Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bona Phapang Pakeng Tsa Batho ba Sebeletsang Jehova le ba sa mo Sebeletseng

Bona Phapang Pakeng Tsa Batho ba Sebeletsang Jehova le ba sa mo Sebeletseng

“Le tla . . . [bona] phapang pakeng tsa ea lokileng le ea khopo.”—MAL. 3:18.

LIPINA: 61, 53

1, 2. Ke mathata afe ao batho ba Molimo ba thulanang le ’ona? (Sheba setšoantšo se qalong.)

LINGAKA le baoki ba sebetsana le batho ba nang le mafu a tšoaetsanoang. Ba hlokomela bakuli ba bona hobane ba batla ho ba thusa. Leha ho le joalo, ba lokela ho itšireletsa e le hore ba se ke ba tšoaetsoa ke mafu ao ba lekang ho a phekola. Ka tsela e tšoanang, kaha re bahlanka ba Molimo, boholo ba rona re kopana le batho ba tšoaelitsoeng ke mekhoa e mebe, ebang ke moo re lulang kapa ke mosebetsing. Ho ka ba thata ho sebetsana le boemo bona.

2 Matsatsing ana a ho qetela, batho ha ba natse melao ea Molimo. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa mekhoa ea bona e mebe lengolong leo a le ngoletseng Timothea. O ile a re mekhoa ena e ne e tla hlahella haholo-holo matsatsing a ho qetela. (Bala 2 Timothea 3:1-5, 13.) Le hoja mekhoa ena e mebe e ka re tšosa, re ka ’na ra tšoaetsoa ke tsela eo batho ba nahanang ka eona, ba buang ka eona le eo ba etsang lintho ka eona. (Liprov. 13:20) Sehloohong sena, re tla hlokomela kamoo makhabane a batho ba Molimo a fapaneng kateng le mekhoa ena e mebe. Re tla boela re bone hore na re ka itšireletsa joang hore re se ke ra tšoaetsoa ke mekhoa eo ha re ntse re leka ho thusa batho hore e be metsoalle ea Jehova.

3. Lengolo la 2 Timothea 3:2-5 le bua ka bo-mang?

3 Pauluse o ile a re matsatsing a ho qetela “ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Ka mor’a moo o ile a bua ka mekhoa e 19 e mebe eo batho ba tla ba le eona mehleng ena. Mekhoa ena e tšoana le e hlahang ho Baroma 1:29-31. Empa lethathamo le hlahang ho 2 Timothea 3:2-5 le na le mantsoe a mang a sa hlaheng kae kapa kae Mangolong a Segerike a Bakreste. Lengolong la Timothea, Pauluse o qala ka mantsoe a reng: “Etsoe batho e tla ba . . . ” Leha ho le joalo, ha se batho bohle ba nang le mekhoa ena eo Pauluse a buang ka eona. Bakreste bona ba na le makhabane a matle.—Bala Malakia 3:18.

TSELA EO RE ITŠOARANG KA EONA

4. Motho ea ikhohomosang ka boikakaso ke ea joang?

4 Ka mor’a hore Pauluse a re batho e tla ba baithati ’me ba rate chelete, o ile a boela a re e tla ba ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang le ba ikhohomosang ka boikakaso. Batho ba nang le mekhoa ena ba nahana hore ba betere ho feta ba bang ka lebaka la chebahalo ea bona, lintho tseo ba khonang ho li etsa, tseo ba nang le tsona kapa maemo a bona sechabeng. Ba etsa ka hohle hore batho ba bang ba ba nkele holimo. Ha setsebi se seng se bua ka motho ea joalo se re ekare o na le aletare e nyenyane eo a iketselitseng eona e le hore a ikinamele. Batho ba bang ba re boikhohomoso ke ntho e mpe hoo motho ea ikhohomosang a sa rateng ho bona batho ba bang ba ikhohomosa.

5. Ke joang bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba ileng ba ikhohomosa?

5 Jehova o hloile boikhohomoso hobane Bibele e re o hloile “mahlo a iphahamisang.” (Liprov. 6:16, 17) Boikhohomoso bo ka re sitisa ho atamela ho Molimo. (Pes. 10:4) Ke e meng ea mekhoa eo Satane a nang le eona. (1 Tim. 3:6) Ka masoabi, ho na le bahlanka ba bang ba Molimo ba seng ba ikhohomosa. Mohlala, Morena Uzia o ile a tšepahalla Molimo ka lilemo tse ngata. Empa Bibele e re: “Leha ho le joalo, hang ha a le matla, pelo ea hae ea ikhohomosa ho fihlela boemong ba ho baka tšenyo, hoo a ileng a etsa ka ho se tšepahale ho Jehova Molimo oa hae ’me a kena ka tempeleng ea Jehova hore a chese libano holim’a aletare ea libano.” Hamorao, Morena Ezekiase le eena o ile a ikhohomosa le hoja e bile ka nakoana.—2 Likron. 26:16; 32:25, 26.

