Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Batla Eng ho Rōna?

Jehova o Batla Eng ho Rōna?

Atamela ho Molimo

Jehova o Batla Eng ho Rōna?

Deuteronoma 10:12, 13

HASE kamehla ho leng bonolo hore motho a etse qeto ea hore na o tla mamela kapa che. Haeba mookameli a le khopo kapa a hatella bao a ba okametseng, ba ka ’na ba mo mamela feela hobane ba tlamehile. Leha ho le joalo, barapeli ba Jehova Molimo bona ba mo mamela hobane ba rata ho etsa joalo. Hobane’ng? E le ho araba potso eo, a re ke re hlahlobeng mantsoe a Moshe a fumanoang ho Deuteronoma 10:12, 13. *

Ha Moshe a akaretsa lintho tseo Molimo a li hlokang, o ile a botsa potso ena e thahasellisang: “Jehova Molimo oa hao o batla eng ho uena?” (Temana ea 12) Molimo o na le tokelo ea ho batla ntho leha e le efe ho rōna. Etsoe ke ’Musi Morena ebile ke Mohloli oa bophelo le ’Moloki oa bona. (Pesaleme ea 36:9; Esaia 33:22) Ha e le hantle, Jehova o na le tokelo ea ho re laela hore re mo mamele. Empa ha a batle ho re qobella hore re mo mamele. O batla eng ho rōna? O batla hore re mo ‘mamele ho tloha pelong.’—Baroma 6:17.

Re ka susumetsoa ke eng hore re mamele Molimo ka boithatelo? Moshe o ile a bolela lebaka le leng ha a re: “U tšabe Jehova Molimo oa hao.” * (Temana ea 12) Ena hase tšabo ea ho tlakasela ka lebaka la ho tšaba liphello tsa ho se mamele, empa ke tšabo e loketseng, e bontšang ho hlompha Molimo le litsela tsa hae. Haeba re tšaba Molimo ka tsela e mo hlomphang ka ho tebileng, re ke ke ra batla ho mo halefisa.

Leha ho le joalo, ntho e ka sehloohong e lokelang ho re susumelletsa hore re mamele Molimo ke efe? Moshe o re: “Rata [Molimo] le ho sebeletsa Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle.” (Temana ea 12) Ho rata Molimo ha ho bolele ho mo rata feela ka maikutlo. Buka e ’ngoe e re: “Maetsi a Seheberu a bontšang boikutlo, ka linako tse ling a ka bolela liketso tse etsoang ka lebaka la boikutlo boo.” Buka eona eo e re ho rata Molimo ho bolela “ho bontša ka liketso hore ua [mo] rata.” Ka mantsoe a mang, haeba re hlile re rata Molimo, re tla itšoara ka tsela eo re tsebang hore e ea mo thabisa.—Liproverbia 27:11.

Re lokela ho mamela Molimo ho fihlela hokae? Moshe o re: “U tsamaee litseleng tsohle tsa [Molimo].” (Temana ea 12) Jehova o batla hore re etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a batlang hore re e etse. Na ho mamela Molimo nthong e ’ngoe le e ’ngoe joalo ho na le moo ho ka re sitisang teng? Eo hase ntho e ka etsahalang.

Ho mamela Molimo ka boithatelo ho tla re tlisetsa litlhohonolofatso. Moshe o re: “U boloke litaelo . . . tseo ke u laelang tsona kajeno, molemong oa hao.” (Temana ea 13) Ruri taelo e ’ngoe le e ’ngoe ea Jehova—ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a batlang hore re e etse—e molemong oa rōna. Ho ne ho ke ke ha e-ba ka tsela e ’ngoe! Bibele e re “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Kahoo, o fane feela ka litaelo tseo a tsebang hore li tla re tsoela molemo ka ho sa feleng. (Esaia 48:17) Ho etsa sohle seo Jehova a batlang hore re se etse ho tla re qobisa matšoenyeho a mangata hona joale ’me ho tla etsa hore nakong e tlang re fumane litlhohonolofatso tse sa feleng Pusong ea hae. *

Ha ho tluoa tabeng ea seo Jehova a batlang hore re se etse, hore na motho u tla mamela kapa che, khetho e bohlale e ’ngoe feela. Ho mamela ka ho feletseng le ka boithatelo, ke eona khetho e nepahetseng kamehla. Botšepehi bo joalo bo re atametsa haufi le Jehova haholo, e leng Molimo ea lerato eo kamehla a re batlelang se molemo feela.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Le hoja mantsoe a Moshe a ne a leba ho Baiseraele ba boholo-holo, ha e le hantle aa sebetsa ho bohle ba batlang ho thabisa Molimo kajeno.—Baroma 15:4.

^ ser. 6 Bukeng eohle ea Deuteronoma, Moshe o hatisa taba ea hore ho tšaba Molimo e lokela ho ba molao-motheo o tataisang bophelo ba bahlanka ba Hae.—Deuteronoma 4:10; 6:13, 24; 8:6; 13:4; 31:12, 13.

^ ser. 9 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 3, e reng “Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?,” bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.