Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ananela Pula

Ananela Pula

Ananela Pula

PULA! Re ka etsa’ng ka ntle ho eona? Ke ’nete hore pula e ngata haholo e ka baka likhohola tse senyang. Hape batho ba phelang moo ho batang ho bileng ho lulang ho le mongobo hase kamehla ba thabelang pula ’me le libakeng tse ling linakong tse joalo tsa selemo batho ha ba e thabele. (Esdrase 10:9) Empa ho thoe’ng ka batho ba limilione ba lokelang ho mamella boemo ba leholimo libakeng tseo boholo ba nako ho lulang ho chesa, letsatsi le eme ’me pula e le sieo? Qetellong ha pula e na, e ba khatholla hona hoo!

Ho ne ho le joalo linaheng tseo ho buuoang ka tsona ka Bibeleng, tse kang libakeng tse bohareng ba Asia Minor, moo moapostola Pauluse a neng a etsa mosebetsi oa boromuoa teng. Ha Pauluse a ntse a le moo, o ile a bolella Balykaonia ba boholo-holo a re: “[Molimo ha aa] ka a itlohela ntle ho bopaki ka hore o ile a etsa se molemo, a le fa lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lōna ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.” (Liketso 14:17) Hlokomela hore Pauluse o buile ka pula pele, etsoe ntle ho eona, ha ho letho le neng le ka hōla ebile ho ne ho ke ke ha e-ba le “linako tse behang.”

Bibele e bua ho hongata ka pula. Mantsoe a Seheberu le a Segerike a bolelang pula a hlaha makhetlo a fetang lekholo ka Bibeleng. Na u ka rata ho tseba ho eketsehileng ka mpho ee e tsotehang, e leng pula? Hona na u ka rata ho ba le tumelo e tiileng ea hore Bibele e nepahetse litabeng tsa saense?

Seo Bibele e se Buang ka Pula

Jesu Kreste o ile a bua ka ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo ntle ho eona re ke keng ra fumana pula. Jesu o itse: “Ntat’a lōna ea leng maholimong . . . o chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Matheu 5:45) Na ua lemoha hore Jesu o buile ka letsatsi pele a bua ka pula? Ho loketse hore ebe o buile ka letsatsi pele hobane le fa limela matla a hore li hōle, hape le ntšetsa pele potoloho ea metsi lefatšeng. Mocheso oa letsatsi ke oona o etsang hore selemo le selemo, metsi a leoatle a ka etsang lik’hubiki-k’hilomithara tse 400 000 a fetohe mouoane o ka hlahisang pula. Ke ntho e utloahalang ho re Jehova Molimo ke eena ea bokellang metsi hore e be pula kaha ke eena ea bōpileng letsatsi.

Bibele e hlalosa potoloho ea metsi tjena: “Molimo . . . o hula marotholi a metsi; a rotha e le pula bakeng sa moholi oa hae, hoo maru a rothang, a rothela holim’a moloko oa batho ka bongata.” (Jobo 36:26-28) Lilemo tse likete ka mor’a hore ho ngoloe mantsoe ao a nepahetseng ho latela saense, motho o ’nile a nka nako e ngata a batla ho utloisisa potoloho ea metsi. Buka ea 2003 ea Water Science and Engineering, e re: “Le kajeno la ’majeno, batho ba ntse ba sa tsebe hantle hore na lerotholi la metsi le ba teng joang.”

Seo bo-rasaense ba se tsebang ke hore marotholi a pula a etsoa ke marotholi a manyenyane haholo marung. Marotholi ana a manyenyane haholo a lokela ho hōla ka makhetlo a milione kapa ho feta e le hore a ka tšoloha e se e le marotholi a pula. Sena se etsahala ka tsela e rarahaneng ’me se ka nka lihora tse ’maloa. Buka e ’ngoe ea saense e bitsoang Hydrology in Practice, e re: “Ho na le lithuto tse ngata tsa hore na marung marotholi a hōla joang ho fihlela e le pula ’me ba etsang lipatlisiso ba sa ntse ba tšoarehile ka mosebetsi oa ho bona hore na lithuto tseo ke ’nete kapa che.”

