Genese 13:1-18

  • Abrame o kgutlela Kanana (1-4)

  • Abrame le Lota ba a arohana (5-13)

  • Modimo o pheta tshepiso ya hae ho Abrame (14-18)

13  Abrame a tloha Egepeta a ya Negebe+ le mosadi wa hae le dintho tsohle tseo a nang le tsona. O ne a boetse a tsamaya le Lota. 2  Abrame o ne a ena le silevera, kgauta le diphoofolo tse ngata.+ 3  O ne a tsamaya a hloma ditente dibakeng ka ho fapana ha a ya Bethele a tswa Negebe, ho fihlela a fihla pakeng tsa Bethele le Ai.+ O ne a kile a hloma tente ya hae moo. 4  O ne a kile a haha aletare moo pele. Abrame a bitsa lebitso la Jehova moo. 5  Lota o ne a tsamaya le Abrame mme le yena o ne a ena le dinku, dikgomo le ditente. 6  Ba ne ba sa kgone ho dula sebakeng se le seng hobane ba ne ba ena le dintho tse ngata haholo. 7  Ka lebaka leo, badisa ba diphoofolo tsa Abrame le badisa ba diphoofolo tsa Lota ba qabana. (Ka nako eo, Bakanana le Bapereze ba ne ba dula naheng eo.)+ 8  Abrame a re ho Lota:+ “Nna le wena le badisa ba rona ha re a lokela ho qabana hobane nna le wena re bana ba motho. 9  O ka ikgethela moo o batlang ho dula teng naheng ena. Ke kopa hore re arohane. Haeba o ya ka lehlakoreng le letshehadi, ke tla ya ka ho le letona empa haeba o ya ka ho le letona, ke tla ya ka ho le letshehadi.” 10  Ha Lota a sheba, a bona hore setereke sohle sa Jordane+ ho ya fihla Zoware+ ke sebaka se nang le metsi a mangata (ke pele Jehova a fedisa Sodoma le Gomora), se tshwana le serapa sa Jehova+ le naha ya Egepeta. 11  Lota a kgetha setereke sohle sa Jordane mme a tlosa ditente tsa hae a di isa ka botjhabela. Ba arohana. 12  Abrame a dula naheng ya Kanana empa Lota a dula metseng ya setereke sa Jordane.+ Qetellong Lota a hloma ditente tsa hae haufi le Sodoma. 13  Banna ba Sodoma ba ne ba le kgopo, e le baetsadibe ba baholo ho Jehova.+ 14  Ka mora hore Lota a arohane le Abrame, Jehova a re ho Abrame: “Ke kopa hore sebakeng seo o leng ho sona o shebe ka leboya, ka borwa, ka botjhabela le ka bophirimela. 15  Naha yohle eo o e bonang ke tla e fa wena le bana* ba hao hore e be ya lona ka ho sa feleng.+ 16  Hape ke tla etsa hore bana* ba hao ba be bangata jwalo ka lerole la lefatshe, ha ho na motho ya tla kgona ho ba bala.+ 17  Tsamaya naha ena kaofela mme o tsebe bolelele le bophara ba yona hobane ke tlo o fa yona.” 18  Abrame a nna a dula ditenteng. Ha morao a dula hara difate tse kgolo tsa Mamre+ tse Hebrone+ mme a hahela Jehova aletare moo.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Ka Seheberu: “peo.”
^ Ka Seheberu: “peo.”