Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Khetho ke ea Hao

Khetho ke ea Hao

KHETHA HORE NA BOPHELO BA HAO BO TLA BA JOANG NAKONG E TLANG. Batho ba bang ba nahana hore ha Molimo a re bopa, o ne a se a ntse a rerile hore na bophelo ba rona bo tla ba joang. Haeba ba hloleha ho etsa lintho tseo ba neng ba rerile ho li etsa, ba nka hore Molimo o ne a sa batle ha ba li etsa. Ba re e ne e se thato ea hae.

Batho ba bang baa nyahama ha ba hlokomela hore ha ho na ntho eo re ka e etsang ho felisa lintho tse bohloko tse re hlahelang. Le hoja ba leka ka matla ho phela hamonate, lintho tse kang lintoa, bokebekoa, likoluoa tsa tlhaho le ho kula li ba sitisa ho thaba. Ba qetella ba bona ho se na thuso.

Hangata hoa etsahala hore maemo a re sitise ho phetha lintho tseo re li rerileng. (Moeklesia 9:11) Empa taba ke hore qetellong motho e mong le e mong oa ikhethela hore na o tla phela joang nakong e tlang. Le Bibele e tiisa taba ena, ebile sehloohong sena re tl’o ithuta hore na e re’ng ka eona.

Pele Baiseraele se kena Naheng e Tšepisitsoeng, Molimo o ile a bua le bona a sebelisa Moshe, a re: “Ke behile bophelo le lefu ka pel’a lōna, tlhohonolofatso le thohako; le khethe bophelo e le hore le tsoele pele le phela, lōna le bana ba lōna, ka hore le rate Jehova Molimo oa lōna, le mamele lentsoe la hae ’me le mo khomarele.”​Deuteronoma 30:15, 19, 20.

“Ke behile bophelo le lefu ka pel’a lōna, tlhohonolofatso le thohako; le khethe bophelo.”​—Deuteronoma 30:19

Molimo o ile a lopolla Baiseraele bokhobeng naheng ea Egepeta eaba o ba fa monyetla oa ho phela ba thabile Naheng e Tšepisitsoeng. Ho ne ho sa tl’o itlela feela tjee hore ba hlohonolofatsoe, empa ba ne ba lokela ho ‘khetha bophelo.’ Ba ne ba tla ‘khetha bophelo’ ka hore ba ‘rate Molimo, ba mamele lentsoe la hae ’me ba mo khomarele.’

Le rona hona joale re ka ikhethela hore na re batla ho phela ka tsela efe. Re ka khetha ho phela Paradeiseng re sa shoe ka hore re rate Molimo, re mo mamele re be re mo khomarele. Re ka etsa lintho tsee ka tsela efe?

HO RATA MOLIMO

Ntho e kholo eo Molimo a tsebahalang ka eona ke lerato. Bibele e re: “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Ke kahoo Jesu a ileng a re taelo e kholo ke ena: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.” (Matheu 22:37) Re ba metsoalle ea Molimo hobane re mo rata, eseng hobane re mo tšaba. Empa ke hobane’ng ha re lokela ho mo rata?

Jehova o re rata feela joalokaha batsoali ba rata bana ba bona. Le hoja batsoali ba e-na le sebe, ba rata bana ba bona, baa ba khothatsa, baa ba thusa ebile baa ba khalemela hobane ba batla hore ba thabe. Ba etsa joalo hobane ba batla hore bana ba ba rate ba be ba ba hlomphe, eseng hore ba ba patale. Ka tsela e tšoanang, lintho tsohle tseo Jehova a re etsetsang tsona, o li etsa hobane a batla hore re mo rate.

HO MO MAMELA

Hangata ka Bibeleng ho mamela ho akarelletsa ho hlompha. Ka linako tse ling le ha motsoali a re ngoana a mo mamele, oa be a bolela hore a mo hlomphe. Rona mehleng ena re hlompha Molimo ka hore re ithute Bibele le hore re mamele melao ea hae.—1 Johanne 5:3.

Jesu o ile a bontša hore na ho bohlokoa hakae ho mamela Jehova ka hore a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Matheu 4:4) Ho ithuta ka Jehova ho bohlokoa haholo feela joalokaha ho ja ho le bohlokoa. Ho bohlokoa hoo Morena Solomone a ileng a re: “Bohlale ke tšireletso joalokaha chelete e le tšireletso; empa molemo oa tsebo ke hore bohlale bo boloka ba nang le bona ba phela.” (Moeklesia 7:12) Ho tseba Jehova ho tla re sireletsa ho be ho re thuse ho ba bohlale re tsebe ho ‘khetha bophelo.’

HO MO KHOMARELA

Ho na le papiso eo ho builoeng ka eona sehloohong se fetileng moo Jesu a ileng a re: “Heke e isang bophelong e moqotetsane le tsela e isang teng e patisane, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.” (Matheu 7:13, 14) Ha re tsamaea tseleng e tjena, re hloka motho ea tla lula a le pel’a rona ho re tataisa haeba re batla ho fumana bophelo bo sa feleng. Kahoo, re lokela ho lula re le metsoalle ea Molimo. (Pesaleme ea 16:8) Joale re ka etsa’ng hore re lule re le metsoalle ea hae?

Ho na le lintho tse ngata tseo re lokelang ho li etsa le tseo re batlang ho li etsa letsatsi le letsatsi. Lintho tseo li ka re phathahanya hoo re ka hlokang nako ea ho nahanisisa ka hore na Molimo o batla hore re etse’ng. Ke kahoo Bibele e reng: “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekele nako e loketseng, hobane matsatsi a khopo.” (Baefese 5:15, 16) Re tla lula re le metsoalle ea Molimo haeba re nka setsoalle sa rona le eena e le ntho e bohlokoa ka ho fetisisa bophelong.—Matheu 6:33.

KHETHO KE EA HAO

Re ke ke ra khona ho fetola lintho tseo re li entseng khale, empa re ka khetha ho phela hamonate nakong e tlang. Bibele ea re tiisetsa hore Jehova o re rata haholo hape oa re bolella hore na a ka thabela ha re etsa’ng. Moprofeta Mikea o ile a re:

“Uena motho oa lefatše, o u boleletse se molemo. Jehova o batla eng ho uena haese hore u sebelise toka u rate mosa ’me u inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao?”​Mikea 6:8.

Ho ho uena ho khetha hore na u tla tsamaea le Molimo ’me u fumane bophelo bo sa feleng.