6. (a) Davida o ne a ka ba le mabaka afe a ho ikhohomosa? (b) Ke hobane’ng ha a ile a lula a ikokobelitse?

6 Batho ba bang ba ikhohomosa hobane ba le batle, ba tsebahala, ba tseba ’mino, ba le matla kapa ba nkeloa holimo. Davida o ne a le motle, a tsebahala, a tseba ’mino, a le matla a bile a nkeloa holimo. Empa o ile a lula a ikokobelitse bophelo bohle ba hae. Mohlala, ka mor’a hore Davida a bolaee Goliathe, Morena Saule o ile a mo lumella hore a nyale morali oa hae. Leha ho le joalo, Davida o ile a re: “’Na ke mang ’me beng ka ’na, lelapa la Ntate, ke bo-mang Iseraele, hoo nka bang mokhoenyana oa morena?” (1 Sam. 18:18) Davida o ile a thusoa ke’ng hore a lule a ikokobelitse? O ne a tseba hore makhabane, bokhoni le litokelo leha e le life tseo a nang le tsona, ke hobane Jehova a ile a ikokobetsa eaba o mo ela hloko. (Pes. 113:5-8) Davida o ne a tseba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle eo a nang le eona e tsoa ho Jehova.—Bapisa le 1 Bakorinthe 4:7.

7. Ke’ng e ka re thusang hore re ikokobetse?

7 Mehleng ena, bahlanka ba Jehova ba leka ho etsisa Davida ka hore ba ikokobetse. Rea hlolloa ke ho tseba hore Jehova o ikokobelitse le hoja e le Molimo ea phahameng ka ho fetisisa. (Pes. 18:35) Re leka ka hohle ho mamela keletso ena: “Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” (Bakol. 3:12) Re boetse rea tseba hore lerato “ha le ithorise, ha le ikhohomose.” (1 Bakor. 13:4) Ha batho ba bona hore re ikokobelitse, le bona ba ka batla ho ithuta Bibele. Feela joalokaha banna bao e seng Lipaki ba ka huloa ke boitšoaro ba basali ba bona, batho ba ka susumelletseha hore e be Lipaki hobane ba bona re ikokobelitse.—1 Pet. 3:1.

TSELA EO RE TŠOARANG BATHO KA EONA

8. (a) Mehleng ee, batho ba ikutloa joang ha bana ba sa hlomphe batsoali? (b) Mangolo a laela bana hore ba etse’ng?

8 Pauluse o ile a hlalosa hore na matsatsing a ho qetela batho ba tla tšoarana joang. O ile a re bana e tla ba ba sa mameleng batsoali. Mehleng ena, libuka, lifilimi le mananeo a thelevishene a etsa eka ke ntho e tloaelehileng le e amohelehang hore bana ba se ke ba hlompha batsoali ba bona. Empa ha e le hantle, ha bana ba sa hlomphe, lelapa ha le thabe. Batho ba bangata ba tseba taba ena hantle. Mohlala, mehleng ea Bagerike ba khale, ha motho a ne a otla batsoali ba hae, o ne a lokela ho tlosoa har’a batho ba bang. Ho latela molao oa Roma, motho ea otlang ntat’ae o ne a nkoa a le molato joaloka ea bolaileng. Mangolo a Seheberu le a Segerike a Bakreste a laela bana hore ba hlomphe batsoali ba bona.—Ex. 20:12; Baef. 6:1-3.