’Mōpi ea qapileng tsela eo pula e bang teng ka eona o ile a botsa Jobo lipotso tsena tse ileng tsa mo kokobetsa: “Na pula e na le ntate, kapa ke mang ea tsoetseng marotholi a phoka? Ke mang ea kentseng bohlale marung? . . . Ke mang ea ka balang maru hantle ka bohlale, kapa linkho tsa metsi tsa leholimo—ke mang ea ka li thulamisang?” (Jobo 38:28, 36, 37) Lilemo tse ka bang 3 500 hamorao, bo-rasaense ba ntse ba luba thanka ha ho tluoa lipotsong tsena tse thata.

Metsi a Potoloha a Tsoa Hokae?

Bo-rafilosofi ba Bagerike ba ile ba ruta hore metsi a pula hase oona mohloli oa metsi linōkeng, empa mohloli oa linōka ke metsi a leoatle ao ka tsela e itseng a phallang ka tlas’a lefatše ebe a runya litlhōrōng tsa lithaba. Mohlalosi e mong oa Bibele o re Solomone o ne a tšehetsa thuto eo. Nahana ka mantsoe ana a bululetsoeng a Solomone: “Melapo eohle e phoroselang ea mariha e phallela leoatleng, empa leha ho le joalo leoatle ha le tlale. Sebakeng seo melapo e phoroselang ea mariha e phallelang ho sona, e khutlela ho sona e le hore e ka phalla.” (Moeklesia 1:7) Na Solomone o ne a hlile a bolela hore ka tsela e itseng metsi a leoatle a nyoloha ka har’a lithaba hore e be mohloli oa linōka? E le ho araba potso ena, a re boneng hore na batho ba naheng ea habo Solomone ba ne ba lumela eng tabeng ea potoloho ea metsi. Na ba ne ba lumela likhopolo tseo tse fosahetseng?

Lilemo tse ka tlaase ho lekholo ka mor’a mehla ea Solomone, moprofeta oa Molimo, Elia, o ile a ntša tsebo ea hae ea hore na ho lebeletsoe hore pula e hlahe hokae. Mehleng ea hae, ho ile ha e-ba le komello e khōlō naheng ka lilemo tse fetang tse tharo. (Jakobo 5:17) Jehova Molimo o ile a otla batho ba hae ka tlokotsi ena hobane ba ne ba mo furaletse ’me ba rapela molimo oa pula oa Bakanana, e leng Baale. Empa Elia o ne a thusitse Baiseraele hore ba bake, ka hona, o ne a ikemiselitse ho rapella pula. Ha a ntse a rapela, Elia o ile a kōpa mohlanka oa hae hore a “talime ka nģa ea leoatle.” Eitse ha a bolella Elia hore “ho na le leru le lenyenyane le joaloka seatla sa motho le nyolohang leoatleng,” Elia o ile a tseba hore thapelo ea hae e arabetsoe. Ka potlako, “maholimo a fifatsoa ke maru le moea ’me ha qala ho na pula e ngata ea litloebelele.” (1 Marena 18:43-45) Ka hona, Elia o ile a bontša hore o utloisisa potoloho ea metsi. O ne a tseba hore maru a ne a tla ba teng holim’a leoatle ebe moea o a lebisa ka bochabela Naheng e Tšepisitsoeng. Le kajeno, naha ena e sa ntse e fumana pula ka oona mokhoa oo.

Lilemo tse ka bang lekholo ka mor’a hore Elia a rapelle pula, molemi e mong ea tloaelehileng ea bitsoang Amose, o ile a hatisa ntlha ea bohlokoa mabapi le mohloli oa potoloho ea metsi. Molimo o ile a sebelisa Amose hore a profete likahlolo tsa Hae khahlanong le Baiseraele hobane ba ne ba hatella mafutsana ba bile ba rapela melimo ea bohata. Amose o ile a re ba lokela ho ‘batla Jehova, ’me ba ’ne ba phele,’ haeba ba sa batle ho timetsoa ke Molimo. Joale Amose o ile a hlalosa hore Jehova ke eena feela ea lokelang ho rapeloa hobane ke ’Mōpi, “Ea bitsang metsi a leoatle, e le hore a ka a tšollela holim’a lefatše.” (Amose 5:6, 8) Hamorao, Amose o ile a pheta mantsoe ana a babatsehang a buang ka ho potoloha ha metsi le hore na a tsoa hokae. (Amose 9:6) Ka tsela eo, Amose o ne a bontša hore maoatle ke oona mohloli o ka sehloohong oa pula e nang lefatšeng.

Ka 1687, Edmond Halley o ile a paka hore ntlha ena e lumellana le saense. Empa ho ile ha nka nako pele batho ba ka mo kholoa. Encyclopædia Britannica Online, e re: “Ho fihlela mathoasong a lekholo la bo18 la lilemo batho ba ’nile ba lumela khopolo ea hore potoloho ea metsi Lefatšeng e etsoa ke ha metsi a leoatle a runya litlhōrōng tsa lithaba ebe aa theoha.” Kajeno, ’nete ea hore na metsi a potoloha a tsoa hokae e tsebahala hohle. Encyclopædia eo e boetse e re: “Metsi a leoatle a fetoha mouoane, ebe ha o fihla sepakapakeng, oa teteana o ntoo khutlela lefatšeng e se e le pula eo qetellong metsi a eona a phallelang linōkeng, ebe tsona li a khutlisetsa leoatleng.” Ho hlakile hore mantsoe a Solomone a tlalehiloeng ho Moeklesia 1:7, a buang ka potoloho ea metsi a pula, ha e le hantle a bua ka mokhoa oona oo oa hore ho be le maru ’me pula e ne.

See se Lokela ho U Susumelletsa ho Etsa’ng?

Taba ea hore bangoli ba sa tšoaneng ba Bibele ba hlalositse potoloho ea metsi ka tsela e nepahetseng joalo ke bo bong ba bopaki bo ikhethang ba hore Bibele e bululetsoe ke ’Mōpi oa batho, Jehova Molimo. (2 Timothea 3:16) Ke ’nete hore batho ba ile ba tšoara lefatše hampe ’me ho bonahala seo se fetotse tsela eo boemo ba leholimo bo leng ka eona, e leng ho etsang hore ho be le likhohola tse mpe libakeng tse ling, ha libakeng tse ling teng ho e-ba le komello. Empa khale koana ’Mōpi ea entseng potoloho ea metsi, e leng Jehova Molimo, o ile a tšepisa hore qetellong o tla kenella ’me a “felise ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.

Hajoale u ka etsa’ng ho bontša hore u ananela limpho tseo Molimo a re fileng tsona, tse kang pula? U ka etsa seo ka ho ithuta Lentsoe la hae, Bibele, le ho sebelisa seo u ithutileng sona bophelong. Joale u tla ba le tšepo ea ho pholohela lefatšeng le lecha la Molimo, moo u tla thabela limpho tsohle tsa Molimo ka ho sa feleng. Etsoe, ruri “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng” e tsoa ho Mohloli oa pula, e leng Jehova Molimo.—Jakobo 1:17.

[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

HO TETEANA HA MOUOANE

PULA

METSI A TSOANG LIMELENG

MOUOANE

METSI A PHALLANG

METSI A TLAS’A LEFATŠE

[Litšoantšo tse leqepheng la 16]

Ha Elia a ntse a rapela, mohlanka oa hae o ile a ‘talima ka nģa ea leoatle’