Sesotho (Lesotho)
‘Sireletsa Pelo ea Hao!’
/assets/ct/28ada02fb0/images/syn_placeholder_sqr.png
w12 5/1 leq. 32
‘Sireletsa Pelo ea Hao!’

‘Sireletsa Pelo ea Hao!’

Kopano ea Setereke ea Lipaki Tsa Jehova

SEHLOOHO SA LABOHLANO

“Ha e le Jehova, o Bona Seo Pelo e Leng Sona”—1 SAMUELE 16:7.

SEHLOOHO SA MOQEBELO

“Molomo o Bua ho Tsoa ho se Tletseng Pelong”—MATHEU 12:34.

SEHLOOHO SA SONTAHA

“Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng”—1 LIKRONIKE 28:9.

Bibele e bua ka pelo ka makhetlo a ka bang sekete. Hangata Mangolo a bua ka pelo ea tšoantšetso eseng ea sebele. Pelo ea tšoantšetso ke eng? Polelo ena e ka bolela botho bo ka hare ba motho—e leng seo motho a se nahanang, maikutlo a hae le lintho tseo a li ratang.

Ke hobane’ng ha re lokela ho sireletsa lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso? Molimo o ile a susumelletsa Morena Solomone hore a ngole tjena: “Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao, kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.” (Liproverbia 4:23) Bophelo boo re bo phelang hona joale le boo re bo lebeletseng nakong e tlang, bo itšetlehile ka boemo ba lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso. Hobane’ng? Hobane Molimo o bona se ka lipelong tsa rōna. (1 Samuele 16:7) Seo re leng sona ka hare, e leng “motho ea ka sephiring oa pelo,” ke sona seo Molimo a se shebang ho rōna.—1 Petrose 3:4.

Re ka sireletsa pelo joang? Karabo ea potso ena e tla tšohloa ka ho teba likopanong tseo Lipaki Tsa Jehova li tla li tšoara lefatšeng ho pota ho tloha mathoasong a khoeli eona ena. U mengoa ka mofuthu hore u be teng matsatsing ana ’ohle a mararo a kopano ena. * Seo u tla ithuta sona se tla u thusa hore u phele ka tsela e tla thabisa pelo ea Jehova Molimo.—Liproverbia 27:11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 11 E le hore u fumane hore na kopano e haufi le uena e tla tšoareloa hokae, sheba Websaete ea www.jw.org. U ka boela ua ikopanya le Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno kapa ua ngolla bangoli ba makasine ena.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

Photo on right: Aus dem Fundus der MÜNCHNER OLYMPIAPARK GMBH, München