Fetela boitsebisong

Bibele e Re’ng ka ho Fana?

Bibele e Re’ng ka ho Fana?

Karabo ea Bibele

Bibele e re khothalletsa hore re ithaopele ho fana ’me re etse seo ka sepheo se nepahetseng. E bontša hore ho fana ho thabisa motho ea fanang le ea fuoang. (Liproverbia 11:​25; Luka 6:​38) Jesu o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela.”​—Liketso 20:35.

 Ho fana ho molemo ha ho le joang?

Ho fana ho molemo ha ho etsoa ka boithatelo. Bibele e re: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.”​—2 Bakorinthe 9:7.

Ho fana ho tsoa pelong ke karolo ea “mofuta oa borapeli” oo Molimo a o amohelang. (Jakobo 1:​27) Motho ea thusang motho ea hlokang o sebetsa mahetla a bapile le Molimo ’me o nka seo e le ho mo alima. (Liproverbia 19:​17) Bibele e ruta hore Molimo o tla buseletsa motho ea fanang.​—Luka 14:​12-​14.

 Ho fana ho fosahetse ha ho le joang?

Haeba ho etsoa ka sepheo se fosahetseng. Mehlala:

Haeba ho tšehetsoa lintho tseo Molimo a sa li amoheleng. E ka ba phoso ho fa motho chelete ea ho becha kapa ea ho sebelisa lithethefatsi le joala hampe. (1 Bakorinthe 6:​9, 10; 2 Bakorinthe 7:1) Ka tsela e tšoanang ho fosahetse ho thusa motho ea ka khonang ho iphelisa empa a sa batle ho sebetsa ka thata.​—2 Bathesalonika 3:10.

Haeba ho sitisa motho ho phetha boikarabelo boo Molimo a mo fileng bona. Bibele e ruta hore lihlooho tsa malapa li lokela ho hlokomela litlhoko tsa malapa a tsona. (1 Timothea 5:8) E ka ba phoso haeba hlooho ea lelapa e khetha ho thusa batho ba bang ho e-na le ho thusa lelapa la hae. Ka tsela e tšoanang Jesu o ile a nyatsa batho ba neng ba sa batle ho thusa batsoali ba bona ba holileng hobane ba re lintho tsohle tsa bona ke “mpho e nehetsoeng ho Molimo.”​—Mareka 7:​9-​13.