Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 17

Mpho eo Jehova a re Fileng Eona

Jehova o batla ho mamela lithapelo tsa rona.—Pesaleme ea 115:15

Mpho eo Jehova a re Fileng Eona

1, 2. Ke hobane’ng ha thapelo e ikhetha, hona ke hobane’ng ha re hloka ho tseba hore na re lokela ho rapela joang?

LEFATŠE le lenyenyane haholo ha le bapisoa le lintho tsohle tseo Jehova a li bopileng. Ho Jehova batho ba mefuta eohle ba joaloka lerotholi la metsi ka nkhong. (Pesaleme ea 115:15; Esaia 40:15) Le hoja re le banyane haholo ha re bapisoa le lintho tse ling tseo Jehova a li bopileng, Pesaleme ea 145:18, 19 e re: “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena, bohle ba ipiletsang ho eena ka ’nete. O tla utloa mohoo oa bona o kōpang thuso, ’me o tla ba pholosa.” Ke tlotla e kholo hore ebe Jehova Molimo ea matla ’ohle, ’Mopi oa lintho tsohle o batla ho ba haufi le rona, esita le ho mamela lithapelo tsa rona. O file batho bohle monyetla o ikhethang oa hore ba mo rapele.

2 Leha ho le joalo, Jehova o mamela ba buang le eena ka tsela eo a e amohelang. Ke joang re ka mo mamelang? Re tl’o ithuta hore na re lokela ho rapela joang.

RE LOKELA HO RAPELA JEHOVA

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela Jehova?

3 Jehova o batla hore re mo rapele. Bibele e tiisa taba ena lengolong la Bafilipi 4:6, 7. Ka kopo le bale. Lengolo lena le re ruta hore Jehova o re rata haholo ’me o batla hore re bue le eena ka mathata a rona.

4. Thapelo e ka re thusa joang ho lula re le metsoalle ea Jehova?

4 Ho rapela Jehova ho re thusa hore re be metsoalle ea hae. Setsoalle sea tiea ha metsoalle e bolellana ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Setsoalle sa rona le Jehova le sona se tiea joalo. Ka Bibeleng, o re boleletse maikutlo a hae le hore na o tla etsa’ng ka moso. Le uena u ka lula u bua le eena, oa mo bolella maikutlo a hao. Ho etsa joalo ho tla etsa hore re lule re le metsoalle ea Jehova.—Jakobo 4:8.

RE KA ETSA’NG HORE JEHOVA A RE MAMELE?

5. Na Jehova o mamela lithapelo tsohle?

5 Ha se lithapelo tsohle tseo Jehova a li mamelang. Mehleng ea moprofeta Esaia, Jehova o ile a re ho Baiseraele: “Le hoja le etsa lithapelo tse ngata, ha kea mamela; matsoho a lōna a tletse tšollo ea mali.” (Esaia 1:15) Kahoo, haeba re etsa lintho tseo Jehova a sa li rateng, a ke ke a mamela lithapelo tsa rona.

6. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ba le tumelo? Re ka bontša joang hore re na le tumelo?

6 Re lokela ho ba le tumelo ho Jehova haeba re batla hore a mamele lithapelo tsa rona. (Mareka 11:24) Bibele e re: “Kantle ho tumelo ho ke ke ha khoneha ho mo khahlisa, kaha ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Baheberu 11:6) Ha hoa lekana ho bua feela hore re na le tumelo, empa re lokela ho e bontša ka hore re mamele Jehova kamehla.—Bala Jakobo 2:26.

7. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša Jehova hore rea mo hlompha le ho ikokobelletsa eena ha re rapela? (b) Re ka bontša joang hore re rapela ho tsoa pelong?

7 Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša Jehova hore rea mo hlompha le ho ikokobelletsa eena ha re rapela? Hangata ha re bua le morena, re bua ka tsela e bontšang hore rea mo hlompha. Kahoo, re lokela ho bontša hore re hlompha Jehova le ho feta ha re bua le eena hobane o matla ho feta batho bohle. (Genese 17:1; Pesaleme ea 138:6) Hape, re se ke ra pheta-pheta mantsoe a le mang ha re rapela, empa re mo bolelle maikutlo a rona.—Matheu 6:7, 8.

8. Re lokela ho etsa’ng hore Jehova a arabele lithapelo tsa rona?

8 Re lokela ho etsa lintho tumellanong le lithapelo tsa rona. Ka mohlala, ha re kopile Jehova hore a re fe lintho tseo re li hlokang, re lokela ho sebetsa ka thata hore re qetelle re li fumane. Re se ke ra ba botsoa eaba re lebella hore Jehova a re fe tsona ka mohlolo. Re lokela ho sebetsa ka thata mosebetsing ofe kapa ofe oo re khonang ho o etsa. (Matheu 6:11; 2 Bathesalonika 3:10) Hape, haeba re kopile Jehova ho re thusa ho khaotsa ho etsa ntho e fosahetseng, re lokela ho qoba maemo a ka re susumeletsang hore re e etse. (Bakolose 3:5) Hona joale re tl’o fumana likarabo tsa lipotso tse ling tseo batho ba li botsang ka thapelo.

