Genese 11:1-32

  • Tora ya Babele (1-4)

  • Jehova o ferekanya puo (5-9)

  • Ho tloha ho Sema ho ya ho Abrame (10-32)

    • Lelapa la Tera (27)

    • Abrame o tloha Ure (31)

11  Batho bohle ba lefatsheng ba ne ba bua puo e le nngwe ebile ba ena le pokello e le nngwe ya mantswe. 2  Ha ba ntse ba ya botjhabela, ba ile ba fihla thoteng ya naha ya Shinare+ yaba ba dula teng. 3  Ba buisana ba re: “Tloong, re etseng ditene re di bese ka mollo.” Ba sebedisa ditene ho ena le ho sebedisa majwe mme ba sebedisa sekontiri e le seretse. 4  Ba re: “A re ikaheleng motse le tora e fihlang mahodimong hore re tume e le hore re se ke ra hasanngwa lefatsheng lohle.”+ 5  Jehova a theoha ho ya bona motse le tora eo bara ba batho ba e hahileng. 6  Jehova a re: “Batho bana ke setjhaba se le seng ebile ba bua puo e le nngwe.+ Bona hore na ba etsang! Ba ke ke ba hloleha ho etsa letho leo ba batlang ho le etsa. 7  A re+ theohe mme re ferekanye puo ya bona e le hore ba se ke ba utlwana ha ba bua.” 8  Jehova a ba hasanya lefatsheng lohle+ mme butlebutle ba tlohela ho haha motse. 9  Ke ka lebaka leo motse oo o ileng wa bitswa Babele*+ hobane ke moo Jehova a ileng a ferekanya puo ya batho bohle* mme Jehova a hasanya batho lefatsheng lohle. 10  Ena ke histori ya Sema.+ Sema o ne a le dilemo di 100 ha a eba le mora ya bitswang Arpakshade.+ E ne e le dilemo tse pedi ka mora Morwallo. 11  Ka mora hore Arpakshade a hlahe, Sema a phela dilemo tse 500 mme a ba le bara le baradi.+ 12  Ha Arpakshade a le dilemo di 35, a ba le mora ya bitswang Shela.+ 13  Ka mora hore Shela a hlahe, Arpakshade a phela dilemo tse 403 mme a ba le bara le baradi. 14  Ha Shela a le dilemo di 30, a ba le mora ya bitswang Ebere.+ 15  Ka mora hore Ebere a hlahe, Shela a phela dilemo tse 403 mme a ba le bara le baradi. 16  Ha Ebere a le dilemo di 34, a ba le mora ya bitswang Pelege.+ 17  Ka mora hore Pelege a hlahe, Ebere a phela dilemo tse 430 mme a ba le bara le baradi. 18  Ha Pelege a le dilemo di 30, a ba le mora ya bitswang Reu.+ 19  Ka mora hore Reu a hlahe, Pelege a phela dilemo tse 209 mme a ba le bara le baradi. 20  Ha Reu a le dilemo di 32, a ba le mora ya bitswang Seruge. 21  Ka mora hore Seruge a hlahe, Reu a phela dilemo tse 207 mme a ba le bara le baradi. 22  Ha Seruge a le dilemo di 30, a ba le mora ya bitswang Nakore. 23  Ka mora hore Nakore a hlahe, Seruge a phela dilemo tse 200 mme a ba le bara le baradi. 24  Ha Nakore a le dilemo di 29, a ba le mora ya bitswang Tera.+ 25  Ka mora hore Tera a hlahe, Nakore a phela dilemo tse 119 mme a ba le bara le baradi. 26  Ka mora hore Tera a phele dilemo tse 70, o ile a ba le bara. Mabitso a bona e ne e le Abrame,+ Nakore+ le Harane. 27  Ena ke histori ya Tera. Tera o ile a ba le bara ba bitswang Abrame, Nakore le Harane. Harane a ba le mora ya bitswang Lota.+ 28  Harane a shwella naheng ya Ure+ ya Bakalde+ moo a hlahetseng teng mme ntate wa hae Tera o ne a ntse a phela. 29  Abrame le Nakore ba ile ba nyala. Lebitso la mosadi wa Abrame e ne e le Sarai+ mme lebitso la mosadi wa Nakore e le Milka,+ moradi wa Harane. Harane e ne e le ntate wa Milka le Iska. 30  Sarai o ne a sa kgone ho ba le bana.+ 31  Tera a nka mora wa hae Abrame, ngwetsi ya hae Sarai mosadi wa Abrame le Lota setloholo sa hae,+ mora wa Harane. Ba tloha le yena Ure ya Bakalde ba ya naheng ya Kanana.+ Ka mora nako ba fihla Harane+ yaba ba dula teng. 32  Tera o ile a phela dilemo tse 205 yaba o shwella Harane.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ E bolelang “Pherekano.”
^ Ka Seheberu: “lefatshe lohle.”