Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Letsatsi la Tšepo le la Lintho Tse Thabisang Tse Lebeletsoeng

Letsatsi la Tšepo le la Lintho Tse Thabisang Tse Lebeletsoeng

Kabo ea Mangolo ea bo130 ea Gileade

Letsatsi la Tšepo le la Lintho Tse Thabisang Tse Lebeletsoeng

HA HO pelaelo hore kabo ea mangolo ea sehlopha sa bo130 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower e ile ea etsa hore ho be le tšepo le lintho tse lebeletsoeng. Ka Moqebelo oa la 12 March, 2011, batho ba ka holimo ho 8 500 ba ile ba e-ba teng kabong ea mangolo, ho akarelletsa liithuti hammoho le ba malapa a tsona le metsoalle. Moea e ne e le o holimo ho bohle—ba sa thabela letsatsi leo feela empa ba thabetse le bokamoso ba baromuoa ba koetlisitsoeng hantle bao haufinyane ba neng ba tla romeloa lefatšeng ka bophara ho ea ruta batho ’nete ea Bibele.

‘Ho Thaba Bohle ba Lebeletseng’ Jehova

Mantsoe ao a tšelisang a nkiloeng ho Esaia 30:18, e ne e le sehlooho sa puo e neng e fanoa ke Geoffrey Jackson, setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova eo e neng e le molula-setulo oa lenaneo leo. Ka mofuthu le ka ho etsa metlae e seng mekae, o ile a babatsa liithuti ka hore ebe li khonne ho feta koetliso e boima ea Gileade ka katleho ’me a li bolella hore le hoja li batla li tšohile, letsatsi leo le lona le ka ’na la feta ka katleho. Ke lintho life tseo ho hlakileng hore liithuti li ka lebella ho tobana le tsona ka moso? O ile a bua ka lintho tse tharo tsa bohlokoa tse hlahang ho Esaia 30:18-21.

Ea pele, Mor’abo rōna Jackson o ile a re, “Le ka lebella hore Jehova o tla utloa lithapelo tsa lōna.” O ile a totobatsa tšepiso ena e hlahang temaneng ea 19: “Ruri [Molimo] o tla u bontša mohau ha mohoo oa hao o utloahala.” Ka mor’a ho hlakisa hore mona ka Seheberu Molimo o ne a bua ka ho mamela mohoo oa motho a le mong eseng sehlopha, Mor’abo rōna Jackson o ile a re Jehova o mamela lithapelo tsa rōna ka bomong. “Kaha ke Ntate oa rōna, Jehova ha ho mohla a keng a re, ‘Ke hobane’ng ha u sa be matla joaloka ’nyeo?’ Ho e-na le hoo, o mamela e mong le e mong ka hloko. Ebile oa araba.”

Ntlha ea bobeli, sebui se ile sa lumela hore re ka lebella ho kopana le mathata. “Jehova ha a re tšepise hore bophelo bo tla ba bonolo, empa o tla re thusa.” Joalokaha temana ea 20 e bontša, Molimo o ile a bolella Baiseraele esale pele hore ha ba thibelletsoe, mahlomola le khatello e ne e tla ba lintho tse tloaelehileng joaloka bohobe le metsi. Ho ntse ho le joalo, Jehova o ne a tla lula a itokiselitse ho pholosa batho bao ba hae. Liithuti tsa Gileade le tsona li tla kopana le mathata le liteko, le hoja ka ho toba e ke ke ea e-ba tseo ba li lebeletseng! Mor’abo rōna Jackson o ile a phaella ka ho re, “Empa le ka lebella hore Jehova o tla lula a le teng ho le thusa hore le sebetsane le teko e ’ngoe le e ’ngoe eo le tla thulana le eona.”

Ea boraro, Mor’abo rōna Jackson o ile a hopotsa liithuti seo temana ea 20 le 21 e se bontšang, a re: “Le lebelle hore le tla tataisoa—ka hona batlang tataiso!” O ile a re mehleng ena Mokreste e mong le e mong o lokela ho mamela ka hloko ha Jehova a bua le eena ka molaetsa o hlahang ka Bibeleng le ka lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Ka mofuthu sebui se ile sa khothalletsa liithuti hore li bale Bibele kamehla, kaha seo se tla li fa bophelo.

