Genese 37:1-36

  • Ditoro tsa Josefa (1-11)

  • Josefa le bana babo ba neng ba mo monela (12-24)

  • Josefa o a rekiswa hore e be lekgoba (25-36)

37  Jakobo a dula naheng ya Kanana, moo ntate wa hae a ileng a dula teng e le moditjhaba.+ 2  Ena ke histori ya Jakobo. Ha Josefa+ e sa le moshanyana ya dilemo di 17, o ne a disa+ le bara ba Bilha+ le bara ba Zilpa,+ basadi ba ntate wa hae. Josefa a bolella ntate wa bona dintho tse mpe tseo ba neng ba di etsa. 3  Iseraele o ne a rata Josefa ho feta bara ba bang bohle+ ba hae hobane e ne e le mora wa botsofading ba hae. O ne a bile a mo etseditse seaparo se selelele se kgethehileng.* 4  Ha bana babo ba bona hore ntate wa bona o mo rata ho ba feta kaofela, ba mo hloya mme ba ne ba dula ba mo hlaba ka mantswe. 5  Ha morao Josefa a ba le toro mme a e bolella bana babo+ yaba ba mo hloya le ho feta. 6  A re ho bona: “Ke kopa le mamele toro ena eo ke e lorileng. 7  Re ne re tlama mangata hara tshimo. Ngata ya ka ya tsoha ya ema e otlolohile mme mangata a lona a potapota ngata ya ka a e kgumamela.”+ 8  Bana babo ba re ho yena: “Na o tlo iketsa morena wa rona mme o re laole?”+ Ba fumana lebaka le leng la ho mo hloya ka lebaka la ditoro tsa hae le seo a se buileng. 9  A ba le toro e nngwe mme a e bolella bana babo a re: “Ke lorile toro e nngwe. Lekgetlong lena letsatsi, kgwedi le dinaledi tse 11 di ne di kgumama ka pela ka.”+ 10  A e bolella ntate wa hae le bana babo. Ntate wa hae a mo kgalemela a re ho yena: “Toro ee ya hao e bolelang? Na nna, mme wa hao le bana beno re tla o kgumamela?” 11  Bana babo ba mo monela+ empa ntate wa hae a dula a nahana ka seo Josefa a se buileng. 12  Bana babo ba tsamaya ba yo fudisa diphoofolo tsa ntate wa bona haufi le Shikeme.+ 13  Iseraele a re ho Josefa: “Bana beno ba disitse diphoofolo haufi le Shikeme. Eya ho bona.” A re ho yena: “Ke tla ya.” 14  Jakobo a re ho yena: “Ke kopa o tsamaye o yo sheba hore na bana beno ba ntse ba le hantle. O shebe le hore na diphoofolo di ntse di ya jwang mme o kgutle o tlo mpolella.” Yaba o tloha kgohlong* ya Hebrone+ o ya Shikeme. 15  Ha morao monna e mong a mo fumana a ntse a hlahlathela naheng. Monna eo a re: “O batlang?” 16  Josefa a re: “Ke batlana le bana beso. Ke kopa o mpolelle hore na ba diseditse hokae.” 17  Monna eo a re: “Ha ba tloha mona ke utlwile ba re, ‘A re yeng Dothane.’” Josefa a latela bana babo mme a ba fumana Dothane. 18  Ba mo bona a le hojana mme pele a fihla ho bona, ba rera ho mo bolaya. 19  Ba buisana ba re: “Bonang raditoro yane ke eo a tla.+ 20  A re mo bolayeng, re mo lahlele ka sekoting sa metsi ebe re re phoofolo e hlaha e mo harotse, re tle re bone hore na ho tla etsahalang ka ditoro tsa hae.” 21  Ha Rubene+ a utlwa sena a leka ho mo pholosa. A re: “A re se keng ra mo bolaya.”+ 22  Rubene a re ho bona: “Le se ke la mo bolaya.+ Mo lahleleng ka sekoting sena sa metsi se lefeelleng empa le se ke la mo etsa hampe.”+ Morero wa hae e ne e le ho mo pholosa e le hore a ka mo kgutlisetsa ho ntate wa hae. 23  Ha Josefa a fihla ho bana babo, ba mo hlobodisa seaparo sa hae se selelele se kgethehileng+ 24  yaba ba mo lahlela ka sekoting sa metsi. Ho ne ho se na metsi ka sekoting. 25  Ha ba dutse fatshe ba ja, ba bona sehlopha sa Baishmaele+ ba tswang Gileade. Dikamele tsa bona di ne di jere mamina a sefate a nkgang ha monate,* balsame le makgekgephu a sefate*+ mme ba ne ba le tseleng e yang Egepeta. 26  Juda a re ho bana babo: “Ho bolaya ngwanabo rona le ho kwahela madi a hae ho tla re thusa ka eng?+ 27  A re mo rekisetseng+ Baishmaele mme re se ke ra mo etsa hampe hobane ke ngwanabo rona, ke madi* a rona.” Bana babo ba mo mamela. 28  Ha sehlopha sa Baishmaele*+ se feta, ba nyolla Josefa ka sekoting sa metsi mme ba mo rekisetsa Baishmaele ka dikotwana tse 20 tsa silevera.+ Banna bao ba isa Josefa Egepeta. 29  Ha Rubene a kgutlela sekoting sa metsi a fumana Josefa a le siyo yaba o tabola diaparo tsa hae. 30  Ha a kgutlela ho bana babo a hweletsa a re: “Ngwana o ile! Ke tlo etsa jwang?” 31  Ba nka seaparo sa Josefa se selelele mme ba hlaba phooko* yaba ba kenya seaparo seo ka hara madi. 32  Ka mora moo, ba romela seaparo seo se kgethehileng ho ntate wa bona yaba ba re: “Re fumane seaparo sena. Re kopa o shebe hore na ha se sa Josefa.”+ 33  A se sheba yaba o a hweletsa o re: “Ke seaparo sa mora wa ka! E tlameha ebe phoofolo e hlaha e mo harotse! Ka nnete Josefa o bolailwe* ke phoofolo e hlaha!” 34  Jakobo a tabola diaparo tsa hae mme a itlama ka lesela le hwashang* thekeng yaba o qeta matsatsi a mangata a utlwile bohloko ka lebaka la mora wa hae. 35  Bara le baradi bohle ba hae ba nna ba leka ho mo tshedisa empa a hana ho tshediseha a re: “Ke tla theohela Lebitleng*+ ke utlwile bohloko ka lebaka la mora wa ka!” Jakobo a nna a llela mora wa hae Josefa. 36  Baishmaele* ba rekisa Josefa Egepeta, ba mo rekisetsa Potifaro. Potifaro e ne e le molaodi wa lekgotla wa Faro+ le mookamedi wa balebedi.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Kapa: “seaparo se setle se selelele.”
^ Kapa: “phuleng.”
^ Kapa: “di ne di jere labdaname.”
^ Ho ne ho etswa setlolo se nkgang ha monate ka mamina a sefate a tswang makgekgephung ana.
^ Ka Seheberu: “nama.”
^ Kapa: “Bamidiane.”
^ Kapa: “podi e tona.”
^ Kapa: “rusollotswe.”
^ Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
^ Kapa: “Bamidiane.”