’Muso oa Molimo ke Eng?

’Muso oa Molimo ke Eng?

Ithute Lentsoe la Molimo

’Muso oa Molimo ke Eng?

Sehlooho sena se na le lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.

1. ’Muso oa Molimo ke Eng?

’Muso oa Molimo ke puso ea leholimo. O tla nkela mebuso e meng kaofela sebaka ’me o etse hore thato ea Molimo e phethoe leholimong le lefatšeng. Ka hona, ’Muso oa Molimo o tla rarolla bothata ba rōna ba ho hloka puso e molemo.—Bala Daniele 2:44; Matheu 6:9,10.

’Muso o tlameha ho ba le morena. Jehova o khethile mora oa hae Jesu hore e be morena oa ’Muso oa Hae.—Bala Luka 1:30-33.

2. Ke hobane’ng ha Jesu e le eena feela ea tšoanelehang ho ba ’Musi?

Mora oa Molimo ke eena feela ea tšoanelehang ho ba Morena hobane o mosa, ’me o khomarela se nepahetseng ebile o na le matla a lekaneng a ho thusa batho. (Matheu 11:28-30) Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a nyolohela leholimong ’me a qala ho leta ka letsohong le letona la Jehova. (Baheberu 10:12, 13) Qetellong Molimo o ile a mo fa matla a hore a qale ho busa a le leholimong.—Bala Daniele 7:13, 14.

3. Ke Bo-mang ba Tla Busa le Jesu?

Ke sehlopha se bitsoang “bahalaleli” seo Molimo a se khethileng hore se e’o busa le Jesu leholimong. (Daniele 7:27) Ba khethiloeng pele hore e be bahalaleli e bile baapostola ba Jesu ba tšepahalang. Ho fihlela hona joale Jehova o ’nile a tsoela pele ho khetha banna le basali ba tšepahalang hore e be bahalaleli. Ba tla tsosoa ka ’mele ea moea joaloka Jesu.—Bala Johanne 14:1-3; 1 Bakorinthe 15:42-45.

Ke batho ba bakae ba eang leholimong? Jesu o ile a ba bitsa “mohlatsoana.” (Luka 12:32) Qetellong palo ea bona e tla ba 144 000 ’me ba tla busa le Jesu lefatšeng.—Bala Tšenolo 5:9, 10; 14:1.

4. ’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa?

Jesu e ile ea e-ba Morena ka 1914. * Nakoana ka mor’a moo, o ile a lihela Satane le bademona ba hae lefatšeng. (Tšenolo 12:7-10, 12) Ho tloha ka nako eo, mathata a moloko oa batho a hloele mekoalaba. Lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, tlala, mafu a seoa hammoho le tlōlo ea molao ke tse ling tsa lintho tse tšoaeang hore tsamaiso ea hona joale ea lintho e matsatsing a eona a ho qetela. (2 Timothea 3:1-5) Bohle ba batlang ho rua molemo ’Musong oa Molimo ba tlameha ho ithuta ho ba balateli ba Morena, Jesu.—Bala Luka 21:7, 10, 11, 31, 34, 35.

5. ’Muso oa Molimo o Finyella Eng?

Ka mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle, ’Muso oa Molimo o se o ntse o thusa batho ba limilione ba tsoang lichabeng tsohle ho ithuta litsela tsa Molimo. (Matheu 24:14) O tla sireletsa “bongata bo boholo” ba bafo ba Jesu ba tšepahalang ha o timetsa tsamaiso ea lintho e khopo e teng hona joale lefatšeng.—Bala Tšenolo 7:9, 10, 13-17.

Nakong ea lilemo tse 1 000, butle-butle ’Muso oa Molimo o tla etsa hore lefatše e be paradeise. Qetellong Jesu o tla khutlisetsa ’Muso ho Ntate oa hae. (1 Bakorinthe 15:24-26) Na ho na le motho eo u mo tsebang eo u ka ratang ho mo bolella ka ’Muso oa Molimo?—Bala Pesaleme ea 37:10, 11, 29.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 8 le ea 9 ea buka ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 13 E le hore u fumane boitsebiso bo bontšang kamoo boprofeta ba Bibele bo supang selemo sa 1914, sheba leqephe la 215-218 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.