Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Rapela ho ka U Thusa Joang?

Ho Rapela ho ka U Thusa Joang?

Pamela o ne a tšoeroe ke kankere ’me o ne a hloka thuso ea lingaka. Leha ho le joalo, o ile a rapela Molimo hore a mo fe matla a ho mamella ho kula. Na thapelo e ile ea mo thusa?

Pamela o re: “Ha ke ntse ke okoa kankere, ke ne ke ee ke ikutloe ke tšohile haholo empa ha ke ne ke rapela Jehova Molimo, ke ne ke khoba matšoafo ’me ke ne ke khona ho mamella bothata boo ke sa tšoha letho. Ke ntse ke opeloa, empa leha ho le joalo, thapelo e nthusa hore ke se ke ka nyahamisoa ke bokuli ba ka. Ha batho ba mpotsa hore na ke ikutloa joang ke re, ‘ke ntse ke kula, empa ke thabile!’ ”

Re ke ke ra emela hore re kulele lefu kapa re hlaheloe ke ntho e se kaa ka letho pele re ka rapela. Kaofela ha rona re hlaheloa ke mathata a maholo le a manyenyane ’me hangata re hloka thuso ea hore re sebetsane le ’ona. Na thapelo e ka re thusa?

Bibele e re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa. Le ka mohla a ke ke a lumella ea lokileng hore a therekele.” (Pesaleme ea 55:​22) Mantsoe aa a khothatsa hakaakang! Joale thapelo e ka u thusa joang? Ha u rapela Molimo ka tsela e nepahetseng, o tla u fa seo u se hlokang e le hore u sebetsane le mathata a hao.​—Sheba lebokose le re’ng “ Thapelo e ka U Thusa Joang?”