a jala, mokoetlisi le eena o lokela ho lokisa pelo ea mor’abo rōna pele a mo koetlisa. Kahoo, mokoetlisi a ka etsa’ng ho lokisa pelo ea mor’abo rōna pele a mo koetlisa? A ka etsisa mohlala oa moprofeta Samuele, eo e neng e le mokoetlisi ea hloahloa.

13-15. (a) Jehova o ile a laela Samuele hore a etse’ng? (b) Samuele o ile a etsa’ng ho lokisetsa Saule mosebetsi o mocha? (Sheba setšoantšo se qalong.) (c) Ke hobane’ng ha tlaleho ea Bibele ea Samuele e le ea bohlokoa ho baholo kajeno?

13 Lilemong tse fetang 3 000 tse fetileng, Jehova o ile a re ho moprofeta Samuele ea tsofetseng: “Hosasane hoo e ka bang ka nako ena ke tla romela ho uena monna ea tsoang naheng ea Benjamine, ’me u mo tlotse hore e be moeta-pele oa sechaba sa ka sa Iseraele.” (1 Samuele 9:15, 16) Samuele o ne a tseba hore a ke ke a hlola a etella sechaba sa Iseraele pele ebile Jehova o ne a batla hore a tlotse moeta-pele e mocha. Kahoo, Samuele o ile a loha leano e le hore a lokisetse monna eo mosebetsi o mocha.

14 Letsatsing le hlahlamang, Samuele o ile a kopana le Saule, ’me Jehova a re ho moprofeta eo: ‘Ke eena monna enoa.’ Ka eona nako eo, Samuele a etsa seo a neng a rerile ho se etsa. O ile a bula monyetla oa hore a khone ho buisana le Saule. Samuele o ile a memela Saule le mohlanka oa hae lijong, a ba fa litulo tse ka pele le ho ba sehela karolo e ntle ka ho fetisisa ea nama. Samuele a re ho eena: ‘Ja, hobane ba ne ba u boloketse nama ena.’ Ha ba qeta ho ja, Samuele a memela Saule ntlong ea hae. Ba qoqa hamonate ha ba le tseleng e eang moo. Ha ba fihla ntlong ea Samuele, ba ea karolong e marulelong ea ntlo, ’me Samuele “a tsoela pele ho bua le Saule a le holim’a ntlo” ho fihlela ba il’o robala. Letsatsing le hlahlamang, Samuele o ile a tlotsa Saule, a mo aka ’me a mo fa litaelo tse eketsehileng. Ka mor’a moo, Saule a tsamaea a loketse se larileng ka pele.—1 Samuele 9:17-27; 10:1.

15 Samuele o ile a tlotsa Saule hore e be moeta-pele oa sechaba. Ke ’nete hore sena ha se tšoane le ho koetlisa mor’abo rōna hore e be moholo kapa mohlanka ea sebeletsang. Leha ho le joalo, baholo ba ntse ba ka ithuta lintho tse ngata tsa bohlokoa tseleng eo Samuele a ileng a lokisa pelo ea Saule ka eona. A re tšohleng tse peli tsa tsona.

IKEMISETSENG HO BA BAKOETLISI LE METSOALLE

16. (a) Samuele o ile a ikutloa joang ha Baiseraele ba batla morena? (b) Samuele o ile a etsa’ng ha Jehova a mo laela hore a tlotse Saule?

16 Ba thuse ka ho rata ’me u se ke ua ba leqe. Qalong ha Samuele a utloa hore Baiseraele ba batla morena, o ile a nyahama ’me a ikutloa a saretsoe. (1 Samuele 8:4-8) Jehova o ile a mo bolella ka makhetlo a mararo hore a mamele sechaba, kaha Samuele o ne a sa batle ho se fa morena. (1 Samuele 8:7, 9, 22) Le hoja Samuele a ne a ikutloa ka tsela eo, ha aa ka a halefela monna ea neng a tla etella sechaba pele kapa hona ho mo honohela. Ha Jehova a mo bolella hore a tlotse Saule, Samuele ha aa ka a tsilatsila. O ile a khetha ho mamela hobane a rata Jehova, eseng hobane a qobelloa.

