Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Keketseho Har’a Batho ba Uganda ba Mefuta-futa

Keketseho Har’a Batho ba Uganda ba Mefuta-futa

Keketseho Har’a Batho ba Uganda ba Mefuta-futa

UGANDA, ke naha e botle bo tsotehang, e pakeng tsa karolo e ka bochabela le e ka bophirimela ea Phula ea Khohlo e Khōlō ea Afrika Bochabela, ebile e ka mahlakoreng ka bobeli a equator. E na le libaka tse ntle tse fapa-fapaneng, limela tse tlokomang le liphoofolo tse khahlehang. Kaha naha ena e sehlabeng se seholo le se phahameng sa Afrika, boemo ba eona ba mohatsela le ba mocheso ke bo itekanetseng ebile e na le maralla a matle a kolokileng sebakeng se bolelele ba lik’hilomithara tse makholo.

Ke linaha tse ’maloa tse ka bang le boemo bo batang haholo ba leholimo tsa ba tsa chesa haholo libakeng tse atamelaneng, empa Uganda eona e joalo. Naha ena e qala ka bophirimela lithabeng tse koahetsoeng ke lehloa tse bitsoang Mountains of the Moon, e leng Lithaba Tsa Ruwenzori, ’me e fella karolong e sebakeng se batlang se omeletse se ka bochabela. Masabasabeng a eona u ka bona litlou, linare le litau. Lithabeng tsa eona le merung ea eona e teteaneng ho lula likorilla, lichimpanzi le mefuta ea linonyana e fetang 1 000. Karolo e khōlō ea k’honthinente ea Afrika e aparetsoe ke komello le tlala, empa Uganda eona e na le linōka le matša, a kang Letša la Victoria, e leng letša la bobeli le leholo ka ho fetisisa lefatšeng le nang le metsi a hloekileng. Molatsoana o ka leboea oa Letša la Victoria o phallela Nōkeng ea Nile. Hase feela Winston Churchill a ileng a bitsa naha ena “perela ea Afrika”!

“Perela” ea Benya Kajeno

Leha ho le joalo, ntho e etsang hore Uganda e hohele haholo ke batho ba eona—ba botsoalle, ba rata baeti ebile ba fapa-fapane. Naha ena eo ho thoeng ke ea “Bokreste” e ka hlalosoa e le sebaka sa batho ba merabe le ba litso tse fapa-fapaneng. Esita le kajeno, batho bana ba mefuta-futa ba ka khetholloa ka meetlo le liaparo tsa bona tsa setso.

Morao tjena, palo e ntseng e eketseha ea batho ba Uganda e ntse e amohela litaba tse molemo tsa Bibele tse mabapi le nako eo ka eona ho tla ba le khotso ea ka ho sa feleng lefatšeng ka bophara. (Pesaleme ea 37:11; Tšenolo 21:4) Ho thata ho isetsa batho bana kaofela molaetsa ona, naheng e batlang e lekana le Great Britain ka boholo.

Ho tloha qalehong e nyenyane ea ha motho oa pele oa sebakeng sena a ne a kolobetsoa Letšeng la Victoria ka 1955 hore e be Paki ea Jehova, qetellong e “monyenyane” e ile ea hla ea e-ba ba sekete ka 1992. Haesale ho tloha ka nako eo, ho ’nile ha e-ba le keketseho. Sena se lumellana le mantsoe a Molimo a khothatsang: “’Na, Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.”—Esaia 60:22.

Ho Hlōla Bothata ba Puo

Puo ea molao le e sebelisoang haholo naheng ena ke Senyesemane, e sebelisoa haholo litabeng tsa thuto, empa hase puo e buuoang ke batho ba bangata ba Uganda. Kahoo, e le ha li leka ho finyella batho ka litaba tse molemo, Lipaki Tsa Jehova li sebelisa le lipuo tse ling tse khōlō. Sena se ne se hlokahala hobane karolo ea 80 lekholong ea baahi ba naha ena ba limilione tse 25 e lula libakeng tsa mahae kapa metseng e menyenyane, moo letsatsi le letsatsi batho ba buisanang haholo ka lipuo tseo ba li antseng letsoeleng. Ho hloka boiteko bo boholo ho finyella batho ba buang lipuo tsena le ho khotsofatsa litlhoko tsa bona tsa moea.

Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova li entse boiteko ba ho thusa batho bana moeeng ka ho ba pakela ka lipuo tsa habo bona le ka ho lokisetsa hore ho be le lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse sa tšoaneng. Ofising ea tsona ea lekala e motse-moholo, Kampala, ho na le lihlopha tsa bafetoleli tse fetolelang ka lipuo tse ’nè e leng: Seacholi, Selhukonzo, Seluganda le Serunyankore. Ho feta moo, likopanong tsa Bokreste tse tšoaroang ka lipuo tse sa tšoaneng naheng ka bophara ho bile le batho ba bangata, ba menang habeli palo ea Lipaki Tsa Jehova naheng ena. Sena se bontša ka ho hlaka hore boiteko ba ho finyella batho ba buang lipuo tse sa tšoaneng bo etsa hore batho ba hōle kapele moeeng. Empa ha ho felle moo.