9. Ke’ng e ka thusang bana hore ba lule ba hlompha batsoali ba bona?

9 Ke’ng e ka thusang bana hore ba lule ba hlompha batsoali ba bona esita leha batho ba haufi le bona ba sa hlomphe batsoali ba bona? Ha bana ba nahana ka lintho tse ntle tseo batsoali ba bona ba ba etselitseng tsona, ba tla li ananela ebe baa ba hlompha. Bana ba boetse ba lokela ho tseba hore Jehova, Ntate oa rona, o batla hore bana ba hlomphe batsoali. Ha bana ba bua hantle ka batsoali ba bona, ba etsa hore bana ba bang le bona ba hlomphe batsoali ba bona. Leha ho le joalo, haeba batsoali ba se na lerato la tlhaho, ho ka ba thata hore bana ba ba hlomphe. Empa haeba ngoana a hlokomela hore batsoali ba hae ba mo rata e le kannete, o tla lula a batla ho ba mamela esita leha ho le thata hore a etse joalo. Austin o re: “Le hoja ka linako tse ling ke ne ke batla ho patela batsoali ba ka lintho tseo ke li etsang, ba ne ba mpehela melao e utloahalang, ba ntlhalosetsa mabaka ao ke beheloang melao ka eona ’me ba lula ba buisana le ’na. Kahoo, ke ne ke ba mamela. Kaha ke ne ke hlokomela hore baa nthata, ho ne ho e-ba bonolo hore ke batle ho ba khahlisa.”

10, 11. (a) Ke mekhoa efe e mebe eo Pauluse a buileng ka eona e bontšang hore batho ha ba ratane? (b) Bakreste ba ’nete ba rata batho ba bang hakae?

10 Pauluse o ile a boela a bua ka mekhoa e meng e mebe e bontšang hore batho ha ba ratane. Ka mor’a hore a bue ka “ba sa mameleng batsoali,” o ile a bua ka ba se nang teboho. Batho ba se nang teboho ha ba ananele lintho tse ntle tseo batho ba bang ba ba etsetsang tsona. Pauluse o ile a boela a re batho e tla ba ba sa tšepahaleng. A re e tla ba ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, e leng hore ba ke ke ba bopa khotso le batho ba bang. O ile a re batho e tla ba banyefoli le baeki ba buang lintho tse mpe ka Molimo le batho ba bang. A re e tla ba baetselletsi, e leng ba buang mashano ka batho ba bang e le ho ba senya lebitso. *

11 Ho tloha khale bahlanka ba Jehova ba fapane le batho ba bang hobane bona ba rata batho e le kannete. Ha e le hantle, Jesu o ile a re molaong oa Moshe, molao oa bohlokoa ka ho fetisisa ke lerato la a·ga’pe, e leng la hore motho a rate Jehova ’me oona o lateloa ke oa ho rata batho ba bang. (Mat. 22:38, 39) Jesu o ile a boela a re Bakreste ba ’nete ba tla tsebahala ka ho ratana. (Bala Johanne 13:34, 35.) Bakreste ba ’nete ba lokela ho rata esita le lira tsa bona.—Mat. 5:43, 44.

12. Jesu o ile a bontša joang hore o rata batho?

12 Kaha Jesu o ne a rata batho, o ne a tloha motseng o mong a e-ea ho o mong e le hore a ba rute ka ’Muso oa Molimo. O ne a bile a folisa ba foufetseng, ba kooafetseng, balepera le ba sa utloeng litsebeng. O ne a boetse a tsosa bafu. (Luka 7:22) Jesu o ile a ba a tela bophelo ba hae molemong oa batho le hoja ba bangata ba ne ba mo hloile. Tsela eo a neng a rata batho ka eona ke tsela eo Jehova a ratang batho ka eona. Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle li etsisa Jesu ka hore li rate batho ba bang.

13. Re ka etsa’ng ho thusa batho hore ba ithute ka Jehova?

13 Ha re bontša batho hore rea ba rata, ba ka rata ho ithuta ka Jehova. Mohlala, ntate e mong oa naheng ea Thailand o ile a ea kopanong ea setereke. O ile a khahloa ke kamoo bara le barali babo rona ba ratanang kateng. Ha a khutlela hae, o ile a kopa ho ithuta Bibele habeli ka beke. Eaba o bolella beng ka eena bohle ka lintho tseo a ithutileng tsona. Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng, o ile a fana ka puo ea hae ea pele ea ’Malo oa Bibele Holong ea ’Muso. Empa na rona re bontša batho ba bang hore rea ba rata? Ipotse: ‘Na ke etsa sohle seo nka se khonang ho thusa beng ka ’na, Bakreste-’moho le ’na hammoho le batho bao ke kopanang le bona tšimong? Na ke leka ho sheba batho ka tsela eo Jehova a ba shebang ka eona?’

PHIRI LE KONYANA

14, 15. (a) Ke mekhoa efe e mebe eo batho ba nang le eona? (b) Jehova o ile a bolela’ng esale pele?

