Genese 1:1-31

  • Ho boptjwa mahodimo le lefatshe (1, 2)

  • Matsatsi a tsheletseng a ho lokisa lefatshe (3-31)

    • Letsatsi la pele: Lesedi, motshehare le bosiu (3-5)

    • Letsatsi la bobedi: Sepakapaka (6-8)

    • Letsatsi la boraro: Sebaka se ommeng le dimela (9-13)

    • Letsatsi la bone: Letsatsi, kgwedi le dinaledi (14-19)

    • Letsatsi la bohlano: Ditlhapi le dinonyana (20-23)

    • Letsatsi la botshelela: Diphoofolo le batho (24-31)

1  Qalong Modimo o ile a bopa mahodimo le lefatshe.+  Lefatshe le ne le se na sebopeho ebile le se na letho mme metsi* a ne a kwahetswe ke lefifi.+ Moya o halalelang wa Modimo*+ o ne o eya kwana le kwana hodima metsi.+  Modimo a re: “Lesedi le ke le be teng.” Lesedi la eba teng.+  Ka mora moo, Modimo a bona hore lesedi le molemo yaba Modimo o arola lesedi ho lefifi.  Modimo a bitsa lesedi Motshehare empa lefifi a le bitsa Bosiu.+ Ya eba mantsiboya mme ya eba hoseng, leo ya eba letsatsi la pele.  Yaba Modimo o re: “Ho ke ho be le sepakapaka+ pakeng tsa metsi mme metsi a ke a arohane le metsi.”+  Modimo a etsa sepakapaka mme a arola metsi a ka tlasa sepakapaka ho metsi a ka hodima sepakapaka.+ Ha eba jwalo.  Modimo a bitsa sepakapaka Lehodimo. Ya eba mantsiboya mme ya eba hoseng, leo ya eba letsatsi la bobedi.  Yaba Modimo o re: “Metsi a ka tlasa mahodimo a ke a bokellane sebakeng se le seng mme ho ke ho hlahe sebaka se ommeng.”+ Ha eba jwalo. 10  Modimo a bitsa sebaka se ommeng Lefatshe+ empa a bitsa metsi a bokellaneng Mawatle.+ Modimo a bona hore ho molemo.+ 11  Modimo a re: “Lefatshe le ke le hlahise jwang, dimela tse hlahisang peo le difate tse behang ditholwana le peo ho ya ka mefuta ya tsona.” Ha eba jwalo. 12  Lefatshe la hlahisa jwang, dimela tse hlahisang peo+ le difate tse behang ditholwana le peo ho ya ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore ho molemo. 13  Ya eba mantsiboya mme ya eba hoseng, leo ya eba letsatsi la boraro. 14  Yaba Modimo o re: “Ho ke ho be le letsatsi, kgwedi le dinaledi*+ sepakapakeng* ho arola motshehare le bosiu+ mme di tla tshwaya dinako tsa selemo, matsatsi le dilemo.+ 15  Di tla kganya sepakapakeng mme kganya ya tsona e fihle lefatsheng.” Ha eba jwalo. 16  Modimo a etsa letsatsi le kgwedi,* a etsa hore letsatsi le kganye motshehare+ mme kgwedi e kganye bosiu. A boela a etsa le dinaledi.+ 17  Modimo a di beha sepakapakeng hore di kganye lefatsheng 18  le hore di kganye motshehare le bosiu, di arole lesedi le lefifi.+ Modimo a bona hore ho molemo. 19  Ya eba mantsiboya mme ya eba hoseng, leo ya eba letsatsi la bone. 20  Yaba Modimo o re: “Ho ke ho be le dibopuwa tse ngata metsing mme dibopuwa tse fofang di ke di fofe sepakapakeng.”+ 21  Modimo a bopa diphoofolo tse kgolo tsa lewatle, diphoofolo tsohle tse nyenyane tse phelang e le sehlopha ka metsing ho ya ka mefuta ya tsona le dibopuwa tsohle tse fofang tse nang le mapheo ho ya ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore ho molemo. 22  Modimo a di hlohonolofatsa a re: “Atang le ngatafale mme le tlale mawatleng.+ Dibopuwa tse fofang le tsona di ke di ngatafale lefatsheng.” 23  Ya eba mantsiboya mme ya eba hoseng, leo ya eba letsatsi la bohlano. 24  Yaba Modimo o re: “Lefatshe le ke le be le diphoofolo ho ya ka mefuta ya tsona, diphoofolo tse ruuwang, diphoofolo tse hahabang* le diphoofolo tse hlaha ho ya ka mefuta ya tsona.”+ Ha eba jwalo. 25  Modimo a etsa diphoofolo tse hlaha ho ya ka mefuta ya tsona, diphoofolo tse ruuwang ho ya ka mefuta ya tsona le diphoofolo tsohle tse hahabang ho ya ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore ho molemo. 26  Yaba Modimo o re: “A re+ etse motho ya tshwanang le rona*+ mme a laole ditlhapi tsa lewatle, dibopuwa tse fofang,* diphoofolo tse ruuwang le phoofolo e nngwe le e nngwe e hahabang lefatsheng.”+ 27  Modimo a bopa motho ya tshwanang le yena,* a mo bopa hore a tshwane le Modimo, a bopa monna le mosadi.+ 28  Modimo a ba hlohonolofatsa a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatshe+ mme le le buse,+ le laole+ ditlhapi tsa lewatle le dibopuwa tse fofang le diphoofolo tse tsamayang lefatsheng.” 29  Yaba Modimo o re: “Ke le file dimela tsohle tse hlahisang peo lefatsheng lohle le difate tsohle tsa ditholwana tse hlahisang peo. E tla ba dijo tsa lona.+ 30  Diphoofolo tsohle tse hlaha, dibopuwa tsohle tse fofang le diphoofolo tsohle tse phelang tse lefatsheng, ke di file dimela tsohle tse tala hore e be dijo tsa tsona.”+ Ha eba jwalo. 31  Ka mora moo, Modimo a bona hore ntho e nngwe le e nngwe eo a e entseng e molemo haholo.+ Ya eba mantsiboya mme ya eba hoseng, leo ya eba letsatsi la botshelela.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “bodiba.”
Kapa: “matla ao Modimo a a sebedisang.”
Ka Seheberu: “sepakapakeng sa mahodimo.”
Ka Seheberu: “Ho ke ho be le mehlodi ya lesedi.”
Ka Seheberu: “a etsa mehlodi e mmedi ya lesedi.”
Ho ka etsahala hore di ne di akarelletsa dihahabi le mefuta e meng ya diphoofolo.
Ka Seheberu: “tse fofang mahodimong.”
Ka Seheberu: “ka setshwantsho sa rona.”
Ka Seheberu: “ka setshwantsho sa hae.”