Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U sa Hopola?

Na U sa Hopola?

Na u ile oa bala limakasine tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? Haeba ho joalo, na u ka araba lipotso tse latelang?

Ke hobane’ng ha batsoali ba falleletseng linaheng tse ling ba lokela ho ela hloko puo eo bana ba e buang e le hore ba ba thuse ho ba le kamano e ntle le Jehova?

Ha bana ba le sekolong kapa hae, ho bonolo hore ba ithute puo e buuoang naheng eo le falleletseng ho eona. Ho ka ba molemo hore ba tsebe bonyane lipuo tse peli. Batsoali ba lokela ho tseba hore na bana ba bona ba khona ho utloa puo efe hantle ha ba le libokeng e le hore ba tle ba rue molemo. Na ba utloisisa puo e buuoang moo kapa puo ea habo bona? Batsoali ba Bakreste ba lokela ho nka kamano ea bana ba bona le Jehova e le eona e tlang pele bophelong.—w17.05, maq. 9-11.

Jesu o ne a bua ka’ng ha a re ho Petrose: “Na U Nthata ho Feta Tsee?” (Joh. 21:15)

Jesu o ne a botsa Petrose hore na o rata mosebetsi oa ho tšoasa litlhapi ho mo feta. Ka mor’a hore Jesu a shoe, Petrose o ile a boela mosebetsing oa hae oa ho tšoasa litlhapi. Bakreste ba lokela ho ipotsa hore na kamano ea bona le Jehova e bohlokoa ho feta mosebetsi.—w17.05, maq. 22-23.

Ke hobane’ng ha Abrahama a ile a kopa Sara hore a tle a re ke khaitseli ea hae? (Gen. 12:10-13)

Ha e le hantle, Sara e ne e le khaitseli ea Abrahama. Hoja Sara o ile a re Abrahama ke monna oa hae, ba ka be ba ile ba bolaea Abrahama ’me peo e tšepisitsoeng e ne e ke ke ea e-ba teng.—wp17.3, maq. 14-15.

Elias Hutter o ile a etsa’ng ho thusa batho ba batlang ho ithuta Seheberu?

O ne a batla hore batho ba tsebe mantsoe le litlhaku tsa Seheberu tse hlahang ka Bibeleng. Kahoo, o ile a thusa liithuti tsa hae ka hore ebe o ile a qapa mokhoa o motle oa ho kopitsa kapa ho hatisa mongolo, e leng oa ho ngola litlhaku tsa Seheberu ka tsela e hlakileng. Ho entsoe ntho e tšoanang ha ho etsoa Phetolelo ea Lefatše le Lecha.—wp17.4, maq. 11-12.

Na ho loketse hore Mokreste a be le sethunya bakeng sa ho itšireletsa khahlanong le batho ba bang?

Jehova o nka bophelo bo halalela. Hape, Jesu ha aa ka a re balateli ba hae ba itšireletse ka lisabole. (Luka 22:36, 38) Re lokela ho fetola lisabole tsa rona hore e be mehoma. Bophelo bo bohlokoa ho feta maruo. Re lokela ho hlompha maikutlo a batho ba bang ’me re be mehlala e metle ho bona. (2 Bakor. 4:2)—w17.07, maq. 31-32.

Ke hobane’ng ha buka ea Matheu le ea Luka li fapana ha li bua ka bophelo ba Jesu?

Matheu o ne a bua haholo ka Josefa. O buile ka tsela eo Josefa a ileng a ikutloa ka eona ha a utloa hore Maria ke moimana. A boela a bua ka molaetsa oo Josefa a ileng a o fuoa oa hore a balehele Egepeta eaba hamorao oa khutla. Luka eena o bua haholo ka Maria. O ile a bua ka mohla Maria a etetseng Elizabetha. A boela a bua ka tsela eo a ileng a ikutloa ka eona ha Jesu a le tempeleng.—w17.08, leq. 32.

Ke joang Lentsoe la Molimo le ileng la tšoarella?

Puo e ’nile ea fetoha ha nako e ntse e e-ea. Kahoo, le mantsoe a sebelisitsoeng ka Bibele a ’nile a fetoha. Baeta-pele ba lekile ho thibela phetolelo ea Lentsoe la Molimo. Batho ba bang le bona ba ne ba sa batle hore e fetolelloe lipuong tse tloaelehileng.—w17.09, maq. 19-21.

Na motho e mong le e mong o na le lengeloi la hae?

Che. Ha Jesu a re mangeloi a bona sefahleho sa Molimo o ne a hlakisa hore mangeloi a rata motho e mong le e mong ea etsang thato ea Molimo. (Mat. 18:10) O ne a sa bolele hore motho e mong le e mong o na le lengeloi le mo sireletsang.—wp17.5, p. 5.

Lerato la ’nete ke le joang?

Lerato la ’nete e leng a·gaʹpe le lokela ho lumellana le melao-motheo ea Bibele. Le re susumelletsa ho etsetsa batho ba bang lintho tse molemo ’me re ba bontše hore rea ba rata. Empa lerato le joalo le lokela ho hloka boikaketsi. —w17.10, p. 7.