14 Pauluse o ile a re matsatsing a ho qetela, batho ba tla ba le mekhoa eo Bakreste ba lokelang ho e qoba. Mohlala, o ile a re batho e tla ba ba hlokang lerato la se molemo. Liphetolelo tse ling li re ke “ba hloileng tsohle tse lokileng.” O ile a boela a re e tla ba ba hlokang boitšoaro le ba bohale bo tšosang. A re ba bang e tla ba ba hlooho li thata, e leng hore ba etsa lintho ba sa nahana ba bile ba sa tsotelle hore na lintho tseo ba li etsang li ama batho ba bang joang.

15 Empa batho ba bangata ba neng ba itšoere joaloka liphoofolo tse hlaha ba fetohile. Jehova o ile a bolela esale pele hore taba ena e tla etsahala. (Bala Esaia 11:6, 7.) Bibele e bua ka liphoofolo tse hlaha tse kang liphiri le litau ’me e re li tla phela ’moho le liphoofolo tse kang likonyana le manamane. Empa ke hobane’ng ha li phela ’moho ka khotso? Bibele e re: “Hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.” (Esa. 11:9) Kaha liphoofolo li ke ke tsa ithuta ka Jehova, boprofeta bona bo bua ka liphetoho tseo batho ba li etsang ha ba ithuta Bibele.

16. Bibele e thusitse batho joang hore ba fetole bophelo ba bona?

16 Bakreste-’moho le rona bao pele ba neng ba le bohale joaloka liphiri ba se ba phela ka khotso le batho ba bang. U ka bala lipale tsa bophelo ba bona lihloohong tse reng “Bibele e Fetola Batho” tse hlahang ho jw.org. Batho ba ithutileng ka Jehova ’me ba mo sebeletsa ha ba tšoane le bao Pauluse a reng ke ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba se na ’nete matleng a bona. Batho ba joalo, ba etsa eka ba sebeletsa Molimo empa boitšoaro ba bona boa ba latola. Empa batho bao pele ba neng ba le bohale, ba ‘apere botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.’ (Baef. 4:23, 24) Ha batho ba ithuta ka Jehova, baa hlokomela hore ba lokela ho mamela melao ea hae. Kahoo, ba fetola maikutlo ka lintho tseo ba neng ba li lumela, ba fetola tsela eo ba nahanang ka eona le eo ba etsang lintho ka eona. Le hoja ho se bonolo ho etsa joalo, Jehova o ba thusa ka moea oa hae hore ba etse thato ea hae.

“BANA U BA FURALLE”

17. Ke’ng e ka re thusang ho qoba ho etsa lintho joaloka batho ba sa rapeleng Jehova?

17 Ho bonolo ho bona phapang pakeng tsa batho ba sebeletsang Molimo le ba sa mo sebeletseng. Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra ba le mekhoa e mebe ea batho ba sa sebeletseng Molimo. Re lokela ho mamela Jehova ha a re re furalle batho bao ho buuoang ka bona ho 2 Timothea 3:2-5. Ke ’nete hore re ke ke ra khona ho ba qoba ka ho felletseng hobane re kena sekolo le bona, re sebetsa le bona kapa re lula le bona. Empa ha rea lokela ho nahana joaloka bona kapa ra etsa lintho joaloka bona. Re ka thusoa ke’ng? Re ka matlafatsa kamano ea rona le Jehova ka hore re ithute Bibele ’me re khethe metsoalle e mo ratang.

18. Lintho tseo re li buang le tseo re li etsang li ka thusa batho joang hore ba batle ho ithuta ka Jehova?

18 Re boetse re lokela ho thusa batho hore ba tsebe Jehova. Re lokela ho batla menyetla ea ho bua le bona ka Bibele ’me re kope Jehova hore a re thuse ho bua lintho tse nepahetseng ka nako e nepahetseng. Re tsebise batho hore re Lipaki Tsa Jehova. Ha re etsa joalo, ka lebaka la boitšoaro ba rona bo botle, batho ba rorisa lebitso la Jehova, eseng la rona. Jehova “o re rupella ho hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše le ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo har’a tsamaiso ena ea hona joale ea lintho.” (Tite 2:11-14) Haeba re etsisa Jehova ’me re etsa lintho tseo a batlang hore re li etse, batho ba bang ba tla hlokomela ebe ba re: “Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.”—Zak. 8:23.

^ ser. 10 Lentsoe la Segerike le sebelisoang bakeng sa “moetselletsi” kapa “monģosi,” ke di·aʹbo·los, e leng lentsoe leo Bibele e le sebelisang ha e bua ka Satane, e leng ea etselletsang Molimo ka bokhopo.