Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Jesu o ne a bolela’ng ha a re ho Nikodemase: “Ha ho motho ea nyolohetseng leholimong haese ea theohileng leholimong, Mor’a motho”?—Johanne 3:13.

Ka nako eo Jesu o ne a le lefatšeng, o ne a e-s’o nyolohele leholimong kapa hona ho khutlela teng. Leha ho le joalo, seo re se tsebang ka Jesu le se neng se etsahala ha a tla bua mantsoe ao, se ka re thusa ho utloisisa taba eo a neng a hlile a bua ka eona.

Jesu o ne a ‘theohile leholimong’ ka kutloisiso ea hore pele o ne a phela le Ntate oa hae sebakeng sa moea, empa ka nako e loketseng, bophelo ba Mora bo ile ba fetisetsoa pōpelong ea Maria, eaba qetellong Jesu o tsoaloa e le motho. (Luka 1:30-35; Bagalata 4:4; Baheberu 2:9, 14, 17) Ka mor’a lefu la hae, Jesu o ne a tla tsosoa e le sebōpuoa sa moea a ntoo khutlela ho Jehova. Ka lebaka leo, nakoana pele a bolaoa, Jesu o ile a bua mantsoe ana ha a rapela: “Ntate, u ntlotlise haufi le uena ka khanya eo ke neng ke e-na le eona haufi le uena pele lefatše le e-ba teng.”—Johanne 17:5; Baroma 6:4, 9; Baheberu 9:24; 1 Petrose 3:18.

Ha Jesu a ne a bua le Nikodemase eo e neng e le Mofarisi ebile e le mosuoe Iseraele, Jesu o ne a e-s’o khutlele leholimong. Ha e le hantle, ho ne ho se motho ea seng a kile a shoa eaba o nyolohela sebakeng sa moea, leholimong. Jesu ka boeena o ile a re har’a baprofeta ba Molimo ho ne ho se ea ka bapisoang le Johanne Mokolobetsi, empa “motho e monyenyane ’musong oa maholimo o moholo ho eena.” (Matheu 11:11) Athe moapostola Petrose eena o ile a bolela hore esita le Morena Davida ea tšepahalang o ne a ile a shoa ’me o ne a ntse a le lebitleng; o ne a sa ka a nyolohela leholimong. (Liketso 2:29, 34) Ho ne ho e-na le lebaka leo ka lona batho ba shoeleng pele ho Jesu ba kang Davida, Johanne Mokolobetsi le banna ba bang ba tumelo ba sa kang ba ea leholimong. Ba shoele pele Jesu a qalisa tsela kapa monyetla oa hore batho ba tsosetsoe bophelong ba leholimo. Ha Moapostola Pauluse a ngola, o ile a re joaloka pula-maliboho, Jesu o ile a ‘qala . . . tsela e ncha le e phelang’ ea ho kena leholimong.—Baheberu 6:19, 20; 9:24; 10:19, 20.

Ha e le moo Jesu a ne a e-s’o shoe kapa hona ho tsosoa bafung, o ne a bolela’ng ha a re ho Nikodemase: “Ha ho motho ea nyolohetseng leholimong haese ea theohileng leholimong, Mor’a motho”? (Johanne 3:13) Nahana ka se neng se hlile se etsahala kapa ka taba eo Jesu a neng a ntse a buisana le Nikodemase ka eona ha a tla bua mantsoe ao.

Ha ’musi eo oa Mojuda a tla ho Jesu ka mafifi, Jesu o ile a re ho eena: “Kannete-nete ke re ho uena, Ntle le hore mang kapa mang a tsoaloe hape, a ke ke a bona ’muso oa Molimo.” (Johanne 3:3) Ha a utloa seo, Nikodemase o ile a botsa: ‘Seo se ka etsahala joang? Motho a ka tsoaloa ka lekhetlo la bobeli joang?’ O ne a sa utloisise thuto ena ea Molimo e buang ka ho kena ’Musong oa Molimo. Na ho ne ho e-na le mokhoa oo a ka ithutang see ka oona? Ho hlakile hore o ne a ke ke a itšetleha ka monahano oa motho; ho ne ho se na motho ea ka mo rutang ka taba ena kaha ho ne ho se motho ea kileng a ea leholimong eo ka lebaka leo a neng a ka hlalosa taba ea ho kena ’Musong. E ne e le Jesu feela ea ka etsang seo. Ke eena ea neng a ka ruta Nikodemase le ba bang kaha O ne a theohile leholimong a bile a tšoaneleha ho ruta batho lintho tse joalo.

Ka hona, potso e mabapi le temana ena e bontša taba ea bohlokoa ha motho a ithuta Lentsoe la Molimo. Ke ntho e sa utloahaleng hore motho a khopisoe ke temana hobane feela ho bonahala ho le thata ho e utloisisa. Seo Bibele e se bolelang sebakeng se seng se lokela ho bapisoa le litemana tse ling ’me se lumellane le tsona. Ho feta moo, hangata se potolohileng taba—ke hore se neng se etsahala kapa seo ho neng ho buuoa ka sona—se ka re thusa ho fumana tlhaloso e utloahalang le e hlakileng ea temana e thata.