Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Sebelisa Chelete Hantle

Ho Sebelisa Chelete Hantle

Bibele e thusitse batho ba bangata hore ba se ke ba qoela ka har’a mathata a lichelete.

ETSA MORALO

MOLAO-MOTHEO: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo, empa ka sebele e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.”​—Liproverbia 21:5.

HO BOLELOA’NG? Ngola hore na u batla ho sebelisa chelete joang ebe u latela ntho eo u e ngotseng. Nahana pele hore na u batla ho etsa’ng ka eona pele u ka qala ho e sebelisa. E sebelise hantle, u hopole hore ha se lintho tsohle tseo u li batlang tseo u ka khonang ho li reka.

U KA ETSA’NG?

  • Etsa moralo oa ho sebelisa chelete. Ngola lintho tsohle tseo u li hlokang ebe u li beha ka mekhahlelo, joaloka ka lijo, liaparo, bolulo le tse ling. Ha u qeta, sheba hore na u batla ho sebelisa chelete e kae bakeng sa mokhahlelo ka mong. Haeba u sebelisitse chelete e ngata ho feta eo u neng u nahanne hore u tla e sebelisa, u ka tlatsa ka e mokhahlelong o mong. Mohlala, haeba u sebelisitse chelete e ngata haholo bakeng sa mafura a koloi, u ka nka e ’ngoe eo e seng ea lintho tsa bohlokoa hakaalo e kang eo u neng u e behetse ho intša ka eona.

  • Qoba ho etsa likoloto. U se ke oa kalima chelete le ha ho sa hlokahale. U ka mpa oa boloka chelete e le hore u tle u reke lintho tseo u li hlokang. Haeba u sebelisa credit card, patala chelete eo u e kolotang kaofela mafelo a khoeli e le hore u se ke oa tl’o patala tsoala. Haeba u na le sekoloto, ngola hore na u tla se patala joang ebe u tšepahalla ntho eo u e ngotseng.

    Lipatlisiso li bontša hore ha motho a sebelisa credit card, o reka le lintho tseo a sa li hlokeng. Kahoo haeba u na le eona, e sebelise hantle.

QOBA MEKHOA E MEBE

MOLAO-MOTHEO: “Ka lebaka la mariha ea botsoa a ke ke a lema, o tla kopa nakong ea kotulo, empa ho tla be ho se na letho.”​—Liproverbia 20:4.

HO BOLELOA’NG? Motho a ka futsaneha ka lebaka feela la botsoa. Kahoo, sebetsa ka thata, u boloke chelete eo u tla e sebelisa ka moso.

U KA ETSA’NG?

  • Sebetsa ka thata. Ha u sebetsa ka thata, mohiri oa hao u tla u rata a be a batle hore u lule u sebetsa le eena.

  • Tšepahala. U se ke oa utsoa mosebetsing. Ha u sa tšepahale mosebetsing, u tla iketsetsa lebitso le lebe ebile ha ho na motho ea tla u hira.

  • U se ke oa ba meharo. Ha u lula u batla chelete e ngata u ke ke oa phele hantle ebile u tla senya setsoalle sa hao le batho ba bang. U lokela ho hopola hore chelete ha se eona ntho ea bohlokoa haholo-holo bophelong.

MELAO-MOTHEO E MENG

Bala Bibele inthaneteng, e fumaneha ka lipuo tse makholo ho jw.org/st.

U SE KE OA LUMELLA HORE MEKHOA E MEBE E U JELLE NAKO LE CHELETE.

“Etsoe letahoa le monyollo ba tla futsaneha, ’me ho otsela ho tla apesa motho maharasoa.”​—LIPROVERBIA 23:21.

U SE KE OA ITŠOARISA HLOOHO KA CHELETE.

“Khaotsang ho tšoenyeha ka meea ea lona hore na le tla ja’ng kapa le tla noa’ng, kapa ka ’mele ea lona hore na le tla apara’ng.”​—MATHEU 6:25.

U SE KE OA BA MONA.

“Motho ea mona o lelekisa ho rua, empa ha a tsebe hore bohloki bo tla mo oela holimo.”​—LIPROVERBIA 28:​22. NWT *

^ ser. 23 NWT e emela phetolelo ea morao-rao ea New World Translation of the Holy Scriptures.