Baholo, ipheng nako ea ho koetlisa barab’abo rōna le hoja le phathahane

17. Kajeno baholo ba etsisa Samuele joang, ’me see se ba tlisetsa thabo joang?

17 Ho na le baholo ba bangata kajeno ba nang le phihlelo ba etsisang Samuele, ’me ba koetlisa barab’abo rōna ka lerato. (1 Petrose 5:2) Baholo bana ba mosa ba ithaopela ho ruta ba bang, ’me ha ba tšabe ho arolelana boikarabelo le barab’abo rōna ba ntseng ba koetlisoa. Ba nka bara bana babo rōna e le “basebetsi-’moho” le bona, ba tlang ho ba thusa ho hlokomela phutheho ka seo e se hlokang. (2 Bakorinthe 1:24; Baheberu 13:16) Baholo bana ba se nang boithati ba thabela ho bona barab’abo rōna ba sebelisa bokhoni ba bona ho thusa batho ba Jehova.—Liketso 20:35.

18, 19. Moholo a ka etsa’ng ho lokisa pelo ea mor’abo rōna eo a mo koetlisang, hona ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?

18 E-ba motsoalle, u se ke ua ba mokoetlisi feela. Ha Samuele a kopana le Saule a ka be a ile a nka oli a mo tšela ka eona hloohong hona hoo, a mo tlotsa hore e be morena. E ne e tla be e se e le morena, empa a se boemong bo loketseng ba ho etella batho ba Molimo pele. Kahoo, Samuele o ile a ipha nako ea ho hlomella Saule hore a lokele mosebetsi oo a o fuoang. Pele a tlotsa Saule, ba ile ba ja, ba otlolla maoto, ba qoqa nako e telele, ka mor’a moo ba phomola. Samuele o ile a emela nako e nepahetseng pele a mo tlotsa hore e be morena.

U lokela ho ba motsoalle oa mor’abo rōna pele u mo koetlisa (Sheba serapa sa 18 le 19)

19 Hoa tšoana le kajeno. Pele moholo a koetlisa mor’abo rōna o lokela ho ikitlaelletsa ho ba motsoalle oa hae. Seo moholo a tla se etsa hore mor’abo rōna eo a mo koetlisang a phutholohe, se tla fapana ho ea ka maemo le litloaelo tsa sebaka. Ho sa tsotellehe hore na u lula hokae, haeba u ipha nako ea ho mo koetlisa le hoja u phathahane, mor’abo rōna o tla hlokomela hore ke oa bohlokoa. (Bala Baroma 12:10.) Ka sebele, o tla ananela tsela eo u mo bontšang lerato le ho mo tsotella ka eona.

20, 21. (a) E le hore moholo a atlehe, o lokela ho etsa’ng? (b) Re tla tšohla’ng sehloohong se latelang?

20 Ke ’nete hore moholo o lokela ho rata ho koetlisa barab’abo rōna, e le hore a atlehe. Empa o boetse o lokela ho rata mor’abo rōna eo a mo koetlisang. (Bapisa le Johanne 5:20.) Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Hobane haeba motho eo u mo koetlisang a bona hore u ua mo tsotella, o tla ikemisetsa ho ithuta. Kahoo baholo, ikitlaelletseng hore le se ke la ba bakoetlisi feela, empa le be metsoalle ea bao le ba koetlisang.—Liproverbia 17:17; Johanne 15:15.

21 Moholo o lokela ho lokisa pelo ea mor’abo rōna pele a mo koetlisa. Empa a ka mo koetlisa joang? Re tla tšohla taba ena sehloohong se latelang.

^ ser. 3 Sehlooho sena le se latelang li ngoletsoe baholo ka ho khetheha. Empa kaofela ha rōna re lokela ho thahasella boitsebiso bona. Hobane’ng? Hobane bo tla thusa barab’abo rōna bohle ho lemoha hore ba hloka koetliso, e le hore ba jare boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong. Haeba ho e-na le barab’abo rōna ba bangata ba koetlisitsoeng ka phuthehong, bohle ba tla rua molemo.

^ ser. 11 Baholo bana ba lula Afrika Boroa, Australia, Bangladesh, Belgium, Brazil, Fora, French Guiana, Japane, Korea, Mexico, Namibia, Nigeria, Réunion, Russia le United States.