Bo-pula-maliboho ba Etella Pele Mosebetsing oa Boboleli

Liphutheho li thabela ho tšehetsa phutuho ea selemo le selemo ea likhoeli tse tharo, ’me nakong eo li sebetsa masimo a ka thōko. (Liketso 16:9) Bo-pula-maliboho ba bangata ba bacha ba chesehang, kapa baevangeli ba nako e tletseng, ba etella pele mosebetsing ona. Ba ea libakeng tse hōle moo, maemong a mang batho ba moo ba e-s’o utloe litaba tse molemo.

Lipaki tse peli li ile tsa abeloa ho ea sebetsa ka likhoeli tse tharo e le bo-pula-maliboho ba khethehileng sebakeng se bitsoang Bushenyi, e leng motsana o karolong e ka bophirimela ea Uganda. Li ile tsa sebetsa le Paki e le ’ngoe feela ea Jehova sebakeng seo mosebetsing oa boboleli le oa ho hlophisa liboka tsa Bokreste. Ka khoeli e le ’ngoe feela, bo-pula-maliboho bana ba babeli ba ile ba buisana kamehla ka Bibele le batho ba 40, ’me ba 17 ba bona ba ile ba qala ho tla libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Bo-pula-maliboho bana ba re: “Ba bang ba batho bao re neng re ba sietse bukana e bitsoang Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?  * ba ile ba tla lehaeng la rōna matsatsi a se makae hamorao ba nkile maqephe a ’maloa ao ho ’ona ba neng ba ngotse likarabo tsa lipotso tseo ba neng ba li fumane bukaneng ena. Ba ne ba batla ho tseba hore na ebe likarabo tsa bona li ne li nepahetse.” Kajeno, ho na le phutheho e nang le Holo ea eona ea ’Muso motseng ona.

Bo-pula-maliboho ba babeli ba ile ba ea tšimong e karolong e ka bophirimela ea Uganda e leng sebaka seo ho neng ho e-s’o ka ho boleloa litaba tse molemo ho sona. Ba ile ba ngola: “Batho ba hlile ba nyoretsoe ’nete ea Bibele. Likhoeling tse tharo tseo re bileng mona ka tsona, re khonne ho qalisa le ho khanna lithuto tsa Bibele tse 86.” Kapele feela ho ile ha thehoa sehlopha sa Lipaki sebakeng seo.

Basebetsi ba Bang ba Chesehang Tšimong

Har’a bo-pula-maliboho ba chesehang ho na le ba bang ba sebelelitseng ka lilemo tse ngata. Pele Patrick e e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ne a bapala seletsa sa clarinet benteng ea lebotho la sesole sa moeeng la ’musi oa Uganda ea neng a bitsoa Idi Amin. Ka 1983, likhoeli tse tšeletseng ka mor’a hore Patrick a kolobetsoe, o ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Kajeno ke molebeli ea tsamaeang, o etela liphutheho le ho li khothatsa.

Margaret o ile a kolobetsoa ka 1962. Le hoja a se a batla a le lilemo li 80 ’me a khathatsoa ke noka e mo sitisang ho tsamaea, o qeta lihora tse 70 ka khoeli a bolella baahelani ba hae ka tšepo ea hae e thehiloeng Bibeleng. O beha lingoliloeng bencheng ka ntle ha hae ’me o qalisa moqoqo le motho leha e le ofe ea fetang ea lakatsang ho utloa litaba tse molemo tsa lefatše le lecha la khotso.

Simon, e leng sehoai se lulang karolong e ka bochabela ea Uganda, o ne a ’nile a batla ’nete ka lilemo tse 16 ’me, ka 1995, o ile a fumana sengoliloeng se itseng se hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Seo a ileng a se bala se ile sa etsa hore a be le takatso ea ho tseba ho eketsehileng ka ’Muso oa Molimo le ka morero o babatsehang oa Jehova ka lefatše. Ho ne ho se na Lipaki Kamuli moo a neng a lula teng, kahoo Simon o ile a tsamaea lik’hilomithara tse 140 ho ea Kampala ho ea li batla. Kajeno, ho na le phutheho motsaneng oa habo.

“Re Tla Lula re le Teng Mona”

Joaloka libakeng tse ling tsa Afrika, batho ba bangata ba batla ho bona sehlopha sa bolumeli se e-na le sebaka se loketseng sa borapeli. Ho ile ha bonahala sena se bakela liphutheho tse ling tsa Lipaki Tsa Jehova bothata bo boholo, hobane li ne li se na chelete ea ho haha Holo ea ’Muso e loketseng. Ha ho na mantsoe a ka hlalosang liteboho tseo barab’abo rōna ba bileng le tsona ho elella bofelong ba 1999, ha ho ne ho thakholoa lenaneo le potlakileng la ho haha Liholo Tsa ’Muso lefatšeng ka bophara. Lilemong tse hlano tse latelang, ho ile ha phethoa Liholo tse ncha tsa ’Muso tse 40 Uganda. Kajeno, hoo e batlang e le liphutheho tsohle li na le Holo ea tsona ea ’Muso e itekanetseng le e loketseng. Ha batho ba ntse ba bona ho hahuoa liholo metseng ea bona, ho joalokaha eka ba utloa Lipaki li re, “Re tla lula re le teng mona.” Ho hahuoa ha Liholo Tsa ’Muso ho entse hore ho be le keketseho.

