Genese 22:1-24

  • Abrahama o laelwa hore a etse sehlabelo ka Isaka (1-19)

    • Batho ba tla hlohonolofatswa ka lebaka la bana ba Abrahama (15-18)

  • Lelapa labo Rebeka (20-24)

22  Modimo wa nnete a leka Abrahama+ mme a re ho yena: “Abrahama!” Abrahama a re: “Ke nna enwa!” 2  Modimo a re: “Ke kopa o ye naheng ya Moria+ le mora wa hao ya mong eo o mo ratang haholo+ Isaka+ mme o etse sehlabelo sa setjheso ka yena moo, hodima e nngwe ya dithaba tseo ke tla o bontsha tsona.” 3  Abrahama a tsoha hoseng haholo, a qhaneha tonki ya hae yaba o tsamaya le bahlanka ba hae ba babedi le mora wa hae Isaka. A ratha patsi bakeng sa sehlabelo sa setjheso mme a ya sebakeng seo Modimo wa nnete a mo bontshitseng sona. 4  Ka letsatsi la boraro, Abrahama a bonela sebaka seo holenyana. 5  A re ho bahlanka ba hae: “Salang mona le tonki empa nna le mora wa ka re tla ya mane ho ya rapela mme re tla kgutlela ho lona.” 6  Abrahama a jarisa mora wa hae Isaka patsi ya sehlabelo sa setjheso. A nka mollo le thipa* mme ba tsamaya ba le babedi. 7  Isaka a re ho ntate wa hae: “Ntate!” Yaba Abrahama o re: “Ke mametse mora wa ka.” Isaka a re: “Mollo le patsi ke tsena empa nku ya sehlabelo sa setjheso e hokae?” 8  Abrahama a re: “Mora wa ka, Modimo ke yena ya tla fana ka nku ya sehlabelo sa setjheso.”+ Yaba ba tswela pele ka leeto la bona. 9  Ba fihla sebakeng seo Modimo wa nnete a mo bontshitseng sona yaba Abrahama o haha aletare moo mme o beha patsi hodima yona. A tlama mora wa hae Isaka maoto le matsoho mme a mo beha aletareng hodima patsi.+ 10  Abrahama a nka thipa* e le hore a bolaye mora wa hae.+ 11  Empa lengeloi la Jehova la mo bitsa le le mahodimong la re: “Abrahama, Abrahama!” A araba a re: “Ke nna enwa!” 12  Lengeloi la re: “O se ke wa bolaya moshanyana eo mme o se ke wa mo etsa letho ka ha jwale ke a tseba hore o tshaba Modimo hobane ha o a nkganela ka mora wa hao ya mong feela.”+ 13  Ha Abrahama a sheba pelenyana mane, a bona ramo e tshwasehileng ka dinaka dihlahleng. Abrahama a ya mme a nka ramo a etsa sehlabelo sa setjheso ka yona, eseng ka mora wa hae. 14  Abrahama a reha sebaka seo Jehova-jire.* Ke ka lebaka leo le kajeno ho ntseng ho thwe: “Jehova o tla fana ka dintho tse hlokahalang thabeng ya hae.”+ 15  Lengeloi la Jehova la bitsa Abrahama ka lekgetlo la bobedi le le mahodimong, 16  la re: “Jehova o re, ‘Ke hlapanya ka nna+ hore ka lebaka la seo o se entseng le hore ha o a ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela,+ 17  ke tla o hlohonolofatsa mme ke etse hore bana* ba hao ba be bangata jwalo ka dinaledi tsa mahodimo le jwalo ka lehlabathe le lebopong la lewatle+ mme ngwana* wa hao o tla nka metse* ya dira tsa hae.+ 18  Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofatswa* ka lebaka la ngwana* wa hao+ hobane o mametse lentswe la ka.’”+ 19  Ka mora moo, Abrahama a kgutlela ho bahlanka ba hae yaba ba kgutlela Beersheba+ ha mmoho mme Abrahama a tswela pele ho dula teng. 20  Abrahama a fumana tlaleho e reng: “Milka o tswalletse ngwaneno Nakore+ bara: 21  Letsibolo ke Utse, wa bobedi ke Buze mme ba latelang ke Kemuele (ntate wa Arame), 22  Kesede, Hazo, Pildashe, Jidlafe le Bethuele.”+ 23  Bethuele a ba le moradi ya bitswang Rebeka.+ Milka a tswalla Nakore ngwanabo Abrahama bara bao ba robedi. 24  Reuma, e leng serethe* sa hae a ba le bara e leng Teba, Gahame, Tahashe le Maaka.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Kapa: “thipa e selakgang.”
^ Kapa: “thipa e selakgang.”
^ E bolelang “Jehova o Tla Fana; Jehova o Tla Bona.”
^ Ka Seheberu: “peo.”
^ Ka Seheberu: “peo.”
^ Ka Seheberu: “keiti.”
^ Sena se ka bolela hore di tla lokela ho etsa ho hong hore di hlohonolofatswe.
^ Ka Seheberu: “peo.”