Genese 2:1-25

  • Ka letsatsi la bosupa Modimo a phomola (1-3)

  • Jehova Modimo, Mmopi wa lehodimo le lefatshe (4)

  • Monna le mosadi serapeng sa Edene (5-25)

    • Motho o etswa ka lerole (7)

    • Sefate se sa lokelang ho jewa sa tsebo ya botle le bobe (15-17)

    • Ho boptjwa mosadi (18-25)

2  Modimo a qeta ho bopa mahodimo le lefatshe le dintho tsohle tse ho tsona.*+ 2  Ka letsatsi la bosupa, Modimo o ne a qetile mosebetsi wohle oo a neng a o etsa. Ka lona letsatsi leo, a phomola ka mora mosebetsi wohle oo a o entseng.+ 3  Modimo a hlohonolofatsa letsatsi la bosupa mme a re le a halalela hobane letsatsing leo o ile a phomola ka mora mosebetsi wohle oo a o entseng. 4  Ena ke histori ya ha ho ne ho etswa mahodimo le lefatshe, letsatsing leo ka lona Jehova* Modimo a neng a etsa lehodimo le lefatshe.+ 5  Ho ne ho eso ka ho eba le dihlahla le dimela lefatsheng hobane Jehova Modimo o ne a eso nese pula mme ho ne ho se na motho ya ka lemang. 6  Empa mohodi o ne o nyoloha fatshe mme o nosetsa lefatshe lohle. 7  Jehova Modimo a etsa motho ka lerole+ la lefatshe mme a budulela moya wa bophelo dinkong tsa hae e le hore a phele+ yaba motho o a phela.*+ 8  Ho ekelletsa moo, Jehova Modimo a lema serapa Edene,+ ho elella ka botjhabela mme a beha motho eo a mo entseng teng.+ 9  Jehova Modimo a medisa difate tsohle tse ntle le tseo ditholwana tsa tsona di ka jewang a ba a medisa sefate sa bophelo+ ha mmoho le sefate sa tsebo ya botle le bobe+ hara serapa. 10  Ho ne ho ena le noka e tswang Edene e nosetsang serapa seo mme ho tloha moo e ne e arohana e eba dinoka tse nne.* 11  Lebitso la noka ya pele ke Pishone. Ke yona e potolohileng naha yohle ya Havila, e nang le kgauta. 12  Kgauta ya naha eo e ntle. Ho na le mamina a sefate a nkgang ha monate* le lejwe la onikse moo. 13  Lebitso la noka ya bobedi ke Gihone, ke yona e potolohileng naha yohle ya Kushe. 14  Lebitso la noka ya boraro ke Hidekele,*+ ke yona e yang ka botjhabela ho Asiria.+ Lebitso la noka ya bone ke Eufrate.+ 15  Jehova Modimo a beha motho serapeng sa Edene hore a se leme le ho se hlokomela.+ 16  Jehova Modimo a fa motho taelo ena: “O ka ja ditholwana tsa difate tsohle tse serapeng hore o kgotsofale.+ 17  Empa ha e le sefate sa tsebo ya botle le bobe, o se ke wa ja ditholwana tsa sona hobane letsatsing leo ka lona o di jang, ka nnete o tla shwa.”+ 18  Yaba Jehova Modimo o re: “Ha ho hotle hore monna a be mong. Ke tla mo etsetsa mothusi ya mo tshwanelang.”*+ 19  Jehova Modimo o ne a entse diphoofolo tsohle tse hlaha le dibopuwa tsohle tse fofang* yaba o di tlisa ho motho ho bona hore na o tla di reha mabitso afe. Di ile tsa bitswa ka mabitso ao motho a ileng a di reha ona.+ 20  Motho a reha diphoofolo tsohle tse ruuwang mabitso le dibopuwa tse fofang le diphoofolo tsohle tse hlaha empa motho yena o ne a se na mothusi ya mo tshwanelang.* 21  Jehova Modimo a robatsa monna.* Ha a ntse a robetse, a nka e nngwe ya dikgopo tsa hae mme sebakeng seo a ntshitseng kgopo ho sona a kwahela ka nama. 22  Jehova Modimo a etsa mosadi ka kgopo eo a e nkileng ho monna yaba o mo tlisa ho monna.+ 23  Monna a re:“Jwale enwa ke lesapo la masapo a ka Le nama ya nama ya ka.O tla bitswa Mosadi Hobane o nkilwe ho monna.”+ 24  Ke ka lebaka leo monna a tla siya ntate wa hae le mme wa hae mme a kgomarele* mosadi wa hae, bobedi ba bona e tla ba nama e le nngwe.+ 25  Monna le mosadi wa hae ba ile ba dula ba sa apara.+ Le ha ho le jwalo, ba ne ba sa hlajwe ke dihlong.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

^ Ka Seheberu: “le makgotla ohle a tsona.”
^ Mona ke moo lebitso la Modimo le mo kgethollang ho medimo e meng yohle le hlahang ka lekgetlo la pele, יהוה (YHWH). Sheba Ntlha ya A4.
^ Ka Seheberu motho ke ne′phesh mme lentswe lena le bolela “sebopuwa se hemang.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “e fetoha dikarolo tse nne.”
^ Kapa: “Ho na le deliame.”
^ Kapa: “Tigris.”
^ Kapa: “mothusi hore e be motlatsi wa hae.”
^ Ka Seheberu: “tse fofang mahodimong.”
^ Kapa: “mothusi hore e be motlatsi wa hae.”
^ Kapa: “a robatsa monna boroko bo tebileng.”
^ Kapa: “a dule le.”