Phutheho e ’ngoe e nyenyane e karolong e ka leboea ea Uganda e ne e atisa ho tšoarela liboka tsa eona ka tlas’a sefate sa mango se nang le makhasi a mangata. Ka mor’a hore ho fumanoe setša, lintho li ile tsa tsamaea ka potlako. Barab’abo rōna ba neng ba le sehlopheng sa kaho, ba neng ba sebetsa le Lipaki tsa sebaka sena, ba ile ba qala ho haha Holo ea ’Muso. Mosebetsi oa bona o ile oa khahla ralipolotiki e mong ea kileng a tuma sebakeng sena. O ile a fana ka karache ea hae hore e sebelisetsoe liboka ho fihlela Holo ea ’Muso e phethoa. Hape o ile a lumela ho ithuta Bibele le e mong oa baithaopi ba neng ba sebetsa kahong. Hona joale ke mohoeletsi ea chesehang ea kolobelitsoeng, o thabela ho sebeletsa Jehova ka har’a Holo eo ea ’Muso e ncha le e ntle!

Ha ho ne ho hahuoa Holo ea ’Muso karolong e ka boroa-bochabela ea naha, ’meselara e mong oa sebakeng seo o ile a angoa maikutlo ke moea oa botsoalle, lerato le tšebelisano tseo a ileng a li bona har’a barab’abo rōna hoo a ileng a ithaopela ho thusa mosebetsing ona. Ha mohaho o se o tla fela, o ile a ba a sebetsa bosiu bohle e le hore barab’abo rōna ba ka khona ho qeta Holo ea ’Muso hore e lokele ho neheloa hoseng letsatsing le latelang. O ile a re: “Ke lōna feela batho ba ratanang e le kannete—ha le bue feela ka molomo.”

Keketseho e ka ba Teng, Leha ho E-na le Mathata

Kaha ho na le masimo a mangata a ntseng a sebetsoa Uganda, palo ea Lipaki e ntse e eketseha butle-butle ’me batho ba bangata ba thahasellang ba kopanela le liphutheho. Leha ho le joalo, boemo bo potlakileng bo sa jeseng litheohelang ke ba keketseho ea baphaphathehi ba phalletseng ka har’a naha ea Uganda. Ntoa ea lehae e ntseng e kupa linaheng tsa boahelani e amme le batho ba Jehova. Lipaki tse leng likampong tsa baphaphathehi li bontšitse hore li tšepa Jehova haholo. Motho e mong ea neng a le boholong naheng ea boahisani, ea neng a kile a hlorisa Lipaki ha li ne li thibetsoe naheng eo, o hopola kamoo a neng a phela bophelo bo mabothobotho kateng. Eitse ka mor’a hore a ithute Bibele kampong e ’ngoe ea baphaphathehi le hore e be Paki, o ile a re: “Ho atleha linthong tse bonahalang le ho ba maemong a phahameng lefatšeng lena ke lefeela. Le hoja hona joale ke futsanehile ebile ke kula, ke phela hamolemo ho feta leha e le neng pele. Ke tseba Jehova, ebile ke ananela tokelo ea thapelo. Ho phaella tabeng ea hore ke na le tšepo e tiileng ka bokamoso, kea tseba hore na ke hobane’ng ha re lokela ho mamella mathata kajeno. Kahoo ke na le khotso ea kelello eo ke e-s’o ka ke e-ba le eona.”

Ho ’nile ha thoe haeba u ka hloma thupa mobung o nonneng oa Uganda mantsiboea, hoseng e tla be e metse. Keketseho e ntseng e etsahala linthong tsa moea naheng ena, e bontša hore mobu oa moea le oona o nonne haholo. Re leboha Jehova Molimo ka ho fa batho ba eketsehileng ba Uganda ba mefuta-futa monyetla oa hore ba tsebe ka ’Muso oa hae. Jesu o ile a bapisa bohlokoa ba ’Muso le ‘perela ea theko e phahameng.’ Palo e ntseng e eketseha ea batho ba Uganda e ntse e utloisisa sena.—Matheu 13:45, 46.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 13 E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Limmapa tse leqepheng la 8]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

SUDAN

UGANDA

Nōka ea Nile

Kamuli

Tororo

Kampala

Bushenyi

Letša la Victoria

KENYA

TANZANIA

RWANDA

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ba bararo ba basebeletsi ba bangata ba bo-pula-maliboho ba chesehang

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Patrick

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Margaret

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Simon

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Kopano ea setereke Tororo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]

Background: © Uganda Tourist Board