“Le ke le Oeloe ke Tšabo ea Jehova”

Anthony Morris, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a hlalosa se boleloang ke poleloana ena ea Mongolo e reng, “tšabo ea Jehova.” (2 Likronike 19:7) Mantsoe ana ha a bolele tšabo e tšosang motho ka ho feletseng, ho e-na le hoo, a bolela boikutlo bo tebileng ba ho batla ho etsa se nepahetseng hammoho le tlhompho e matla le ea sebele hoo motho a ka thothomelang. Mor’abo rōna Morris o ile a phehella liithuti ka matla, a re, “Lulang le e-na le tšabo eo le ha le le kabelong ea lōna ea boromuoa.” Ke joang ba ka bontšang Jehova tlhompho e joalo? Sebui se ile sa bua ka lintho tse peli tse ka ba thusang.

Ea pele, Mor’abo rōna Morris o ile a khothalletsa liithuti hore li sebelise keletso e hlahang ho Jakobo 1:19: “Le potlakele ho utloa, le liehe ho bua.” O ile a re liithuti li ithutile lintho tse ngata thupelong ena ea likhoeli tse hlano, empa li lokela ho ba hlokolosi hore ha li fihla kabelong ea tsona li se ke tsa ithorisa ka tsohle tseo li ithutileng tsona. O ile a re: “Le lokela ho mamela pele, mamelang phutheho eo le leng ho eona le ba etellang pele naheng eo le sebeletsang ho eona; mamelang seo ba le bolellang sona ka naha ea bona le meetlo ea eona. Le se ke la tšaba ho re, ‘Ha ke tsebe.’ Haeba thupelo eo le e fumaneng e hlile e thopothetse, joale ha le ntse le ithuta lintho tse eketsehileng ke hona le tla hlokomela hore na le tseba lintho tse fokolang hakaakang.”

Ea bobeli, Mor’abo rōna Morris o ile a bala Liproverbia 27:21: “Pitsa ea ho hloekisa ke bakeng sa silevera, ’me sebōpi ke bakeng sa khauta; ’me motho o kamoo thoriso ea hae e leng kateng.” O ile a hlalosa hore feela joalokaha khauta le silevera li hloka ho hloekisoa, re ka ’na ra hloekisoa ka ho rorisoa. Joang? Ho rorisoa ho ka etsa hore ho hlake hore na re batho ba mofuta ofe. Ho ka etsa hore re ikhohomose ’me re oe moeeng, kapa ho ka etsa hore re amohele hore re thusoa ke Jehova ’me re ikemisetse le ho feta hore re se ke ra mo siteloa. Ka hona, Mor’abo rōna Morris o ile a khothalletsa liithuti hore thoriso eo li tla e fuoa li e nke ka tsela e nepahetseng—e le monyetla oa ho bontša hore li na le “tšabo ea Jehova” e loketseng.

“Ratang Thōmo ea Lōna”

Guy Pierce oa Sehlopha se Busang, o ile a fana ka puo ea sehlooho ea lenaneo. O ile a tšohla sehlooho se ka holimo, a hlalosa hore lentsoe “moromuoa” le bolela “motho ea romeloang ho ea phetha morero o itseng.” O ile a hlalosa hore hase feela ho nang le baromuoa ba mefuta-futa hakana ba romeloang merero e fapa-fapaneng. Ba bangata ba romeloa ho ea folisa batho maloetse, ha ba bang bona ba romeloa ho ea fana ka tharollo ea lipolotiki mathateng a batho lefatšeng. O ile a re, “Lōna le fapane le bona.” Joang?

Ha liithuti li ntse li bala Bibele, li balile ka makhetlo a mangata moo ho ileng ha folisoa maloetse. Ha Jesu a ne a tsosa ngoanana e mong, batsoali ba hae ba ile “ba hlolloa haholo.” (Mareka 5:42) Ka tsela e tšoanang, ha lifofu tse itseng li ne li folisoa ka mohlolo, li ile tsa thaba haholo. Mabaka a mang a ho etsa mehlolo eo e ne e le ho re bontša mehleng ena hore na Kreste o tla etsa’ng lefatšeng le lecha le tlang, leo ka nako eo “bongata bo boholo” ba batho ba lokileng ba phonyohileng bofelo ba tsamaiso ena e khopo bo tla folisoa maloetse ’ohle. (Tšenolo 7:9, 14) Ha ba amohela batho bao ba ba ratang ba tsositsoeng bafung, ba tla be ba phetse hantle ’meleng. Nahana feela thabo e tla ba teng!

Leha ho le joalo, Mor’abo rōna Pierce o ile a hlalosa hore ho folisa batho ’meleng ha ho mohla e tla ba eona pholiso ea bohlokoa ka ho fetisisa. Batho bao Jesu a ileng a ba folisa ba ile ba boela ba kula ka mor’a nako. Batho bao a ileng a ba tsosa bafung ba ile ba shoa hape. Esita le lifofu tseo a ileng a li folisa li ile tsa boela tsa se ke tsa hlola li bona ha li se li shoele. Ntho ea bohlokoa haholo e ne e le pholiso ea moea eo Jesu a ileng a fana ka eona. Baromuoa ba Gileade le bona ba rongoa ho ea folisa batho moeeng. Ba thusa batho hore ba boelane le Ntate oa rōna ea leholimong e le hore ba phele moeeng. Ke ba fumaneng phekolo ea moea feela ba tla khona ho ba le bophelo bo sa feleng. Mor’abo rōna Pierce o ile a re, “Pholiso eo ea moea, ke eona e rorisang Molimo. E etsa hore u be ea atlehileng tšebeletsong.”

Lintlha Tse Ling Tse Tharo Tse Ileng Tsa Tšohloa Lenaneong

“Na Letsatsi Lee le Tla Tsamaea Hantle?” Robert Rains, e leng setho sa komiti ea lekala la United States, o ile a botsa potso eo e nakong. O ile a khothalletsa liithuti hore li tiise hore letsatsi le leng le le leng kabelong ea tsona ea boromuoa le tsamaea hantle ka ho sebelisa nako ea tsona ka bohlale, ka ho hlahloba Lentsoe la Molimo ha li tšoenyehile le ka ho itšetleha ka Jehova ka thapelo.

“Na le Tla Etsa Hore Lintho Tsa Khale li be Ncha?” Mark Noumair, eo e leng mokoetlisi oa Gileade, o ile a botsa potso eo puong ea hae. O ile a tšohla 1 Johanne 2:7, 8, moo moapostola Johanne a ileng a bua ka “taelo ea khale” eo e neng e boetse e le “taelo e ncha.” Ho tsona ka bobeli o ne a bua ka taelo e le ’ngoe—ea hore balateli ba Kreste ba ratane ka ho hloka boithati ’me ba itelle ba bang. (Johanne 13:34, 35) Taelo ena e ne e le ea khale ka hore e ne e fuoe balateli ba Jesu lilemong tse mashome tse fetileng ke Kreste ka boeena, leha ho le joalo, e ne e boetse e le ncha ka hore Bakreste ba ne ba tobane le liteko tse ncha, ka hona ba ne ba lokela ho bontšana lerato ka litsela tse ncha le tse khōloanyane. Baromuoa le bona ba tobana le maemo a macha, ka hona ba lokela ho ithuta ho bonahatsa lerato ka litsela tse ncha. Ba ka thusoa ke eng hore ba etse joalo?

Mor’abo rōna Noumair, o ile a re: “Le se ke la ba lintho tseo le sa li rateng.” O ile a lemosa hore haeba re bona ho etsoa lintho tseo re sa li rateng, leha ho le joalo le rōna re li etsa, re ba lintho tseo re sa li rateng, e leng hore re tla be re itematsa ka borōna. Ka lehlakoreng le leng, haeba ha re tobana le liteko tse joalo re fumana litsela tse ncha tsa ho bonahatsa lerato, re khantša “leseli la ’nete” ’me re felisa lefifi la moea.

“Jarang Thoto.” Mokoetlisi e mong oa Gileade, e leng Michael Burnett, o ile a tšohla sehlooho sena. O ile a bua ka batho ba libakeng tsa Afrika ba jarang lithoto tse boima hloohong. Ba sebelisa khare e le hore thoto e se ke ea kukunela le hore e tsitse, e leng se etsang hore ba tsamaee habobebe. Baromuoa ba Gileade ba tla ba le boikarabelo bo boima boo ba tla lokela ho bo jara likabelong tsa bona, empa ba filoe ntho e ’ngoe e ka tšoantšoang le khare: koetliso e matla e thehiloeng Bibeleng. Ha ba sebelisa seo ba ithutileng sona, moroalo oa bona o tla tsitsa ’me ba tla khona ho o jara hantle.

Liphihlelo le Lipuisano

Koetliso ea Sekolo sa Gileade e akarelletsa ho qeta nako e itseng tšebeletsong ea tšimo le liphutheho tse haufi tsa Lipaki Tsa Jehova. William Samuelson, molebeli oa Lefapha la Likolo Tsa Puso ea Molimo, o ile a tšohla sehlooho se reng, “U se ke ua Lumella Letsoho la Hao Hore le Phomole,” seo ho sona liithuti tse ling li neng li pheta liphihlelo. (Moeklesia 11:6) Liithuti li ile tsa etsa lipontšo tsa se ileng sa etsahala ha li ntse li sebetsa ka matla tšebeletsong, li sebelisa monyetla leha e le ofe oa ho bolela lifofaneng, lireschorenteng le likaracheng tsa peterole. Li ne li paka ka ntlo le ntlo, li qoqa le batho li bile li ngola mangolo. Ha e le hantle ha lia ka tsa lumella matsoho a tsona hore a phomole ’me li ile tsa khola litholoana tse molemo.

E mong oa basebetsi ba Gileade, e leng Kenneth Stovall, o ile a buisana le barab’abo rōna ba bararo bao e bileng baromuoa ka nako e telele—Barry Hill ea sebelelitseng Ecuador le Dominican Republic, Eddie Mobley ea sebelelitseng Côte d’Ivoire le Tab Honsberger ea sebelelitseng Senegal, Benin le Haiti. Ba ile ba tšohla sehlooho se reng “Lekang Jehova ’me le Fumane Litlhohonolofatso.” (Malakia 3:10) Ka mohlala, Mor’abo rōna Hill o ile a pheta hore na eena le mosali oa hae ba ile ba khona ho tloaela maemo a leholimo a Ecuador joang, kaha hoa chesa ebile ho lerole kapa ka linako tse ling hoa chesa ebile ho liretse. O ile a hopola hore ka lilemo tse peli le halofo ba ne ba sebelisa libakete ha ba hlapa. Empa ha ho mohla ba ileng ba nahana ho tloha moo, ba ne ba utloa hore kabelo ea bona ke tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova. O ile a re, “E ne e le bophelo ba rōna.”

Qetellong ea lenaneo, e mong oa liithuti o ile a bala lengolo le amang maikutlo le tsoang ho sehlopha se abeloang mangolo, le neng le bontša kamoo ba ananelang koetliso eo ba e fumaneng. Lengolo leo le ile la re: “Tumelo ea rōna e matlafalitsoe haholo, leha ho le joalo, rea tseba hore koetliso e ntse e tla tsoela pele.” Liithuti kaofela li ile tsa amohela mangolo a tsona eaba sehlopha se abeloa linaheng tse fapaneng. Mor’abo rōna Jackson o ile a phetha lenaneo ka ho tiisetsa liithuti hore li lebelle ho bona ha Jehova a li thusa bophelong ba tsona bo tlang, haholo-holo ha li thulana le liteko. Bohle ba neng ba le teng ba ile ba tsamaea ba e-na le tšepo ba bile ba lebeletse lintho tse thabisang. Ha ho pelaelo hore Jehova o tla sebelisa baromuoa bana ba bacha ho phetha mesebetsi e mengata e metle.

[Chate/’Mapa o leqepheng la 31]

LIPALO-PALO TSA SEHLOPHA

Palo ea linaha tse emetsoeng 9

Karolelano ea lilemo 34,0

Karolelano ea lilemo ba kolobelitsoe 18,6

Karolelano ea lilemo ba le tšebeletsong ea nako e tletseng 13,1

[’Mapa]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Sehlopha se abetsoe ho ea linaheng tse bontšitsoeng tlaase mona

LINAHA TSEO BA ABETSOENG HO TSONA

ARGENTINA

ARMENIA

BURKINA FASO

BURUNDI

CONGO (KINSHASA)

CZECH REPUBLIC

HAITI

HONG KONG

INDONESIA

KENYA

LITHUANIA

MALAYSIA

MOZAMBIQUE

NEPAL

PAPUA NEW GUINEA

ROMANIA

SENEGAL

TANZANIA

UGANDA

ZIMBABWE

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Sehlopha sa bo130 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abetsoeng Mangolo

Lethathamong le tlaase mona, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ho le letona moleng ka mong.

(1) Molina, Z.; Bassolino, S.; Alatsis, C.; Arroyo, A.; Niño, L.; Merkling, S.; Clark, M.

(2) Little, C.; Tibaudo, S.; Jakobsson, S.; Moreno, J.; Rodriguez, A.; Lee, K.; Cárdenas, H.; Aguilar, L.

(3) Clairbush, A.; Polley, A.; Caldwell, S.; Adame, J.; Hildebrandt, S.; Shoemaker, I.; Grohman, N.; Galvez, G.

(4) Clark, J.; Bassolino, A.; Packham, K.; Adame, J.; Knaus, M.; Niño, M.; Moreno, R.; Galvez, J.

(5) Rodriguez, D.; Geynes, M.; Molina, J.; Aguilar, A.; Alatsis, I.; Manno, A.; Grohman, R.; Packham, J.

(6) Geynes, S.; Cárdenas, M.; Arroyo, C.; Manno, C.; Merkling, J.; Lee, H.; Clairbush, X.; Jakobsson, P.

(7) Little, J.; Hildebrandt, B.; Shoemaker, M.; Knaus, K.; Caldwell, J.; Tibaudo, F.; Polley, C.