LIPOTSO TSEO BATHO BA LI BOTSANG KA THAPELO

9. Re lokela ho rapela mang? Ho ea ka Bibele, re lokela ho fetisa lithapelo tsa rona ka mang?

9 Re lokela ho rapela mang? Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba rapele “Ntat’a rōna ea maholimong.” (Matheu 6:9) A boela a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Johanne 14:6) Kahoo, re lokela ho rapela Jehova feela ’me re fetisetse lithapelo tsa rona ho eena ka Jesu. Ho li fetisa ka Jesu ho bontša’ng? Ho bontša hore re hlompha boemo bo phahameng boo a behileng Jesu ho bona. Re ithutile hore Jesu o ile a tla lefatšeng ho tla re shoela e le hore re tle re phele ka ho sa feleng. (Johanne 3:16; Baroma 5:12) Jehova o khethile Jesu hore e be Moprista ea Phahameng le Moahloli.—Johanne 5:22; Baheberu 6:20.

U ka rapela neng kapa neng

10. Ke hobane’ng ha e se setlamo ho khumama, ho ema kapa ho lula ha re rapela?

10 Na re tlameha ho khumama, ho ema kapa ho lula ha re rapela? Ha ho na moo Jehova a re laelang hore re khumame, re lule kapa re eme ha re mo rapela. Bibele e paka hore re ka mo rapela ka tsela e bontšang hore rea mo hlompha, ebang re eme, re lutse kapa re khumame. (1 Likronike 17:16; Nehemia 8:6; Daniele 6:10; Mareka 11:25) Ntho ea bohlokoa haholo ke hore re rapele Jehova ka tsela e bontšang hore rea mo hlompha, eseng hore na re eme, re lutse kapa re khumame ha re rapela. Ho sa tsotellehe hore na re hokae, re ka buela holimo kapa ra rapella ka pelong neng kapa neng. Jehova o tla fela a mamele lithapelo tsa rona le haeba re rapella ka pelong.—Nehemia 2:1-6.

11. Re ka bua ka lintho life ha re rapela?

11 Re ka bua ka eng ha re rapela? Re ka bua ka ntho efe kapa efe, hafeela e se khahlanong le thato ea Jehova. Bibele e re: “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.” (1 Johanne 5:14) Re ka ba ra bolella Jehova makunutu a rona. Re lokela ho phutholoha ha re bua le Jehova feela joalokaha re phutholoha ha re bua le metsoalle ea rona ea hlooho ea khomo. Kahoo, re ka bolella Jehova ntho efe kapa efe eo re e nahanang, e re thabisang le e re tšoenyang. (Pesaleme ea 62:8) Re ka mo kopa hore a re fe moea o halalelang e le hore re ka etsa lintho tse nepahetseng. (Luka 11:13) Re ka boela ra mo kopa hore a re fe bohlale e le hore re etse liqeto tse nepahetseng le hore a re fe matla e le hore re mamelle mathata. (Jakobo 1:5) Hape, re lokela ho mo kopa hore a re tšoarele. (Baefese 1:3, 7) Re boetse re lokela ho rapella batho ba bang, ebang ke ba lelapa kapa Bakreste-’moho le rona.—Liketso 12:5; Bakolose 4:12.

12. Ke ntho efe e bohlokoa haholo eo re lokelang ho bua ka eona ha re rapela?

12 Ke ntho efe e bohlokoa haholo eo re lokelang ho bua ka eona ha re rapela? Re lokela ho rorisa Jehova le ho bua ka thato ea hae. Re mo lebohe ka pelo eohle ka lebaka la lintho tsohle tseo a re etselitseng tsona. (1 Likronike 29:10-13) Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a ruta barutuoa ba hae hore na ba rapele joang. (Bala Matheu 6:9-13.) O ile a re ba qale ka ho rapella hore lebitso la Molimo le halaletsoe, hore ’Muso oa hae o tle le hore thato ea hae e etsoe lefatšeng. Eaba o re ba bue ka lintho tseo ba li hlokang. Jesu o ile a re ba bue ka Molimo pele, ebe ka mor’a moo ba bua ka lintho tseo ba li hlokang. Ha re qala ka ho rorisa Jehova le ho bua ka thato ea hae lithapelong tsa rona, rea bontša hore re nka a le bohlokoa.

13. Re lokela ho qeta nako e kae re rapela?

13 Re lokela ho qeta nako e kae re rapela? Bibele ha e re bolelle hore na re qete nako e kae. Nako eo re e qetang re rapela e itšetlehile ka hore na re rapella lintho life. Ka mohlala, ha re rapela pele re ja, re ka nka nako e khutšoanyane, empa haeba re leboha Jehova kapa re mo bolella mathata a rona, re ka nka nako e teletsana. (1 Samuele 1:12, 15) Ha rea lokela ho etsisa batho ba bang ba mehleng ea Jesu ka hore re etse lithapelo tse nkang nako e telele hore feela re khahlise batho. (Luka 20:46, 47) Jehova ha a rate lithapelo tse joalo. Ntho ea bohlokoa eo a e batlang ke hore re mo phetlele sefuba.

