Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Na Bakreste ba Lekholong la Pele la Lilemo ba ne ba Kopanela Lipolotiking?

Na Bakreste ba Lekholong la Pele la Lilemo ba ne ba Kopanela Lipolotiking?

▪ Pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a fa balateli ba hae litaelo tse hlakileng tsa kamoo ba lokelang ho etsa tšebeletso ea bona kateng, empa ha aa ka a re letho ho bona ka lipolotiki. (Matheu 28:18-20) Kahoo, barutuoa ba hae ba ile ba tsoela pele ho phela ka molao-motheo oo Jesu a ileng a fana ka oona pejana, o reng: “Lefang Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.”—Mareka 12:17.

Molao-motheo oo o ile oa thusa balateli ba Jesu joang hore ba phele lefatšeng empa e se karolo ea lona? Ba ne ba thusoa ke’ng ho khetholla lintho tsa ’Muso kapa Cesare, ho lintho tsa Molimo?

Moapostola Pauluse o ne a nka hore ho kopanela lipolotiking e ne e le ho tlōla taelo ea Jesu. Buka e bitsoang Beyond Good Intentions—A Biblical View of Politics, e re: “Pauluse o ne a ikemiselitse ho sebelisa tokelo ea hae ea ho ba moahi oa Roma ha a ne a batla tšireletso ea molao e mo tšoanelang, empa o ne a sa tšehetse maano a ’muso a mehleng eo.”

Pauluse o ile a fa Bakreste-’moho le eena tataiso efe? Buka eona eo e phaella ka ho re: “Mangolo a hae a eang ho balumeli ba metseng ea bohlokoa e kang Korinthe, Efese esita le Roma ha a bue letho ka litsekisano tsa lipolotiki.” Buka ena e boetse e bolela hore Pauluse “o laetse [Bakreste] hore ba ikokobeletse ’muso, empa ha ho kae kapa kae mangolong a hae a mangata moo a ileng a fana ka taelo leha e le ’ngoe ea hore kereke ea motse e thoholetse mekhatlo ea sechaba.”—Baroma 12:18; 13:1, 5-7.

Bakreste ba ileng ba phela mashome a lilemo ka mor’a lefu la Pauluse ba ile ba lula ba utloisisa phapang e teng pakeng tsa ho mamela Molimo le ho mamela ’Muso. Ba ile ba lula ba hlompha mebuso ea lipolotiki empa ba ne ba qoba ho kopanela mesebetsing e amanang le lipolotiki. Buka eo ea Beyond Good Intentions e re ka balumeli bao: “Le hoja Bakreste ba pele ba ne ba lumela hore ba lokela ho hlompha babusi, ba ne ba sa lumele ho kopanela litabeng tsa lipolotiki.”

Leha ho le joalo, hoo e ka bang lilemo tse 300 ka mor’a lefu la Kreste, lintho li ile tsa fetoha. Setsebi sa thuto ea bolumeli Charles Villa-Vicencio, se re: “Ha maemo a lipolotiki a fetoloa pusong ea Constantine, ho bonahala Bakreste ba bangata ba ile ba qala ho ba le seabo mesebetsing ea sechaba, sesoleng, le ho amohela litulo lipolotiking.” (Between Christ and Caesar) Phello e bile efe? Qetellong ea lilemo tsa bo-300 C.E., bolumeli boo bo kopaneng le lipolotiki e ile ea qetella e le bolumeli ba Naha ba ’Muso oa Roma.

Kajeno, malumeli a mangata a bolelang hore a latela Kreste a tsoela pele ho khothalletsa litho tsa ’ona ho kopanela lipolotiking. Leha ho le joalo, malumeli ao ha a etsise Kreste ebile ha a latele mohlala oa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo.