Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Laola Maikutlo

Ho Laola Maikutlo

Bibele e re eletsa hore re laole maikutlo a rona hobane haeba re sa a laole re ka ba kotsing.

BOHALE

MOLAO-MOTHEO: “Ea liehang ho halefa o molemo ho feta monna ea matla.”​—Liproverbia 16:32.

HO BOLELOA’NG? Re ka itsoela molemo haeba re khona ho laola maikutlo a rona. Le hoja ka linako tse ling ho ka bonahala eka re halefetse ntho e utloahalang, haeba feela re sa laole maikutlo re ka qetella re kene khathatsong. Lipatlisiso li bontša hore hangata ha motho a futha ke bohale a ka bua kapa a etsa lintho tseo hamorao a ka ikoahlaelang tsona.

U KA ETSA’NG? U se ke oa lumella hore bohale bo u laole. Batho ba bang ba nahana hore motho ea lulang a halefile ke mohale empa bonneteng motho eo ke lekoala. Bibele e re: “Motho ea sa thibeng moea oa hae, o joaloka motse o thuhiloeng, o se nang lerako.” (Liproverbia 25:​28) E le hore re khone ho laola bohale, re lokela ho etsa bonnete ba hore re tseba taba ka mahlakore a mabeli. “Temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae.” (Liproverbia 19:​11) Haeba re se re tseba lintlha kaofela, ho tla ba bonolo hore re se ke ra halefa.

HO LEBOHA

MOLAO-MOTHEO: “Le iponahatse le le ba lebohang.”​—Bakolose 3:15.

HO BOLELOA’NG? Ha u itloaetsa ho leboha u tla lula u thabile. Le batho ba nang le mathata ba lumela taba ena, ho sa tsotelle hore na ba hlokahalletsoe kapa ba lahlehetsoe ke ntho e ’ngoe ea bohlokoa. Ba re ba thusoa ke ho ananela lintho tseo ba nang le tsona ho fapana le ho touta ka mathata.

U KA ETSA’NG? Mantsiboea a mang le a mang nahana hore na ke eng e u thabisitseng letsatsing leo ebe oa leboha. Ha ho hlokahale hore e be lintho tse mohlolo. U ka ananela le lintho tseo ho bonahalang eka li nyane tse kang botle ba ha letsatsi le chaba, ho qoqa le motho eo u mo ratang kapa hore feela u tsohile u phela. Haeba u ananela lintho tsena u ka thaba bophelong.

U ka boela oa thusoa ke ho nahana hore na ke lintho life tseo u li ratang ka beng ka uena le metsoalle. Haeba ho na le ntho eo u e ratang ka motho e mong, mo bolelle, u ka mo ngolla lengolo kapa oa mo etsetsa molaetsa. U tla thabisoa ke ho tseba hore ho na le ntho e ntle eo u e etselitseng batho ba bang ebile le bona ba tla u rata.​—Liketso 20:35.

MELAO-MOTHEO E MENG

U ka daonlouda Bibele e rekotiloeng ka puo eo u e batlang. E fumaneha ka lipuo tse 40 ho jw.org/st

QOBA LIKHANG.

“Tšimoloho ea ho hloka kutloano e joaloka ea bulelang metsi, kahoo pele qabang e qhoma, u itsamaele.”​—LIPROVERBIA 17:14.

TLOHELA HO TOUTA KA HORE NA HO TLA ETSAHALA’NG HOSANE.

“Kahoo, le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona. Letsatsi ka leng le lekanoa ke bobe ba lona.”​—MATHEU 6:34.

U SE KE OA NKOA KE MAIKUTLO.

“Matla a ho nahana a tla u lebela, temoho e tla u sireletsa.”​—LIPROVERBIA 2:11.