14. Jehova o re re bue le eena ka makhetlo a makae? Jehova o mamela lithapelo tsa rona ka linako life?

14 Re lokela ho rapela ka makhetlo a makae? Jehova o re re bue le eena hangata. Ka Bibeleng ho thoe re ‘rapele re sa khaotse,’ re ‘phehelle thapelong’ re be re ‘rapele re sa phetse.’ (Matheu 26:41; Baroma 12:12; 1 Bathesalonika 5:17) Jehova o lula a le malala-a-laotsoe ho mamela lithapelo tsa rona. Letsatsi le letsatsi re ka mo leboha ka hore ebe oa re rata le ka ho re fa lintho tse molemo. Re ka boela ra mo kopa hore a re tataise, a re matlafatse le ho re tšelisa. Re lokela ho sebelisa monyetla o mong le o mong o hlahang ho rapela Jehova haeba re hlile re nka thapelo e le bohlokoa.

15. Ke hobane’ng ha re lokela ho re “amen” ha re qeta ho rapela?

15 Ke hobane’ng ha re lokela ho re “amen” ha re qeta ho rapela? Ha re cho joalo, rea bontša hore re tiile re kopa Jehova. (Pesaleme ea 41:13) Bibele ea bontša hore le haeba ho rapela motho e mong, re lokela ho re “amen” ha thapelo eo e fela haeba re lumellana le eona.—1 Likronike 16:36; 1 Bakorinthe 14:16.

MOLIMO O ARABA LITHAPELO TSA RONA JOANG?

16. Ke eng e re kholisang hore Jehova o utloa lithapelo tsa rona?

16 Jehova o mamela lithapelo tsa rona. Le Bibele e re o utloa lithapelo. (Pesaleme ea 65:2) O bile o araba lithapelo tsa batho ka litsela tse fapaneng.

17. Jehova o sebelisa mangeloi le bahlanka ba hae ho araba lithapelo tsa rona joang?

17 Jehova o sebelisa mangeloi le bahlanka ba hae ho araba lithapelo tsa rona. (Baheberu 1:13, 14) Batho ba bangata ba ile ba kopa Molimo ho ba thusa ho utloisisa Bibele. Eaba nakoana ka mor’a hore ba rapele, Lipaki Tsa Jehova li fihla malapeng a bona. Bibele e re mangeloi a bolela “litaba tse molemo” hohle lefatšeng. (Bala Tšenolo 14:6) Hape, boholo ba rona re kile ra bolella Jehova bothata boo re nang le bona, eaba Mokreste-’moho le rona oa re thusa.—Liproverbia 12:25; Jakobo 2:16.

Jehova a ka araba lithapelo tsa rona ka ho etsa hore Bakreste-’moho le rona ba re thuse

18. Jehova o boetse o arabela lithapelo tsa rona joang?

18 Hape Jehova o araba lithapelo tsa rona ka moea o halalelang. Ka linako tse ling a ka re fa ’ona ha re na le mathata e le hore re be le bohlale, matla le bokhoni ba ho mamella. (2 Bakorinthe 4:7) Bibele le eona e ka araba lithapelo tsa rona ea ba ea re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng. Ha re bala Bibele, re ka fumana mangolo a tla re thusa ho rarolla mathata. Jehova a ka boela a etsa hore ha Mokreste-’moho le rona a araba libokeng, a bue ka taba e ka re tsoelang molemo. Ebile a ka etsa hore moholo a bue le rona ka taba e khothatsang e hlahang ka Bibeleng.—Bagalata 6:1.

19. Ke’ng e ka etsang hore re bone eka Jehova o lieha ho araba lithapelo tsa rona?

19 Ka linako tse ling re ka bona Jehova a lieha ho araba lithapelo tsa rona. Empa re lokela ho hopola hore Jehova o tseba nako le tsela e nepahetseng ea ho li araba. O tseba hantle hore na re hloka’ng. Re ka tlameha ho kopa ntho ka makhetlo a mangata ho bontša hore re fela re e hloka le ho bontša hore re na le tumelo ho eena. (Luka 11:5-10) Ka linako tse ling Jehova o araba lithapelo tsa rona ka tsela eo re sa e lebellang. Ka mohlala, re ka mo kopa ho tlosa bothata boo re nang le bona, eaba eena o re fa matla a hore re bo mamelle.—Bala Bafilipi 4:13.

20. Ho tla etsahala’ng ha re bua le Jehova hangata?

20 Ho bua le Jehova ke ntho e ikhethang haholo, ebile rea lumela hore o tla re mamela. (Pesaleme ea 145:18) Ha re bua le eena hangata, setsoalle sa rona le eena se tla tiea.